sotho.2463.free
ya hao ya mahala
Dipopunama tse bonolo tse ntle, mariha le lehlabula
Carmex Lip Balm, e ntjha, e na le kgau ya ho hlokomela dipounama hantle lehlabula le mariha. Carmex ke motswako wa menthol le camphor (tse fedisang ho hlohlona ha letlalo), alum, phenol le menko e monate le yona e kentswe ho petroleum, lanolin, cocoa butter esitana le metswakong wa ditlolo tsena tse ikgethang ka ho sireletsa ho kgakgapheha ha dipounama.
BONA e na le Carmex lip balms tse 40 tse bitsang R55 ka nngwe tseo e fanang ka tsona. Ho ba le monyetla wa ho fumana e nngwe ya tsona, re romelle lebitso aterese le nomoro ya mohala ho: BONA/Carmex Giveaway, Box 1393, Westville, 3630, kapa *SMS CARMEX ho 35919.
Ya masea feela
Ha masea a hola, moriri o a harahana, o kamehe ka thata. Johnson's® Baby e hlahisitse senyanyatsi se o thatollang hore o dule o le boreletsana, o benya, o bile o phetse hantle. Hape ha e hlohlontshe mahlo, diteboho tsohle re di lebisa ho No More Tears®.
Johnson's® Baby Hair & Body Conditioning Shampoo ke e lebejana e hlwekisang moriri e o nolofatse. Ha e na sesepa hohang hape e thibela le tshila ya hlooho. Ha hlooho e tsetsitse, o tla hloka setulo sa Bumbo sa ho le tshehetsa ho tloha dikgweding tse tharo ho ya ho tse 14.
BONA e na le diphuthelwana tse 11 tse bitsang R350 ka seng tsa dietswa tsena tseo e fanang ka tsona. Bakeng sa monyetla wa ho fumana se seng sa tsona, re romelle lebitso, aterese le mohala ho: BONA/Johnsons® Baby Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa *SMS JOHNSONS ho 35919.
BONA SESOTHO - December 2007
Dimpho tse bitsang R13 000
Mandela -
ka molomo wa hae
Nelson Mandela o nehetse bophelo ba hae ho lwanela tokoloho, hlompho le ditokelo tsa bohle.Ka mora dilemo tse yang mashomeng a mararo a le tjhankaneng, o ne a tswe moo e le mohlodi. Mamello ya hae, kutlwelobohloko le sebete di tla dula di kgothatsa meloko e latelang.
BONA e na le dikhopi tse 10 tsa dibuka tsa Mandela - A Life, ka Adrian Hadland le Sean Fraser, e phatladitsweng ke Sunbird, e bitsang R99 ka nngwe, eo e fanang ka tsona. Bakeng sa ho fumana e nngwe ya tsona le wena, re romelle lebitso, aterese le mohala ho: BONA/Mandela - A Life Giveaway,
Box 32067, Mobeni, 4060, kapa *SMS MANDELA ho 35919. [s]
Masapo a tiileng le bophelo bo botle
Mmele ya rona e hloka calcium le magnesium bakeng sa melemo e fapaneng, ho fokola ha yona ho ka nna ha beha bophelo ba motho kotsing. Dipidisi tsa RadiCAL ke dijotlatseletso tsa bohlokwa tse ka thusang mmele ho monya calcium le magnesium ka tshwanelo. Di molemo bakeng sa masapo a tiileng.
BONA e na le diphuthelwana tse 22 tsa dipakana tsa RadiCAL tsa R180 ka seng, tseo e fanang ka tsona. Re romelle lebitso, aterese le mohala ha o batla ho ba e mong wa ba lehlohonolo ho: BONA/RadiCAL Giveaway, Private Bag X1030, Lyttelton, 0140, kapa *SMS RADICAL ho 35919.
Letsatsi la ho kwala:
Loetse 31, 2007
*(SMS ka nngwe e bitsa R3.)
