sotho.2538.legendsaug
Oliver Tambo
Dilemong tse 50 a le dipolotiking, Oliver Tambo o bapetse tema e kgolo dikarolong tsohle tsa ntwa ya tokoloho ya mokga wa ANC mme hape o ne a ewa a tsoha le mokga nakong eo ba neng ba ngadile naheng ena...
BA MO tsebang ba re e ne e le motho ya mosa, ya bohlale a bile a le pelonolo, ke bua ka e mong wa baetapele ba tummeng ba ANC, Oliver Reginald Tambo. "Tlhompho ya hae mothong ohle ke yona e mo tumisitseng haholo," ho rialo Luli Callinicos eo e leng setsebi sa nalane ya setjhaba. O ne a kgone ho etellapele ANC nakong ya mathata kantle ho naha ena.
Comrade OR, jwalo ka ha ba ne ba mmitsa, o ne a hlahe mohla la 27 Mphalane, 1917, mane Mbizana ka botjhabela ho sebaka sa Maphoto, a tswalwa ke Mzimeni ho mohatsae wa boraro Julia.
"Motse wa lapeng o ne o hlile o le moholo. Ntate o ne a na le basadi ba bane mme basadi ba hae kaofela mmoho le bana ba teng ba ne ba utlwana."
Nakong eo Tambo a neng a se a hodile a se a kgona ho disa, ke ha molao o neng o qobella banna ho sebetsa o kena le sebakeng sa habo. Tlhankana e tshesane e ne e tsamaya dikilomitara tse 25 ho leba dikantorong tse neng di hira batho ba tla sebetsa merafong ya mashala KwaZulu-Natal mmoho le ya kgauta mane Gauteng. Boabuti ba Tambo bona ba ne ba se ba sebetsa.
Wilson, abutia Oliver, o ne a tshwarwe ke lefuba nakong eo a neng a sebetsa femeng ya tswekere mme a tlameha ho kgutlela lapeng. Ka 1929, abutia Oliver, Zakele mmoho le malomae, ba ne ba timele mane Dannhauser morafong wa mashala.
Bohlokwa ba thuto
Leha Mzimeni Tambo e ne e le motho wa setso, empa o ne a tseba bohlokwa ba thuto mme a netefatsa hore Oliver o ya sekolong. Empa Oliver o qadile ka ho se tswafa.
"Thaka tsa ka di ne di tshetse noka ya Umtamvuna ho ya sebetsa Natala," ho hopola yena. Ba bang ba kgutla e se e le dinatlahadi.
"Ba ne ba sa le banyane, empa nna ke ntse ke le sekolong. Ke ne ke nahane ho baleha le nna ke yo sebetsa dijareteng kapa masimong a mmoba. Ke ne ke tla sebetsa ke tlise tjhelete batswading ba ka jwalo ka ba bang."
Ha Oliver a le dilemo di 11, o ne a kopane le ngwana e mong wa mokgatlo wa dingangisano wa sekolong se seng. O ne a kgahlwe ke tsela eo moshemane enwa a neng a bua Senyesemane ka yona mme sena sa fetola maikutlo a Oliver thutong. E ne e le senotlolo bokgoning, tokolohong esitana le ho imatlafatseng.
Tambo jwale a kgothala le sekolong a sebetsa betere a leboha tshehetso ya boabutiae mmoho le mekgatlo ya Englane e sa sebeletseng phaello. O ne a qete dithuto tsa hae mane Joburg - a fumana basari ya ho ya ithuta Fort Hare.
Ke ha a kopana le Nelson Mandela. Ka bobedi ba lelekwa yunivesithing ka lebaka la ho hlophisa mohwanto wa baithuti - ka mora moo Tambo a fumana mosebetsi wa ho ruta dipalo sekolong seo a neng a ithuta ho sona mane Joburg.
ANC e ntjha
Mane setsing sa toropo ya Joburg, mmileng wa Diagonal, ho ne ho na le kantoro e rekisang matlo ya Walter Sisulu. Matitjhere, maqwetha, baqolotsi ba ditaba le boramahlale kaofela ba ne ba kgobokana kantorong ena. Ka le leng Tambo le yena a etela Sisulu.
Mona kantorong ya Sisulu o ne a kopane le ba bang boramahlale ba sa leng banyane ba kang Anton Lembede, AP Mda, Jordan Ngubane esitana le mphato wa hae wa Fort Hare - Nelson Mandela.
Tambo ke e mong wa bathehi ba mokgatlo wa batjha wa ANC a ena le Walter Sisulu mmoho le Nelson Mandela.
ANC e ne e ikemiseditse ho hlahisa tletlebo ya yona ka mehwanto. Mokgatlo ona wa batjha wa bona hore seo ha se a lekana ho ka hlahisa ditabatabelo tsa bona, ke ha bona ba rera ho etsa sena ka mokgwa wa mehwanto le diteraeke.
