SOTHO.2470.sis sarah
BONA SESOTHO - February 2007
O hana ha ke bona ngwanaka
Re ne re be le ngwana ka 2005, ka mora moo, mohatsaka a hana ha re etsa thobalano.
Ka mora nako e ka etsang dikgwedi tse tsheletseng, ka qala ho tletleba hore jwale e ne e se e le nako e telele re sa robale mmoho jwalo ka banyalani.
O ne a qale mekgwa e sele a qetella a kgutla lapeng masiu a rwalellane.
Ntho eo a neng a e etse ke ho tlama thoto a lebe habo.
Ke ntse ke mo rata, empa bothata ha a batle le ha ke bona ngwanaka.
Ke a ba hloka. Ke etse jwang. Nthuse hle!
SS, Nkuna
O tlameha ho fumana sesosa sa bothata ba lona.
Ho ima ha mosadi ho fetola maemo le maikutlo a hae, empa seo se phakisa se boele madulong.
Ho utlwahala e ka mohatsao o sebedisa ngwana jwalo ka thebe ya ho hana ka thobalanao.
Hobaneng"
O na le monna e mong" Kapa ebe ha a sa o rata"
O tlameha ho fumana sesosa sa bothata ba hae.
Haeba ho fedile lerato, ha ho seo o ka se etsang, o tlameha ho amohela maemo a le jwalo hobane o ke ke wa mo fetola maikutlo jwalo ka ha le wena o ke ke wa rata ha seo se etswa ho wena.
Empa he o ntse o tlameha ho bona ngwanahao.
Ke o eletsa ho fumana keletso ya semolao.
O hloile moradiaka o
E se e le dilemo tse 13 re nyalane le monnaka. Ka bobedi re na le baradi ba dilemo di 15 bao re ba fumaneng pele ho lenyalo. Monnaka o bohale ha a nwele mme ha a rate moradiaka.
Ha ke tsebe bothata ba hae hobane wa hae o re etela leha e le neng feela ha a rata mme ke mo tshwara jwalo ka ngwana hobane ke mo rata.
Ke nahana ho mo siya, empa ha ke tsebe hore na ho tla etsahalang ka bana.
Nthuse hle!
NCX, Worcester
Ho bonahala e ka le hloka moeletsi wa profeshenale. Hangata ho boima banneng ho hlalosa mathata a bona, moeletsi wa profeshenale yena a ka kgona ho bua le yena ka baka la boiphihlelo ba hae.
Ho bonahala eka monnahao o na le bothata boo a sa rateng ho bua ka bona.
Mohlomong nkare pele o mo siya, a ko mo nehe monyetla wa hore le leke ho rarolla bothata bona mohlomong le tla fumana tharollo.
Hopola - dintho di ke ke tsa etsahala ka nako le motsotso.
Empa he, haeba a ba manganga, ha ho ka mokgwa, o tlameha ho mo siya, o nke ngwanahao.
Ha a nketele
Ke ahloletswe dilemo tse 12 tjhankaneng mme bothata ba ka bo boholo ke hore mme wa ngwanaka eo ke mo ratang ha a nketele. Ha a nngole le lengolo lena le pala. Empa o ne a tshepise hore o tla nketela, a nngolle.
Ke a ba rata yena le ngwanaka, ha ke batle ho lahlehelwa ke bona.
FLJ, Middledrift
Bona ke bothata bo boholo bo tobanang le batho ba tjhankaneng, jwalo ka ha ke boletse hangata nakong e fetileng. Ho bobebe ho tshepisa ho ngola le hona ho etela motho ya ntjhankaneng, empa ho be boima ho phethisa tshepiso eo.
Sena he e ba ntho e bohloko mothong ya tjhankaneng hobane yena ha ho seo a ka se etsang, o ebe a tshepetse botshepehing ba motho eo ya kantle.
Ke nahana hore dikgarebe di e di phakise ho lahla tshepo ka baratuwa ba tsona ba tjhankaneng. Ho ka etsahala hore e be mohlomong o dihlong hore batho ba tla reng ha a ntse a bolela hore o emetse moratuwa wa hae ya tjhankaneng.
Ke utlwelana le wena hore o ntse o rata kgarebe ya hao mmoho le ngwanahao le hore o ntse o batla ho ba bona.
Batho ba tjhankaneng ha ho seo ba ka se etsang ho qobella baratuwa ba bona ho tla ba bona moo tjhankaneng.
Ke o eletse ho kopa e mong wa leloko la heno hore a bue le kgarebe ya hao hore e o etele bonyane ha nngwe ka kgwedi.
Ke bona e le bona bonyane boo a ka o etsetsang le bona.
Haeba yena a sa rate ho etsa jwalo, ke tshepa hore o tlameha ho leka hore ngwana yena a o etele kgafetsa.
Sisila"
Mohlankanaka o hlokahetse ngwahola mme batho ba nkeletsa hore pele nka ratana le e mong motho, ke tlameha ho ntsha sisila ka hore ke robale le monna e mong ntle le kgohlopo.
