sotho.2436.gigs
O KE o ipotse hobaneng dibini tsa rona di ameha hakana dikotsing tsa mebileng? Bala dikoranta mme o tla hlokomela hore dikotsi tsena di etsahala haholo pakeng tsa kgwedi ya Phato le ya Tshitwe le matsatsing a Paseka.
Lebo Mathosa le yena o ne a hlokahale hona dinakong tseo. L'vovo le yena o ne a lemale kotsing, ha hlokahala ba babedi ba potlaketse OR Tambo ho ya nka sefofane se boelang Thekong ba tswa bina Delmas.
Sammy Malete, wa Mmino wa Bodumedi o ne a hlokahale kotsing ya koloi a tswa bina Mmabatho. O a hlokomela tsela eo dintho di etsahalang ka yona? "Indastering ena ho na le dikgwedi tse tharo ho ya ho tse nne tsa ho etsa tjhelete," ho rialo Mpho Makhetha, ya sebetsang ka mmino.
Dibini di ba pelo e telele - di batle ho ba dibakeng tse ngata ka nako le motsotso. A ko nahane motho a mengwe Gaborone, Nelspruit, Thekong le Joburg ka matsatsi a mabedi feela! Ho ya ka Makhetha, dibini tse ngata di etsa tjhelete e ngata ka dikonsarete ho feta thekiso ya di-CD!
"Ha dintho di tsamaile hantle, sebini se ka etsa tjhelete e kabang R45 000 ka mafelo a le mang a beke. "Tjhelete e fumanehang mona ha e tshwane le ya thekiso ya dialbamong hobane yona o e fumana hang hang."
DJ Bobo o dumellana le Makhetha. "Haeba o hana dimemo, o lahla tjhelete. "Ke a kgona ho ba dibakeng tse leshome ka bosiu ba le bong," ho rialo sibini sena se tsamayang ka setulo se mabidi ka mora ho ameha kotsing.
Kgatello
Rachel Moloi, ya seng a sebeditse indastering ena dilemong, o re dikonsarete di kenya tjhelete e ngata haholo.
"Haeba o le dipapatsong, o ba kgatellong e matla, dibini le batshwari ba tletleba ka thekiso e mpe ya mmino wa bona. "Ke ne ke batle ke inehela jwaleng ke leka ho theola kgatello," ke yena eo.
"Ho na le dibini tse sa leng nyane tse seng di phela ka dintho tse kang Grandpa ka lebaka la kgatello.
"Kwae ya dinko le yona ho bolelwa ha e le o mong wa meriana ya hlooho.
"Ha ke di nyatse dibini tsena tse qetellang di se di kene dithethefatsing le jwaleng ka teko ya ho theola mokgathala o bakwang ke maeto a malelele le ho se robale," ho bolela Moloi ya kileng a sebetsa le hona ho hahlaula le dibini tse kang Sammy Malete, Oleseng, ya neng a holofale kotsing ya koloi, Mzambia le Matlakala And The Comforters. "Ka nako e nngwe re robala hona dikoloing.
"Re kile ra etsa mekete e meraro ka mafelo a le mang a beke. Re ne re qale Benmarie Mpumalanga, ra leba Ermelo ka hora ya bobedi ka meso, ra leba Thekong moo re neng re tla bina ka hora ya leshome hoseng, ra ntano fetela Thulamahash, Bushbuckridge!"
Ha ho makatse ha dikotsi di ba ngata hakana.
Ho robala
Mpho Makhetha o bolela hore ha eba le le sehlopha se senyane, motshwari hangata e ba yena ya kgannang. "Ke yena ya robalang qetellong a boele a di rahe pele ho bohle. Ke ka hona a iphumanang a otsela a ntse a kganna, dibini tsona di robetse."
Hopola se neng se etsahale sehlopheng sa Mmino wa Bodumedi, Glory Of The Last Days - Toyota Condor ya bona e ne e bidiki makgetlo a mararo nakong eo mokganni a neng a qoba ho thulana sa dipheleu le koloi e nngwe. "Ha ke nahana ka ketsahalo eo, mmele wa ka o a baleha," ho rialo Faith Khanyile eo e leng sephoko sehlopheng seo.
E ne e le Labohlano la Paseka, re ilo bina kerekeng e nngwe. "Ke ne ke ntse ke bala makgetlo ao e neng e a bidika, ke rapela, ke re, Modimo a mpe a re pholose. "E ne e re ha ke sheba ka morao, ka fumana ho se motho, ho setse nna feela le Sello Rakometsi ya neng a kganna."
"Sello o ne a tletse madi hohle mmeleng, ke ne ke leke ho mo hwelehetsa, empa a se ke a arabela. Ke ne ke sa kgone ho lokolla lebanta la hae."
O ne a tlohe koloing ho ya sheba bang bang bao a neng a ba fumane ba hasane hohle. "Seo ke neng ke se tshohile haholo, ke hore koloi e se tjhe le Sello ka hare."
Ka lehlohonolo, kaofela ha bona ba ne ba pholohe. [s]
BONA SESOTHO - April 2008
PALEYANNETE
PALE FORCE KHASHANE
Lebo bophelo ba hae bo ne bo kgaolwe ke kotsi ya koloi.
O nahana hore dibini tsa rona di ja wa kebolelo. Ekaba o a tseba hore di sebetsa ka thata jwang ho ka iphedisa? Hona o ke o ipotse hore hobaneng dibini tsa rona di eshwa hakana dikotsing tsa mebileng?
Ba shwella boithabiso
Ho ya ka Mpho Makhetha, ya sebetsang mminong, dibini di etsa tjhelete e ngata ka dikonsarete ho feta thekiso ya di-CD.
BONA SESOTHO - April 2008
Mokaubere mminong, Ray Phiri o ne a idibane beke kaofela ka mora kotsi ya koloi.
L'Vovo o ne a robehe sephaka kotsing ya koloi.
