sotho.2563.joyous
Joyous Celebration
Ba tlisa thabo lefatsheng
DILEMONG tse leshome Joyous Celebration e bile thebe ya bodumedi. Ha e bina sebayeng e hapa maikutlo a batho mme le dialbamo tsa yona di atisa ho fihlela maemo a platinum.
Maikemisetso a maholo a sehlopha sena se neng se thehwe ke Jabu Hlongwane, Mthunzi Namba le Lindelani Mkhize, e ne e le ho ntshetsapele talente ya batjha.
"Re neha ditho tsa rona thupello e ikgethang, re ba leotse mantswe mminong," ho hlalosa Namba, molaodi wa mmino sehlopheng sena.
"Ba boetse hape ba rupellwa le ho tsa kgwebo."
Brian Makiwane le Vicky Vilakazi, ba kileng ba tshelela mose ho mawatle le sehlopha sena ba ba ba sielana sebaya le dikakapa tse kang Quincy Jones le Michael Jackson mme ke ba bang ba ba nang le degree mminong sehlopheng sena.
"Ke ne ke qale khampane ya ka ya ho hatisa ka boiphihlelo boo ke bo fumaneng ho Joyous Celebration mme hape ka tswelapele le mmino wa ka wa mosollane," ho rialo Vilakazi.
Ya bintshang sehlopha sena, Jabu Hlongwane, eo e leng moruti, o bolela hore ho hlahisa talente ya batjha mminong ke se mo thabisang ka Joyous Celebration.
"Ke thabela mmino wa bona ke ba bona ho TV, ke ba mametse seyalemoyeng kapa ba le kae feela."
"Leha ditho tsa sehlopha sa rona di etsa tumellano ya dilemo tse pedi, empa leano la rona la ho ntshetsapele talente ya mmino batjheng le ntse le tswelapele," ho hlalosa Lindelani Mkhize.
"Leha re ntse re tshehetsana ka Lentswe la Modimo mona, empa ha o qobellwe hore o be mopholoswa hore o be setho sa sehlopha."
Empa Joyous Celebration dibakeng tse ding e a nyatswa hobane ho thwe e nyenyefatsa Modimo.
"Bao ba nahanang hore ke phoso ho tjeka ha o le MoKreste, ba etsa phoso," ho rialo Hlongwane. "Modimo o kgothaletsa batho ho tjeka, ho bina le ho letsa diletsa." [s]
BONA SESOTHO - January 2007
Ke dilemo tse leshome ba le temeng mme ba ntse ba matlafala...
KA HODIMO LE KATLASE: Konsareteng ya Joyous Celebration - ba thabisa batho ka mmino wa bona.
pale ka TEDDY GOMBA