Empa he nna ke a tshaba ho etsa seo hobane mafu a thobalano a mangata .
Nthuse hle, ke etse jwang"
PL, Volksrust
Ha ho ntho e jwalo! Ha se nnete hore o ka ntsha sisila ka hore o robale le monna e mong ntle le kgohlopo. Jwalo ka ha lenane batho ba tshwaetswang ke lefu la EITSI le ntse le nyoloha letsatsi le letsatsi, o a tlameha ho tshaba ho robala le monna ntle ho kgohlopo.
Ha ho tlhokeho ya letho ya hore o behe bophelo ba hao kotsing ka lebaka leo.
Inahanele, o ipaballe... o se dumelle hore ho be teng dintho tse tla o hatella hore o qetele o se o etsa thobalano e sa bolokehang.
Ha ke mo rate
Nakong e ka etsang selemo e fetileng, ke ne ke na le dikgarebe tse fetang bohlanong. Ke ne ke fellwe ke thahasello ho tsona kaofela hobane ho ne ho se le ya mong ya neng a na le seo ke neng ke se hloka mothong wa mosadi.
Ka bomadimabe, e nngwe ya tsona ya ima mme lelapa la mpolella hore ke mo nyale. Bona ha ba tsebe ka moo ke ikutlwang ka teng ka yena.
Seo ke rerileng ho se etsa, ke ho ntsha kgomo ya tefo, ke tswelepele le ho sapota ngwanaka, empa ha e le mmae yena, ha ke a ikemisetsa hohang ho mo nyala.
Nke ke ka thabela ho dula le motho eo ke sa mo rateng bophelo bohle ba ka. Ke etse jwang"
AP, Jozini
Ntho ya pele ke hore ena ke nako ya ho hlahloba tsela o phelang ka yona.
Dikgarebe tse hlano... mme ka ho ya ka lengolo la hao, o robala le tsona kaofela.
Haeba o etsa thobalano e sa bolokehang le basadi ba bangata o sa tsebe le maemo a bophelo a bona.
Phaphama! EITSI e a bolaya, o tla qetella o e fumane ha o tsamaya o etsa thobalano e sa bolokehang hohle mona.
Ba heno ba batla o etse ntho e nepahetseng, o 'nyale,' empa he haeba o sa mo rate motho eo, ha ho molemo ho mo nyala hobane lenyalo la lona e tla ba la nakwana.
Ke nahana hore ke ntho e nepahetseng ho ntsha kgomo ya tefo le ho sapota ngwanahao.
A ko inahane hantle pele o etsa tsherenyane feela ya bana o tlamehang ho e sapota. Hape ke tshepa hore ha ho mosadi ya ratang monna ya nang le sehlopha sa bana, ya tla qetella a se na tjhelete ke bana bao. Inahane hantle hle!
Ke mo hloile!
Ke dilemo di 43 mme ke ratana le monna ya dilemo di 57 ya dulang Joburg le mosadi e mong ya dilemo di 36.
O boulela haholo, ha a rate ha ke bua le banna ba bang, empa nna ha ke re letho jwalo ka ha a dula le mosadi eo.
Ka tsatsi le leng re etsa thobalano le yena ke ne ke utlwe a se a bitsa lebitso la mosadi eo. Ke mo hloile haholo ka ketso eo ya hae.
Ba lelapa leso ba nkeleditse ho mo lahla ke tswelepele le bophelo. Ke etse jwang"
AT, Maseru
Ho ratana le motho ya hole ka nako eo nngwe ha ho na molemo. Ke nahana hore ba heno ba o eleditse ka nepo hore o lahle monna eo.
Jwalo ka ha o bolela hore o mo hloile, seo se hlakisa hantle hore ho teng se sa tsamayeng hantle dikamanong tsa lona.
Nkare ho wena o tiisitse hore ha o a tlameha ho dumela ho kopanela monna le mosadi e mong. Lahla monna eo, o tswelepele le bophelo, ho teng banna ba makgonthe kantle ka mona ba tlang ho o hlokome. [s]
Botsa Sis Sarah
Ela hloko: Sis Sarah ha na bokgone ba ho rarolla mathata a tsa bophelo bo botle. Le koptjwa ho buisana le dingaka tsa lona kapa le ye tliniking ha le ena le mathata a mofuta ona.
BONA SESOTHO - February 2007
Na ebe o na le mathata a tsa thobalano, dikamano tsa lerato kapa a mang feela a bophelo" Nngolle, ke Sis Sarah mme ke tla o araba ka botshepehi. Ka bomadimabe ha ke na tseba ho araba motho ka mong ka hoo, ke o kopa ho bala karolo ena ya makasine ke hona moo ke tla o araba teng.
Hopola hore ha re arolelana ka mathata a keke a re hlola le kgale!
Ngolla ho:
Botsa Sis Sarah,
Box 32083,
Mobeni 4060
