sotho.2502.yourfamily_child
Tsa bana
Boleng bo bohlokwa, empa o hlokomele ho senya tjhelete, hobane bana ba phakisa ho hola, dieta di phakise ho ba siya.
Kala maoto a ngwana hantle. Mabenkele a rekisang dieta tsa bana a ka o thusa mona. Se kale ngwana ka e mong eo e leng thaka ya hae kapa eo ba lekanang le yena ka bolelele.
Hopola, mefuta e fapaneng ya dieta ha e na mo lekana ka ho tshwana. Ho ka etsahala mofuteng o itseng, a lekanwe ke sa boholo bosele.
Netefatsa hore bohato ba seeta le seeta ka sebele di kopantswe ka moroko, e seng sekgorametsi feela hobane di ka manamolloha ka matsatsinyana feela.
O se mo rekele tse phahameng kapa tse bulehileng ka morao - tsena di ka ama tsela eo ngwana a hatang ka yona, le tsona di ka utlwa bohloko.
Dieta tse nepahetseng ha di hloke ho "thapiswa," di tlameha ho mo tshwara hantle di tloha feela.
DIKELETSO HA O REKELA NGWANA DIETA
Bana ba a qabola. Mona re bua le Simingaye wa Sydenham Thekong ya dilemo di nne, a ko utlwe o reng
O hlahile kae wena?
Mme le ntate ba nthekile ka R50 ha Shoprite.
O rata ho ba eng ha o se o le moholo?
Ke rata ho sebetsa Sepetleleng sa Mahatma Gandhi le mme wa ka, ho be monate, re kgatholohe.
Mme wa hao o lemo di kae?
O lemo di hlano.
Lerato ke eng?
Lerato le bonahala ha ba lelapa ba dutse mmoho ho nowa dinomaphodi, leha ho ketekwa letsatsi la ka la tswalo.
Ke eng o e ratang ka sekolo?
Ho bala dibuka leha ho na le mekete ya matsatsi a tswalo le dikonsarete.
O rata ho shebella eng ho TV?
Ke rata ho shebella di-cartoon tse kang Barbie le Garfield le Gererations (Generations) hobane ke rata ha Belinda a otla Khethiwe.
O hloka bokae ho ka reka koloi?
R20 karatjheng.
NGWANA HAO
Haeba o rata re "buisane" le mora kapa moradinyana wa hao, re ngolle ho: BONA Kidspeak, Box 473014, Parklands, 2121. Re kenyetse foto ya hae, o re bolelle le dilemo tsa hae le mohala moo re ka o letsetsang teng.
Ho qoba
DINTA TSA HLOOHO
Nta ke koko-nyana, mme ke mefuta e meraro e fumanehang bathong - tse fumanehang senaneng, mmeleng le hloohong.
Bana ba kgathatswa haholo ke tsena tsa hloohong.
Dikokonyana tsena tse nwang madi a motho di dula letlalong la hlooho mme di nelehetsana ka ho thetsana, ho adimana ka dikama le dikatiba.
Di nyane haholo mme ha ho bobebe ho di bona hobane mahofe a tsona a tshwana le nkwetho.
Matshwao
Letlalo la hlooho le a hlohlona haholoholo ka mora ditsebe le molaleng ka morao.
Letlalo la hlooho le ba bohloko le be boi.
Ditlhala di a ruruha haufi le moo dinta di dulang.
Kalafo
Haeba o fumana dinta ngwaneng, tsebisa titjhere ya hae hore a se tshwaetse ba bang. Bana ba tshwaetsehileng ba tlameha ho dula lapeng ho fihlela ba alafeha. Shampoo e bolayang dinta e a fumaneha khemising.
TLHOKOMEDISO: O se sebedise parafine ho tlosa dinta hloohong ya ngwana hobane e ka mo tjhesa, ya baka e nngwe tshwaetso.
