sotho.254.niggles
Boimana
E QADILE tsela e yang botswading. O hlile ha o itsebe, o ikutlwa o kgotsofofetse, o thabile, o na le tshepo ka nako e nngwe o ikutlwa o tshohile.
Boimaneng ba hao bohle, o tla ikutlwa ka ditsela tse fapafapaneng e leng ntho e tlwaelehileng mme sena se a fapana basading ka ho fapana hape ha se mathata.
Ho bohlokwa ho hopola hore o tlameha ho phela ka tsela e bolokehileng bakeng sa hao le lesea la hao.
Ke ana maele a ho emelana le a mang a mathata o ka bang le ona.
Mokokotlo o bohloko
Mokokotlo o bohloko ke ntho e tlwaelehileng boimaneng mme hangata ho bakwa ke boima ba mmele haholoholo thekeng, seemo sa mmele kapa hona ho nolofala ha mesifa.
Tharollo: Ha o inama, mokokotlo o tlameha ho dula o otlolohile, koba mangole feela. Leka ka hohlehohle hore o dule o le seemong se setle - leka ho se iname kgafetsa, o qobe le dieta tse phahameng. Iphe phomolo ka mora ho ema nako e telele mme o kope ho sidilwa mokokotlo.
Mathata a senya
Ho saroloha ha popelo ho etsa hore o rote kgafetsa mme basadi ba bangata ba qetella ba se ba sa kgone le ho tshwara moroto.
Tharollo: Dula o nwa metsi. Ho fellwa ke metsi mmeleng ha se tharollo ya ho rota kgafetsa, sena se ka bakela hore o be le mathata a mang a mangata a bophelo a kenyeletsang le bodutu.
Se senye nako ha o utlwa hore o tshwerwe ke moroto. Haeba o utlwa ho tjhesa ha o rota, tseba hore o na le tshwaetso e itseng, ka hoo, bonana le ngaka kapa o ye tliliniking.
Se dule o koloantse maoto kapa o apare diaparo tse o tiisang hobane seo se ka tiisa methapo ya senya mme wa ba le tshwaetso.
Marenene a tswang madi
Ha o le moimana, mmele wa hao o ba le madi a mangata a qetellang a o ruruhisitse le hona ho nolofatsa marenene. Sena se ka baka hore ho be teng dijo tse bokellanang tlasa marenene e leng se ka qetellang se bodisitse meno.
Tharollo: Sebedisa borashe bo bonolo mme hape o se ke wa tiisa ha o borosola. Sebedisa meriana ya ngaka ya ho hlwekisa meno mme o etele ngaka ya meno kgafetsa. Hlahloba dijo tseo o di jang ho bona hore na di na le yona Vitamin C e anetseng e hlokahalang bakeng sa ho fodisa maqeba. Sebedisa meriana ya ho itsukunya ho qeta lephoka la madi haeba marenene a hao a tswa madi.
Ho pipitlelwa
Mala a bonojwana mme ka nako ya boimana a a saroloha o ikutlwe o pipitletswe.
Tharollo: Eja dijo tse nang le ditlheferetsi tse ngata jwalo ka dijo tse ditlhoka, ditholwana le meroho o nwe le metsi a mangata.
Ho fetofetoha ha maikutlo
Maikutlo a a fetofetoha, o thabe, o be le ho qeaqea o qetelle hape o se o tshohile. Ka nako e nngwe o qetelle o se o lla.
Tharollo: Tseba hore sena ke ntho e tlwaelehileng. Dumella maikutlo, o lle ha ho hlokahala. Fumana tshehetso metswalleng le ho ba lelapa, bonyane o be le motho eo o ka mo qoqelang lekunutu la hao. Hlokomela dijo tseo o di jang hobane ha o sa je ka nepo, maemo a ka mpefala.
Ho tsekela hlooho
Jwalo ka ha sekgahla sa madi se ntse se nyoloha, le di-hormone tse nyollang kgatello ya madi popelong di phomotsa methapo ya madi ho thibella kgatello. Ho thotofala hoo ha methapo ya madi ho ka theola sekgahla sa ho phalla ha madi mme seo se ka baka hore motho a akgehe ha a ka phahama ka potlako.
Tharollo: Se eme nako e telele. Hlapa ka metsi a phodileng a ke keng a nyolla motjheso wa mmele mme o nne o hemele hodimo. Se fetwe ke nako ya dijo. Nka leha e le diseneke ho leka ho boloka tswekere ya hao e le maemong.
Mokgathala
Ena ke ntho e tlwaelehileng dibekeng tse 8-10 tsa boimana. Mohlomong sena se ka bakwa ke ho se je ka nepo, ho ba le boima bo boholo haholo ba mmele kapa hona ho se robale hantle.
Dikgweding tsa ho qetela tsa boimana, mathata ana a boima ba mmele esitana le ho se robale a ka o kgathatsa haholo.
Tharollo: Nka mosamo, o phomole kgafetsa ha ho hlokahala. Fokotsa mesebetsi ya hao ya letsatsi. Eja dijo tse phepo e ntle. Enwa metsi a mangata hobane ho fellwa ke metsi mmeleng ho ka o bakela mokgathala.
Methapo ya marao
Methapo ya marao e a ruruha mme ho be bohloko ha o dula. Sena se bakwa ke kgatello ya lesea kapa hona ho pipitlelwa.
Tharollo: Eja dijo tse ditlheferetsi jwalo ka ditholwana, meroho mme hape o nwe le metsi a mangata ho thibela ho pipitlelwa. Hlatswa karolo e amihileng ka metsi a futhumetseng haeba e na le seso.
