sotho.2477.legends
Mekaubere ya Afrika: Stephen Bantu Biko
O shwetse
dikano
NAKONG eo a neng a kwaletswe diahelong tsa mapolesa mane Port Elizabeth, ba ne ba mo sotla ka hore ba mo robatse ka dikobo tse nkgang moroto. O ne a hlekefetswe, a otlwa, a tswa dikotsi tse mpe mpe hloohong. Eitse ha ba hlokomela hore ha a fetohele dikano tsa hae, ke ha ba mo nka ba mo isa sepetleleng sa tjhankana se neng se le Tshwane.
Ba ne ba mo laitse ka morao veneng ya mapolesa a sa apara letho. Stephen Bantu Biko, o ne a hlokahale mohla 12 Loetse 1977 hang ka mora hore a fihle moo Tshwane.
Monna enwa ya ballwang hara bathehi ba mokga wa Black Consciousness Movement, o ne a hlahe mohla 18 Tshitwe 1946, dilemo tse pedi pele National Party e nkela ho yona marapo a puso. Jwalo ka ha yena ka sebele a ne a re: "Ke phetse bophelo bohle ba ka mokgeng o ikgethang wa tswelopele."
Ntatae e ne e le tlelereke mme o ne a hlokahale Biko a le dilemo di nne feela. Mmae yena o ne a itshebeletsa diketjheneng. Biko o ne a le dilemo di 17, a le sekolong se phahameng sa Lovedale nakong eo abutiae, Kaya, a neng a tshwarwa hobane a ne a belaelwa ho ba e mong wa bahwanti ba dipolotiki. Ketso eo ke yona e neng e bule Biko mahlo ho tsa dipolotiki.
Dipolotiki tsa baithuti
Nakong eo a neng a ithutela bongaka Yunivesithing ya Natala mona Thekong, e ne e be setho se hlwahlwa sa mokga wa baithuti wa National Union Of South African Students (NUSAS). Diyunivesithi tsa batho ba batsho di ne di se di lekile dilemo lemo ho sebedisa mokga ona wa boithuti ho nyatsa diketso tsa mmuso haholoholo diyunivesithing tsa makgowa moo NUSAS e neng e le matla teng.
Baetapele ba bangata ba NUSAS ba ne ba leka ho sireletsa baithuti ba batho ba batsho kgahlano le mmuso ka ho ba buella esitana le ho ba thusa ho ipata.
Empa Biko le ba bang ba qala ho kgollwa tabeng ya hore Maafrika Borwa a matsho le ona a ne a tlameha ho ithuta ho ikemela.
Dintho di ne di be mpe sebokeng sa NUSAS mane Rhodes University ka 1967. Biko le ba bang ba baromuwa ba batho ba batsho ba ne ba makale ha yunivesithi eo e ne e bolela hore ha ba a dumellwa ho ba nqa e le nngwe moo sebokeng, dijong kapa hona ho robaleng.
Ke a fe matla ao NUSAS e neng e na le ona" Bana ba basweu bona ba ne ba na le monyetla wa hore ba boele ba dumellane le mmuso ha ba bona maemo a eba boima haholo, empa bana ba batsho bona ho ne ho se potang, ba ne ba tlameha ho e hlanaka ho le jwang kapa jwang. Ho ne ho se moo ba ka balehelang teng.
Ka 1969, mokga wa baithuti ba batsho o bitswang South African Students' Organisation (SASO) wa thehwa. Biko o ne a kgethwe ho ba mookamedi wa ona mme Black Consciousness (BC) e ne e le yona tshupatsela ya ona.
Ba ikgetha
Qetellong ba ne ba se ba sa tshepe leha e le mang feela ho ba basweu, ho sa natsehe hore o ne a kene ha kae dipolotiking. Batho ba batsho ba ne ba bolelle Biko hore "ba batla ho ikemela!"
Ba tlameha ho ba motlotlo ka seo ba leng sona. Ha ba a tlameha ho kgahlisa bao ba neng ba ba hatelletse.
Black Consciousness, ho hlalosa Biko, ke ya ba motlotlo le ba itshepang.
"Seo ke se bolelang ke hore batho ba batsho ba a bona hore sehale seo makgowa a neng a se sebedisa haholo ho ba hatella, ke ho hatella dikelello tsa bona."
