sotho.2527.hugh
Botlotlo ba Boafrika Borwa
BONA SESOTHO October 2008
BOPHELO BA MOKAUBERE
Mokaubere wa Jazz Hugh Masekela, o re kumela ka tsa mmino, setumo esitana le bohlokwa ba ho tseba setso sa heno... Pale ka Diane Coetzer, ditshwantsho ka Vanessa Grobler
Sebini sena se rata ho hatisa filimi ka bophelo ba bongwaneng ba sona mane Witbank - se re e tla ba filimi ya bophelo ba sona bo monate.
HUGH Masekela, ke sebini se tsebang ho ingolla dipina esitana le hona ho letsa meropa. Ke monna ya tummeng lefatshe ka bophara mme o kile a bina dibakeng tse kang London, New York, Paris le tse ding tse ngata mme leha ho le jwalo, ha a ya lebala ka sebaka sa Witbank seo a holetseng ho sona. O na le monahano wa ho hatisa filimi ka bophelo ba hae.
"Ke rata hore filimi eo e bontshe ka bophelo ba Witbank ba dilemo tseo," ho rialo Masekela. "Di ngata dintho tse ka ntlhalosang sebakeng seo."
Ho na le difilimi tse ngata tse bontshang diketsahalo tse thabisang tsa Afrika, e leng seo ke ratang hore le filimi ya ka e se hlahise.
"Ke hotse ha monate mme ke rata hore filimi ena e bontshe tsa kgolo ya ka."
Masekela le kgaitsediae Barbara (eo e leng lenqosa la Afrika Borwa Amerika), ba ne ba hodiswe ke nkgonwa bona mane Witbank. Leha re holetse lekeisheneng, empa nkgono o ne a sa re fe kgefu ka tsa tumelo.
Hugh o ne a qale ho natefelwa ke mmino nakong eo o sa ntsaneng o tuka malakabe ditameneng le makeisheneng. Kajeno, ho se ho fetile dilemo tse ka hodimo ho tse 50 e le setho sa Huddleston Jazz Band, mme jwale o se a bitswa "Bra Hugh," mokaubere wa matjhaba ho jazz.
O boetse hape ke rakgwebo, o na le kgwebo ya boithabiso mane Joburg Chissa Entertainment, e hatisang mmino, e okametse dibini, e hlophisa mekete esitana le ho o phatlalatsa.
Leha ho le jwalo, o ntse a o rata mmino, le hona jwale ho na le albamo ya e hatisang.
LEHA a na le mesebetsi e mengata, empa Masekela o bonahala e le motho ya phuthulohileng ya bileng a kwenneng. Ke motho ya boikokobetso, ya sebedisang leano la Tai Chi ka mehla ho ikgatholla. "Le a nkgatholla," ho bolela yena ka pososelo.
"Ha ke sa hopola le hantle hore ke ba jwang ha ke halefile. Ha ke bona motho a halefa, ke e ke nahane mokgwa oo nka mo fetolang maikutlo ka ona," ho bolela yena.
"Tai Chi e o matlafatsa ka mokgwa o makatsang, e etse hore maikutlo a hao a tsitse."
Mokgwa ona wa bophelo, ke oo a bolelang hore o ne a tlameha ho o phela nakong eo a neng a kene haholo jwaleng le dithethefatsing ka yona - ha o batla ditlhalosetso tse ding, o ka bala bukeng ya hae e buang ka bophelo ba hae, Still Grazing (Crown Publishers; 2004).
O ne a kene haholo dithethefatsing nakong eo a neng a ngadile naheng ena, empa o ne a qale ho ikgula ho tsona ho tloha ka Tshitwe 1997. Kajeno o ikemiseditse ho thusa dibini tse maemong a kang a hae. Mmino ke ntho ya bohlokwa ho Hugh.
"Haesale mmino ke o rata mme ha nkaba ka rata ho arohana le ona," ke yena eo.
"Ha ke ne ke le Amerika ba ne ba re, 'Hobaneng o bina jazz hobane di ngata dibini tsa jazz mona? '
"Ke ne ke tlamehe ho tebisa maikutlo, ke ikgopotse hore hana ke eng e neng e nkenye mminong wa jazz.
"Ka lehlohonolo, Miriam Makeba e ne e le moradi wa lethuela mme mmae e ne e le sebini se neng se bina hohle Afrika e ka borwa. Ba ne ba nthute dipina tse neng di nthuse hore ke kgone ho ema ke bine naheng ya Amerika."
HARRY Belafonte ke yena ya neng a ntse a mo kgothatsa hore a se ke a kgutlela Afrika Borwa ka mora hoba Nelson Mandela a lokollwe tjhankaneng. Hugh o ne a dule moo Amerika mme a qala ho ikahela lebitso mminong, a bina mesollane e kang Grazing In The Grass.
O ne a kgutlele lapeng ka mora ho lokollwa ha Mandela mme jwale o ntse a hlwa mekwalaba mosebetsing wa hae.
O ntse a etsa diphuputso ka setso sa habo esitana le hona ho tswalana ha ntataemoholo le ba Scotland.
"Ke rata ho tseba nalane ya heso, mme ke ntse ke ithuta dipuo tse kang Sevenda, Setjhangane le Setebele.
"Ha ke ne ke hola mane Witbank, re ne re bua Setebele. Re ne re boela re bue le Seburu. Ke se ke kgotsofetse hore jwale se nka qala ho ngola ka dipuo tseo."
O boetse hape o ikemiseditse ho ngola le buka e tla bontsha ka botlotlo ba Seafrika.
"Seo ke se tshabang haholo ke ha setloholo sa ka se ka hola se sa tseba nalane ya habo sona mme se qetelle se re: 'Re ne re le Maafrika mehleng ya pele.'
"Ke rata ho hlahisa dintho tse tla tsamaisana le seo a se fumanang
ho MTV. Ha o sa tsebe setso sa heno, o ke se tsebe moo o yang.
"Setso sa habo rona se
bohlokwa, re se dumele ho kgeloswa ho sona ke tumelo kapa bona bokoloniale." [s]
Ha Hugh a budula torompeta ya hae, lefatshe lohle le a mamela.
BONA SESOTHO October 2008
