SOTHO.2544.africa
Cape Verde
Motlotlo wa Boafrika - 39
e bokeleditswe ke WALTON GOLIGHTLY
naha e demokrasi e tsetsitseng
THE Republic Of Cape Verde - kapa Republica De Cabo Verde, jwalo ka ha e bitswa - e ka lewatleng le ka bophirima, dikilomitara tse 620 ho tloha Cape Vert, bophirima ba Afrika. Sebaka sena se na le dihlekehleke tse ngata tse ka bang leshome, tseo ho tsona ho fokang moya.
Ka leboya re ka bala Santo Antão, São Vicente, Santa Luzia, São Nicolau, Sal, le Boa Vista.
Ka borwa teng re ka bala São Tiago, Brava, Fogo, le Maio.
Ntle le komello le leqeme la dihlahiswa tse tala, naha ya Cape Verde ke e nngwe ya dinaha tsa Afrika tse nang le demokrasi e tsetsitseng.
Motsemoholo - Praia
Mabatowa - 17 bomasepala: Boa Vista, Brava, Maio, Mosteiros, Paul, Praia, Porto Novo, Ribeira Grande, Sal, Santa Catarina, Santa Cruz, Sao Domingos, Sao Filipe, Sao Miguel, Sao Nicolau, Sao Vicente, Tarrafal
Boemo ba lehodimo - ho futhumetse, ho omme, pula e na ka dinako tse sa tshwaneng.
Tumelo - Bokreste
Nako ya bophelo - banna: dilemo tse 67; basadi: dilemo tse 74
Puo ya semmuso - Sepotoketsi
Tjhelete - Cape Verdean escudo
Naha
Boholo ba yona: 4 033 square kilometres.
Bongata ba dihlekehleke tsa moo di ratwa ke bolekano - tse tharo di dibakeng tse sekoting tse kang la Sal, Boa Vista, le Maio - ho tletse dithaba mme hape ho bulehile diforo ka lebaka la kgoholeho esitana le tsona dibolekano.
Dimela di qadikane haholo, hara tsona re ka bala dihalahala, makgala le tse ding dimela tse melang sebakeng sa komello.
Diphoofolo di mmalwa haholo, hara tsona re ka bala mekgodutswane, diapi, matsa le dinonyana.
Batho
Bongata ba batho ba naha ena (dipersente tse 71) ke Maafrika esitana le ba Yuropa mme ba bitswa Creoles, kapa mestiços.
Methwaela e meng yona ke Maafrika.
Ka 2005, palo ya batho ba Cape Verde e ne e ballwa ho 410 000, e leng se bolelang hore ke batho ba 100 ho square kilometre ka seng.
Dipersente tse 44 tsa bona di dula mahaeng. Dijalong tsa mona re ka bala panana, mabele, dinawa patata, mmoba, kofi le matokomane.
Palo ya batho mona e hola ka sekgahla, ka hoo, batho ba ba ngata ba a baleha sehlekehlekeng sena ka lebaka la komello.
Badudi ba ka bang 600 000 ba naha eo, e leng palo e ka hodimo ho ba dulang naheng eo, ba dula dinaheng tse kantle!
Dihlekehleke tse ding
Praia, motsemoholo wa naha, o shehlekehlekeng sa São Tiago, e leng sona se seholo ho feta. Ka borwa ho sa São Tiago, ke sa Tarrafal e leng sa bobedi ka boholo, se tummeng ka mawatle a sona.
São Vicente ke sehlekehleke sa bobedi ka bohlokwa Cape Verde mme ho sona, ke moo ho phelang modimo wa naha eo, Mindelo. Dikepe tse fetang moo lebopong la Mindelo, e leng moo lewatle le tebileng, di kgona ho kgefutsa moo hobane ho na le sebaka se nang le mabenkele a dijo, dibara le di-nightclub tse betere ho feta tsa Praia.
Mathata ka metsi
Jwalo ka ha re se re boletse, sebaka sena se na le dihlekehleke tse ngata tse majweng tseo ho leng boima ho fumaneha metsi ho tsona.
Ke dipersente tse 65 feela tsa batho ba Cape Verde tse kgonang ho fumana metsi a hlwekileng.
Ho fela ha makgulo le leqeme la patsi ke a mang mathata.
... le dithethefatsi
Dithethefatsi tse tlohang Amerika le Asia di lebisitswe ka bophirima ho Yuropa, di feta moo Cape Verde. Empa ho se be le tsela e nepahetseng ya tshebediso ya tjhelete, ho etsa naha ena e be le mathata a tjhelete.
Sehlekehleke sena se tseleng ya dikepe, ka hoo, ho sona ho na le indasteri e kgolo e lokisang dikepe
BONA SESOTHO - October 2005
Dipersente tse 80 tsa ba dilemong di ka hodimo ho 15 ba tseba ho bala le ho ngola
GALLO IMAGES
Letswai le rashwa Sal, Boa Vista, le Maio. Majwe a bolekano le ona iswa dinaheng tse ding bakeng sa ho etsa samente
BONA SESOTHO - October 2005
Sehlekehleke letsatsing
Peleng, dihlekehlekeng tsena ho ne ho phela batshwasi ba ditlhapi ba Senegal pele ho fihla ba Yuropa.
Ka 1945, sebaka sena ha bolelwa e le sa Mapotoketsi mme makgoba ho tswa dinaheng tse ding tsa Afrika, a tliswa mona.
Ka mora katleho ya sebaka sena, dinokwane tsa mawatleng le bahlasedi ba dinaha tsa kantle tse kang - Manyesemane, Maburu estiana le Mafora - a qala ho hlasela sebaka seo dilemong tse makgolo tse latelang.
E ne e re ho ba ho fediswe thekiso ya makgoba, dilemong tsa bo 1800, setumo sa naha eo sa fokotseha
E seng jwalo ka dinaha tsohle tsa Afrika tse neng di laolwa ke Mapotoketsi, sehlekehleke sena sona se ne se nkwa jwalo ka lebatowa la mose ho mawatle, ka 1951.
Hape Cape Verde, yona ha e kaba ya ba le meferefere e mengata pele ho fihlela e fumana boipuso ka 1970.
Ka mora katleho e kgolo ya Portugal ka Mmesa 1974, tlhase ya tokoloha ya bonahala sehlekehlekeng seo mme mohla 5 Phupu, 1975, naha eo ya fumana boipuso.
Mopresidente wa pele wa Cape Verde e ne e be, Aristides Pereira, mme tlasa puso ya hae, nahe eo e ne e buswa ke mokga o le mong wa dipolotiki o neng o sa tsamaisane le melao ya matjhaba empa leha ho le jwalo e ntse e tshepetse thusong ya dinaha tsa ka bophirima.
Ka 1990, diphetoho di ne di qale naheng eo mme ha thehwa le moifo wa palamenteng mme ha ba le dikgetho tsa pele tsa tokoloho tse neng di hatjwe ke Onteiro ka Hlakola 1991.
Mokga wa hae - MPD - o ne o buse dilemo tse leshome kaofela moo ka 1996 o neng o nkele matla a mangata a puso ho ona. Ka 2001, mokga ona wa hlolwa ke wa PAICV, o neng o busa pele.
Ka Hlakubele, Pedro de Verona Rodrigues Pires wa PAICV a kgethwa ho ba mopresidente wa naha a hlola sera sa hae Carlos Veiga wa MPD, ka dintlha tse 17.[s]
Projeke ya BONA
