SESOTHO.2453.yourlifeguide_heaven
THUSO YA TSA MOYA
Moruti George o araba dipotso tsa babadi ho latela ka moo Lentswe le bolelang ka teng
Monna ya nyetseng
Hobaneng ho thwe ho phoso ho etsa thobalano le monna ya nyetseng?
Ya sa nyalwang, Tshwane
Ya sa nyalwang: Hobane Lentswe la Modimo le bolela jwalo (1 Bakorinte 6:19). Hape o senya maphelo a ba bang, o utlwisa ba bang bohloko esitana le wena ka sebele, o qhala lenyalo le lelapa ka kakaretso. O lokela ho etsa batho ho ba bang seo le wena o ka thabelang hore ba se etse ho wena.
Ho laola ba bohadi
Ba bohadi ba ka ba laola monna wa ka. Nka etsa jwang hore a hlokomele seo jwalo ka nna haholoholo ha ba se ba kopa dintho tse sa hlokahaleng?
Mosadi ya kgathatsehileng, Port Shepstone
Mosadi ya kgathatsehileng: Ha o a lokela ho kena pakeng tsa monnao le ba habo. Ka dinako tsohle o lokela ho (a) dula o bontsha hlompho ho yena ka pela ba habo (b) o hlomphe le lelapa lohle la habo. Ke ha a se a hlokometse seo moo o ka kgonang ho mo hlokomedisa boitshwaro boo ba ba habo - e seng hore o mo qose ka hona - empa o mo hlokomedise feela kapa o mo botse feela. Etsa eka o batla ho ba utlwisisa ditlhoko tsa bona hantle e seng jwalo ka ha eka bona ke sesosa sa mathata.
Ho se tshepahale
Na nka mo bolella motswallaka ha ke tseba hore monna wa hae ha a tshepahale ho yena?
Cynthia, Soweto
Cynthia ya ratehang: O tobane le mathata. Ha o rate ha motswallao a fetolwa sethoto, athe hape ha o batle ho mo qabanya le monna wa hae. Ke nahana hore ho ya ka hore dikamano tsa lona di tiile ho le hokae. Ha le utlwana haholo, o tla tshwana le ya mo ekileng ha o ke ke wa mmolella. Ha o mmolella, ba ka nna ba tshwarelana le monna hae ka mora nakwana empa wena o tla o tshwara ka pelo. Ekare ho molemo hore o itholele, e le hore o tle o se ke wa ameha.
Ba bohadi ha ba mpatle
Moratuwa wa ka o a nthata empa ba habo ha ba batle le ho mpona, ha ba batle hore a nnyale. Ba hatella hore a nyale ngwanana ya ratwang le bona. Mohlankana enwa wa ka ke motho ya ratang meetlo hape ha a rate ho ananela mohopolo wa batswadi ba hae feela empa o boetse hape ha a rate ho ba phoqa. Ke tswelepele ho ratana le yena? Ebe nka kgona ho hlola ba habo pelong ya hae?
Ya kgathatsehileng, Bloemfontein
Ya kgathatsehileng: Ho molemo hore ba bohadi ba be ka lehlakoreng la hao. O leke ho ba kgahla hore ba o rate mme ba lakatse hore o nyalwe ke ngwanabona kapa o tshepe hore ba tla qetella ba bone hore ha o mobe jwalo ka ha ba nahana. Shebisisa menyetla ya hao dikamanong tsena mme o nke diqeto haholoho ha yena a sa hlahise ntlha.
Metswalle ke metswalle
Re na le dikamano tse tiileng le moratuwa wa ka. Na ho nepahetse hore ke be le metswalle ya banna?
Motswalle, Joburg
Motswalle ya ratehang: Ha ho phoso ho ba le metswalle ya banna o le mosadi. Empa bakeng sa dikamano tse ntle, ho molemo hore le yena e be motswalle wa banna bao. Ho jwalo le metswalleng ya hae ya basadi. Ha mohlankana wa hao a sa rate hore o kopane le metswalle ya hae ya basadi, seo ke sesupo sa dikamano tse sa lokang pakeng tsa bona. [s]
Tumelo tse fapaneng
Ke mosadi wa MoKreste ya inehetseng. Modimo o reng ha ke nyalwa ke monna ya inehetseng tumelong ya MaMuslim?
Grace, Pietermaritzburg
Grace ya ratehang: Ho ya ka Bibele, ke moralo o sa tlo tsitsa mahetleng a hao (2 Bakorinte 6:14). Kganya le lefifi ha di dule mmoho. Haeba le fela le inehetse ka ho feletseng tumelong tsa lona, le tla dula le qabana. Qetellong ho tla tshwanela hore ho be le ya ikokobetsang. Ha re etsa mohlala, tumelo ya habo e a mo dumella ho nyala sethepu athe ya hao e o dumella ho ba le monna a le mong feela (Amos 3:3). Na o ikemiseditse ho ikokobetsa?
KALAFO YA MOYA
Seo o se etsang ho ba bang, se tla etsahala le ho wena
Ngolla ho Pastor George: Heavenly Help, Box 473014, Parklands, 2121