Lesokolla le ho pipitlelwa
Lesokolla le ho pipitlelwa e ba karolo ya bophelo ba hao dikgweding tsa ho qetela tsa boimana ka lebaka la kgatello mpeng.
Tharollo: Phema dijo tse hadikilweng, tse dinoko kapa acid e ngata. Eja hanyane, kgafetsa, o se jele sa mpanaphahloha. Se nwe letho nakong eo o jang. O same mosamo o moholo ha o robala mme o se ke wa sebedisa meriana e qetang acid ka mpeng ntle le keletso ya ngaka.
Ho fadimeha
Haeba o robetse o se na botsitso, o a hlobaela. Ntle le mathata a ho hola ha mpa, o ka nna wa fufulelwa, o kerempe maoto, o tsoswe ke ho raha ha lesea mme o rote kgafetsa e leng se tla boela se o hlobaetsa.
Tharollo: Iphe nako ya phomola, o hlape ka metsi a futhumetseng ha o robala mme o tshehetse mpa, mokokotlo le maoto ka mosamo.
Matswele a qhitsang
Ke ntho e tlwaelehileng hore matswele a tswe lero. Hape e ntse e le ntho e tlwaelehileng leha a sa tswe lero leo! Ho qhitsa le ho se qhitse ha matswele, ha ho amane le ho nyantsha ha hao.
Tharollo: Kenya di-pad tsa matswele ka hara boti bakeng sa ho monya mongobo mme o hlatswe mofufutso oo ka metsi a futhumetseng. (O ka sebedisa sesepa ha o rata).
Ho kerempa maoto
Dikerempe di ka bakwa ke ho hloka calcium kapa hona ho se phalle ha madi maotong.
Tharollo: Netefatsa hore o ja dijo tse nang le calcium mme hape o se apare diaparo tse thibelang ho phalla ha madi maotong. Ha o honyela, itshidile kapa o behe ntho e futhumetseng moo o honyelang. Ha o honyela mangoleng, a kobolle mme menwana yona o e shebise hodimo.
Ho nyekelwa ke pelo le ho hlatsa
Basadi ba bang ha ba nyekelwe ke pelo ha ba bang bona ba atisa ho nyekelwa. Ha se hangata mathata ana a tswelang pele, ha ho etsahetse a tswelapele, o tlameha ho ya sepetlele. Hangata sena se fela ka kgwedi ya bone.
Tharollo: Qoba dijo tse mafura, acid kapa tse dinoko di ngata. Atisa ho ja dijo tse se nang dinoko ho thibela ho nyekelwa ke pelo. Enwa seno ha o qeta ho ja, e seng nakong eo o jang ka yona. Haeba o nyekelwe ke pelo ha o tsoha hoseng, eja di-crackers kapa toast. Ka phirimana teng, diseneke di ka ba molemo. Qoba kwae kapa leha e le lefe feela lephoka le ka bakelang ho nyeka ha pelo.
Mokola
Ho nyoloha ha sekgahla sa madi mmeleng, ho ka o bakela mokola.
Tharollo: Netefatsa hore o ja dijo tse nang le Vitamin C hore o boloke di-tissue di phetse hantle le maqeba a kgone ho fola kapele. Mina o itlotse hanyane ka vaseline ka dinkong pele o robala.
Ho fellwa ke moya
O tla hloka oxygen e ngata ka lebaka la lesea leo o le immeng le ka lebaka la boima boo mmeleng wa hao o bo jereng.
Tharollo: Ithute hore o nne o hemele hodimo hore o tsebe ho hema moya o mongata. Fetofetoha mme o fokotse le mesebetsi ya hao ya letsatsi.
Ho ruruha ha maqaqailana
Jwalo ka ha madi a phalla butle ka nako ena, sena se ka etsa hore mmele o boloke lero. Ho ja dijo tse letswai ho ka eketsa ho ruruha.
Tharollo: Qoba ho ja dijo tse letswai esitana le ho ema nako e telele. Ha o phomotse, otlolla maoto.
Lero sethong sa sesadi
Ka nako ya boimana, ho na le lero le tswang sethong sa sesadi ho se hlwekisa le ho thibella tshwaetso. Mongobo oo wa teng, o nyolla menyetla ya hore setho sena se tshwaetsehe ke kokwanahloko ya yeast. Mongobo ona hape, o etsa hore letlalo lena le pakeng tsa setho sa sesadi le sebono le tabohe nakong eo motho a belehang.
Tharollo: Sebedisa dipenti tsa tshwele, o qobe ho tena tse o tiisang hobane di ka kgutlisetsa lero leo ka hare. Di pantie-liner di ka thusa ho moya mongobo mme ha ho etsahala, o ka nna wa robala o sa e tena penti. Ha o robala, itlhape ka metsi feela moo "sethong sa sesadi" hobane sesepa se ka o omeletsa. Haeba o ba le tshwaetso, ikopanye le ngaka kapa o ye tliliniking ya heno ka potlako hobane tshwaetso ena ya yeast e ka tshwaetsa lesea nakong eo le belehwang. [s]
BONA SESOTHO - February 2006
Itlwaetse ho nna o hemela hodimo ho leka ho fumana oxygen e ngata ka moo o ka kgonang.
O hloka BOTSITSO
A mang mathata a tlwaelehile, o se kgathatsehe ka ona
e bokeleditswe ke PRIMROSE WILLIAMS
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
BONA SESOTHO - February 2006
u
t
Mathata a tlwaelehileng
