SOTHO.2461.sis sarah
botsa sis sarah
Ke nahana hore o batla ho mpolaya!
MONNA eo ke dutseng le yena dilemo tse 11, eo re nang le bana ba babedi le yena, o tjhentjhile. Bobedi re dilemo di 32.
Ha a batle hohang hore ho be le moo ke yang mme ha a nthuse ka letho. Ha a nthuse le ka mesebetsi ya lapeng leha ke kula. Re phela ka pei ya ngwana, ya hae tjhelete o e neha batswadi ba hae.
Hohang ha a batle hore ke lo batla mosebetsi mme o se a mpolelletse hore o batla ho reka sethunya, seo ke nahanang hore ka le leng se tla qeta bophelo ba ka.
Ke nahana ho mo siya empa ke kgathatsehile ka bana ba ka hore ba tla nnyatsa ka hore ke ne ke hlale ntata bona. Ke etse jwang"
MAH, Frankfort
O a mmakatsa ruri hore ebe o na le dilemo tse 11 kaofela o mamelletse mathata a tjena o sa nke bohato ba letho.
Ke bona ekare o nahana hore o tlamehile ho dula le monna eo hobane le ena le bana ba babedi le yena... Empa ho bohloko ho dula le motho ya o sotlang, ya sa batleng le hore o iphumanele mosebetsi.
Ha a o fepe le ho o fepa, o iphelela ka pei ya bana ba hao. Monna enwa o o kgutlisetsa morao!
Na o kile wa mo botsa hore hobaneng a o tshwara hampe hakale"
Ke a le bona lebaka la hore o batle ho mo siya empa ke nahana hore o qale ka ho bua le moruti wa kereke ya heno mme ke na le tshepo ya hore ba tla o tshehetsa.
Ha ho bonolo haholoholo ha o ena le bana, empa ke nahana hore o ka phela bophelo bo betere ntle ho yena.
Ha o bolele hore bana ba dilemo di kae empa ha ba se ba hodile ho lekana, o lokela ho ba hlalosetsa maemo a bophelo ba hao. Ha ho bonolo ho nka qeto dinthong tse ba amang jwalo ka tsena, empa ke a tshepa le bona ba tla thabela ho o bona o phela ka kgotso.
108 BONA SESOTHO - July 2007
Na o sa ntse a nthata"
Ke dilemo di 38 ha tsa monnaka di le 34, re na le bana ba bararo. Mathata a ka ke hore ha ke tsebe le haeba monnaka o sa ntse a nthata hobane ka nako e nngwe ha a kgutle, a mpolelle hore o robala ho mmae.
Ha a dumele hohang ho ya heso le nna. O ne a qetele ho ya heso ka Loetse selemong se fetileng. O ntetsetsa mohala ha feela a batla ho nkomanya.
Ke tla etsa jwang hobane ke sa ntse ke mo rata"
Ya kgathatsehileng, Rooikoppie-Rayton
Jwalo ka mohatsae, o na le tokelo ya ho batla ho tseba se etsahalang bophelong ba lona ba lenyalo. Ke nahana hore ha a sa o tshepa. O ferekantswe ke ntho e nngwe kelellong ya hae mme o tshaba ho buisana le wena ka yona.
Ke nahana hore ke nako ya hore o kope keletso ya batswadi ba hao, o tsebe ho rarolla mathata ana.
Ke na le tshepo ya hore ba tla utlwisisa mme ba o thuse. Haeba ba se na tharollo, ke nahana hore baholo ba kereke ya heno ba ka o thusa kapa ba leloko.
Hobaneng o sa qale ka ho kopa hore le ke le dule fatshe le leke ho rarolla mathata a lona" Ha ho ena le se phoso seo o se entseng, o lokela ho o bolella mme ha ho ena le seo bobedi le lokelang ho se lokisa, le lokela ho etsa jwalo. Ha ho katleho eo le tla e fihlela le sa buisane.
O betilwe ke mosadi!
Ke dilemo di 34 mme ke ne ke betwe ke mosadi ya dilemo di 50. Ke kopa keletso ya hao hobane ha ke tlaleha taba ena sepoleseng, a a ntsheha. Ke lokela ho etsa jwang"
RM, Maf Residensia
Ha ho a tlwaeleha hore basadi ba bete banna...le hona monna ya seng a hodile jwalo ka wena!
Mapolesa a ne a nahane hore o a swaswa ke a kgolwa. Mohlomong ba ne ba nahane hore o lehlohonolo.
Athe haeba o hlokofetse ka ho batla ho tlaleha peto eo sepoleseng, eya ho motshwari wa seteishene mme o mo bolelle le hore o kile wa tla ritela nyewe moo empa mapolesa a o tsheha. O tla o thusa.
Moratuwa wa ka ke setabane
Ke na le ngwana le mohlankana wa ka empa ba lelapa la habo ha ba kgolwe hore ngwana eo efela e le wa hae. Ha a nthuse ka letho kgolong ya ngwana eo, eo jwale a seng a le dilemo di tharo.
