sotho.2472.yourman_coaching
E THULE
ka hlooho
Joshua Malebana le morahae ya dilemo di supileng, Tshepo.
HA RE bua ka "headwork", ho ya ka moo ba bitsang ho thula bolo ka hlooho ka teng malekeisheneng, Mike "Sporo" Mangena ke e mong wa ditsebi. Dintlheng tse 25 tseo mohlabadintlha enwa wa mehleng a neng a di hlabele sehlopha sa Bush Bucks, tse 16 tsa tsona o ne a di kentse ka hlooho.
Ho ya ka Mike, bakwetlise ba bangata ha ba tsotelle ho kgothalletsa dibapadi ho thula bolo ka hlooho, re sa bue letho ka bontate ha ba ruta bara ba bona metheo ya papadi.
Hona ha ho fokotse menyetla ya morahao ya ho hlaba dintlha feela, ho etsa hore a itlwaetse le mekgwa e meng e mebe eo ho tla ba thata ho e tlohela leha a se a bapalla dihlopha tse kgolo.
Mike o re thupa e kojwa e sa le metsi. O re ntate le mora ha ba thula bolo ka hlooho ha ba hloke le sebaka se seholohadi, o re mehato e mebedi feela ya maoto dipakeng tsa bona e etsa sebaka se lekaneng.
Qala ka ho mo akgella bolo kgafetsa butlebutle o lekantse bolelele ba hae, hore a kgone ho e fihlela ka hlooho. Etsa ho fihlela a kgona ho e thula ka bolokolohi, a sa etse ditlhophiso tse kgolo ha bolo e etla. [s]
Pale: Force Khashane
Ditshwantsho: Peter Whitfield
KWETLISO YA BOLO
Dula o butse mahlo, o tsebe ho hlaba dintlha
TSA MOTHEO
1MO RUTE HANTLE. Joshua Malebana o ruta Tshepo metheo ya ho thula bolo ka hlooho ka ho mo akgella yona bophahamong bo mo lekaneng. O boetse hape o mo hlokomedisa mekgwa eo a ka hlaselang ka yona. Ho molemo ho e thula o shebile pele.
2E THULE KA PHATLA. Mosebetsi ona o kgabane o etswa ka phatla feela. Joshua o rutile Tshepo hore a nke phatla ya hae jwalo bat eo a e sebedisetsang ho akgela bolo moo a ratang le hona ka matla.
3DULA O BUTSE MAHLO. Ho kwala mahlo ha o otla bolo ho ka o etsisa diphoso tse kang tsa dibapadi tse ding - ka hoo kgothaletsa mora ho bula mahlo hore a bone bolo hantle ka moo e leng ka teng hape a e lebise moo a batlang teng.
Mona Tshepo o re bontsha mekgwa e SA LOKANG ya ho thula bolo ka hlooho. Ha o thula bolo ka hlooho o kwetse mahlo, o tla e akgela hosele moo o neng o sa batle hore e ye teng - mme o lahlehelwe ke monyetla wa bohlokwa wa ho hlaba ntlha.
KELETSO