Taba eo e ne e tlaletlale hohle moo yunivesithing. Hona moo, Biko o ne a kopane le moratuwa wa hae wa pelo le moya, Nontsikelelo Mashalaba eo ba neng ba nyalane ka Tshitwe 1970 mme a hlokahala ba se ba na le bara ba babedi, Nkosinathi le Samora.
Ho kwalwa molomo le ho kwallwa
Ka 1972, Biko o ne a thehe Black People's Convention (BPC). Lena e ne e le lekala la baithuti le neng le le tlasa SASO, empa le sebeletsa kantle ho dikolo tsa thupello.
Mekgatlo e mengata ya badudi ya dithuso tse kang tsa molao esitana le maano a mang a setjhaba e ne e thehwe, empa ho tloha ka 1973, mmuso o neng o dumeletse ho thehwa ha Black Consciousness hobane o bona e ka e tsamaisana le mmuso wa kgenthollo, wa qala jwale ho lwantshana le mekga ya BC.
Ho tloha hoo, SASO le BPC tsa kwalwa melomo. Biko le ba bang ba ne ba kgaoletswa le mona diterateng ba bang ba tsoswa hara kgitla ba kwallwe.
Maemo a ne a fetohe haholo ka mora merusu ya Soweto.
Mohla la 18 Phato, 1977, Biko o ne a kwalwe molomo mme a bolellwa hore a se tswe King Williams's Town. Ka mora matsatsi a se makae, a tshwarwa moo mapolesa a neng a kwetse mmila teng.
Ha a ka a ba a qosetswa bonokwane, empa o ne a qoswe tlasa karolo ya botshelela ya molao o bitswang Terrorism Act.
Ka mora ho mo hlekefetsa, ke ha ba mo isa sepetleleng sa tjhankana mane Tshwane, empa Biko o ne a timele ka le latelang.
Lebitso la Biko le ne le hopolehe ho fihlela mafelong a kgatello.
Ke mohale
"Se boletsweng ka Steve Biko, se ileng sa etsahala Robben Island le ditjhankaneng tse ding tsa dipolotiki, ke dintho tse ke keng tsa lebaleha," ho rialo Nelson Mandela pulong ya lejwe la sehopotso sa Biko mane King William's Town.
"Steve Biko o phetse nakong ya nalane ya naha ena, nakong ya mathata a dipolotiki moo bang ba habo rona ba neng ba kwalwa melomo, ba kwallwa ditjhankaneng, ha ba bang bona ba ne ba hlile ba ngala naheng ena. Mekgatlo e neng e leka ho bula batho mahlo, e ne e qetwa." Steve Biko, ke Mandela hape, "ke e mong wa batho bao re leng motlotlo ka bona tsoseletsong ya naha ena."
Sena ha se bolele hore BC ha e kaba ya ba le mathata. Seo ba neng ba se tsetlaletse, ke ho tsoseletsa motlotlo ho Maafrika Borwa a matsho. Empa kotsi eo mokga ona o neng o ka e tlisa, ke ho ntshetsa pele kgenthollo ya mmala.
Empa he mokga ona wa BC o ne o nehe setjhaba sebete sa ho lwantshana le kgenthollo ntle le tshabo. Jwalo ka ha setsebi se seng sa histori se ne se bolele: "O thusitse batho hore ba hlokomele hore ha ba a tlameha ho emela baetapele ba hole kwana (ba ngadileng kapa ba ditjhankaneng) hore ba tlo ba lokolla.
"Sebete seo se ne se bonahale ka ho hwanta diterateng moo batho ba bangata ba neng ba kgona ho shebana mahlomahlong le mapolesa kapa sona sesole.
"Seo banna ba neng ba sa se fihlela ka dithunya, batjha ba ne ba se fihlela ka majwe.
"Leha mekgahlelo ya ho qetela ya ntwa ya tokoloho e sa bonahala hantle e lwanwa ke BC, empa e ne e ntse e roteleditswe ke yona Black Consciousness."
"Re tlameha ho neha Afrika Borwa mpho ya botho e sa le nako," ha ke qeaqee hore Steve Biko ke e mong wa bahale ba tlisitseng diphetoho naheng ena. [s]
BONA SESOTHO - October 2006
Le lefu la hae ha le a qeta lentswe le tshusumetso ya hae...
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho PICTURENET
BONA SESOTHO - October 2006
