sotho.2548.harvard
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho ka FRANS DELY/AVIATIONDIMENSION.COM
Bakganni ba difofane ba Afrika Borwa ba re bontsha lebaka le etsang hore ba balellwe hara ba bang ba pele lefatsheng...
SHEBA ditshwantsho tsena tse makatsang! Ke ka meso mane Klipdrif Dam, haufi le Joburg... Motshwasi wa ditlhapi ya neng a be lehlohonolo la ho ba moo ka nako eo o ne a bone masa-a-kokometse....
Difofane tsa T6 Harvard di sesa ka metsing!
Difofane tsena ke tsa Sehlopha sa Flying Lions Aerobatic. Bakganni ba tsona bona ba ne ba etelletswe pele ke Scully Levin, Arnie Meneghelli, Stewart Lithgow le Ellis Levin.
Sena se ne se tjhaetswe monwana ke ba ha South African Civil Aviation Authority. Hape e tsheheditswe ke Castrol Aviation ho bile ho hlophisitswe le dikoloi tsa bakudi le dingaka mme basesi ba le malala-a-laotswe.
"Seo re se entseng kajeno," ho bolela Arnie Meneghelli wa Academy Brushware, monga sefofane, "ke ketsahalo ya pele lefatsheng. Hona ho bontsha hore bakganni ba difofane ba Afrika Borwa ba ballwa hara ba bang ba pele lefatsheng lohle."[s]
BONA SESOTHO - July 2006
Setaele sa SA
Se e leke hohang lapeng!
KA HO LE LETSHEHADI:Di a kena... ka bonolo le hona!
KA HODIMO: Di ka metsing!
Tsena tsa ha Harvards mohlomong di se di tsofetse empa di sa ntse di etsa mosebetsi ka bokgabane.
BONA SESOTHO - July 2006