Tambo o ne a tlohele botitjhere ka mora hore ba amohele leano leo la bona la mehwanto mme ba kopana le Nelson Mandela. Ena ya ba kantoro ya maqwetha a batho ba hlokang ba se nang tjhelete ya ho lefa esitana le ona mahlatsipa a kgenthollo.
Ka 1955 e ne e be mongodi kakaretso wa ANC ka mora hoba mmuso o ne o hanyeditse Walter Sisulu ho ikamanya le mosebetsi o kang oo tlasa molao o bitswang Suppression Of Communism Act.
Chief Albert Luthuli e ne e le yena mookamedi wa ANC.
Hona ka selemo seo, ho ne ho phatlalatswe Freedom Charter, e neng e bontsha tlhokeho ya demokrasi Afrika Borwa. OR e ne e le setho sa komiti ya phethahatso e neng e ngola tokomane eo.
Selemong se latelang, Luthuli, Mandela, Sisulu le ba bang ba 152 ba tshwarwa ka lebaka la ho hlokisa naha botsitso. Empa ka mora ho hlahella ha kgutshwane lekgotleng, OR le Morena Luthuli ba lokollwa.
Hona ka nako ena, ho bolela yena Collinicos, OR o ne a etse dintlafatso molaotheong wa ANC, "a hlakisa hantle dintlha tsa ona ho kenyeletsa le hona ho amohelwa ha Freedom Charter."
Ditho tse ding tsona ha di a ka tsa dumellana le sena mme ya re kopanong ya 1959, eo modulasetulo wa yona e neng e le yena Oliver Tambo, ha na ha hlaha diqhwebeshano tse neng di etse hore ba bang ba tswe mokgeng ho ya ithehela wa bona - Pan Africanist Congress.
Ba ngala naheng
Ka mora koduwa ya Sharpville ka 1960, mmuso wa kgenthollo wa kwala molomo mekga ena e mmedi, wa ANC le PAC mme naha ya ba tlasa maemo a tshohanyetso ha tshwarwa diketekete tsa batho.
Morena Luthuli a laela Tambo hore a tswe naheng ho ya batla tshehetse dinaheng tsa kantle.
Ona e ne e se mosebetsi o bobebe jwalo ka ha dinaha tsa ka bophirima di ne di sa thabela tshebedisanommoho ya ANC le SACP esitana le ka lebaka la morusu wa 1962. Empa OR o ne a tswelepele le letsholo la hae la ho batla tshehetso matjhabeng kgahlano le mmuso oo wa kgenthollo.
Ho sebetsa le batho ba kang Dr Yusuf Dadoo ho ne ho etse hore Afrika Borwa e se lelekwe mokgeng wa Commonwealth ka 1961.
Tambo o ne a ntshetsepele leano la ANC dinaheng tse kang Ekgepeta, Ghana, Morocco le Englane mme ya re ka 1990, ANC e ne e se e tshehetswa ke dinaha tse ka bang 27.
Ka mora Soweto
Ka mora 16 Phupjane, 1976, makgolo a baithuti a tswa naheng ena ba ya diahelong tsa ANC dinaheng tsa kantle jwalo ka Dar es Salaam.
OR a bokelletsa ditjhelete matjhabeng hore bana bana ba fumane dibaka tsa ho dula le thuto. O ne a tsetlallela hore bana bana ba fumana thuto pele ba ka kena sesoleng.
O ne a ikemiseditse hore ha ba hlola ntwa eo, ho thehwe mmuso wa kopanelo oo ho ona ho tlang ho ba le bolokolohi ba puo, ho ikamahanya le mokga oo ratang esitana le yona tumelo.
"Ke boikarabelo ba rona ho theha Afrika Borwa e kopaneng ya ba batsho le ba basweu ka ho tshwana," ke yena eo.
Ka 1985, Tambo a boela a kgethwa jwalo ka mookamedi wa ANC. O ne a kgutlele Afrika Borwa ka 1991. Kopanong ya pele ya semmuso ya ANC naheng e neng e tshwaretswe Thekong ka Phupu hona selemong seo, Tambo o ne a kgethwe jwalo ka modulasetulo wa mokga ona.
Oliver Reginald Tambo o ne a hlokahale mohla la 24 Mmesa 1993 ka mora ho shwa lehlakore.
Selemo ka mora lefu la hae, Afrika Borwa ya tshwara dikgetho tsa pele tsa demokrasi - qetellong toro ya hae ya phethahala. [s]
BONA SESOTHO - August 2006
pale ka ISAAC KWELA
Comrade
OR
BONA SESOTHO - August 2006