Ke sa tswa utlwa hore ke setabane mme ha ke kgolwe. O sa ntse a nkuka jwalo ka moratuwa wa hae mme ha a batle le ho e thetsa ya dikamano tsa hae le banna ba bang.
Ke tla etsa jwang" Ke batla a sapote ngwana kapa ke ise ngwana eo ho yena"
Mohloka lebitso
Ha o bolele hore o a dumela hore ngwana ke wa hae kapa tjhe. O ka hlahisa bopaki ba seo ka ho etsa diteko tsa madi haeba le yena a hana hore ngwana ke wa hae.
Ho bonahala ekare wena ha o sa rata monna enwa, seo o se batlang feela ke hore a sapote ngwana.
Haeba e le yena ntata ngwana, o tlameha ho mo sapota. Molao o mo tlama ho o thusa ka ditshenyehelo tsohle tsa ngwana.
Ke a tshepa le ba habo ba ke ke ba rata hore a hodise ngwana eo ka boyena. Erekaha o o nka jwalo ka moratuwa wa hae leha a ntse a ratana le banna ba bang, ho a totobala hore ha a tsebe seo a se batlang bophelong... ke ka hona a sa tsotelleng le ho sapota ngwana!
Ha ke batle ho etsa thobalano le yena
Ke dilemo di 32 ha tsa moratuwa wa ka di le 44, re na le bana ba babedi. Mathata a ka ke hore ha a sa tsohelwa hohang... mme ha ho etsahetse, ho nka nakwana feela.
Ha ke sa thabela le ho etsa thobalano le yena hobane re qetella re qabane. Hape ha a tshepahale. Ke se ke buile le yena ka makgetlo, ke mo bontsha kotsi ya seo empa o re ke arohane le yena haeba ke sa kgotsofale.
Ke nahana hore ke mpe ke ipatlele monna e mong, ke kgaohane le yena.
ME, Middelburg
Ke a makala hore o sa ntse o dula le monna eo! Ha o sa thabela ho etsa thobalano le yena, le dutse le qabana, ha a tshepahale ho wena mme o re o arohane le yena ha o batla ho etsa jwalo.
Ho bonahala dikamano tsa lona di fedile. Ha o se o sa thabele le ho etsa thobalano le yena mme o batla ho fumana monna e mong, ke nahana hore ke nako ya hore o etse se ratwang ke pelo ya hao.
Empa haeba o sa ntse o mo rata (leha o lebetse ho bolela lengolong la hao) ke nahana hore mathata pakeng tsa lona ke hore ha a sa tsohelwa. Ao ona mathata ke a hlokang thuso ya dingaka.
Ha o batla hore dikamano tsa lona di tswelepele, mo tshehetse hore a fumane thuso, o tla alafeha. Hape ha a sa tshepahala ho wena. Mohlomong ha a tsohelwe ha a ena le wena hobane a se a sa o rate.
O lokela ho bua le yena o fumane sesosa sa mathata a hae.
Ngwanaka yena"
Ke dilemo di 33 ha tsa moratuwa wa ka di le 29. O ne a be le ngwana le monna e mong ka 2003. Re na le wa rona ya dilemo di pedi jwale.
Ka Pherekgong 2006, ka hlokomela hore o se a boelane le ntata ngwana eo wa hae empa jwale ke kgathatsehile ka hore ngwanaka o tla hola ha bohloko. Ke tla etsa jwalo.
AIB, Vaalulater
Qala ka ho utlwa ho yena hore ba ikemiseditse ho etsang le moratuwa eo wa hae wa mehleng.
Mohlomong ha ho letho le lekaalo le seng le etsaheletse pakeng tsa bona kapa o ka nna wa fumana hore ha a sa o rata mme o batla ho kgutlela ho moratuwa wa hae wa pele.
O hloka ho buisana le ditsebi tsa molao hore o tsebe seo o ka se etsang molemong wa ngwana wa hao. O bonahala o le monna ya nang le boikarabelo hodima ngwana wa hao, ke nahana hore o lokela ho sebeletsa hore ngwana a hodiswe ke wena. [s]
Ela hloko:
Sis Sarah ha a na
bokgoni ba ho rarolla mathata a tsa bophelo bo botle. Le kotjwa ho buisana le dingaka tsa lona kapa le ye tliliniking ha le ena le mathata
a mofuta ona.
Na ebe o na le mathata a tsa thobalano, dikamano tsa lerato kapa a mang feela a bophelo"Nngolle, ke Sis Sarah mme ke tla o araba ka botshepehi. Ka bomadimabe ha ke na tseba ho araba motho ka mong ka hoo,ke kopa o bale karolo ena ya makasine ke hona moo ke tla o araba teng. Hopola hore ha re arolelana ka mathata a ke ke a re hlola le kgale!
Ngolla ho:
Botsa Sis Sarah, Box 32083, Mobeni 4060
BONA SESOTHO - July 2007 109
