sotho.2416.legal dec
Ya hao ka molao
Maemo a mabe
MATHATA: Ke tlereke ya dikhomputara khampaneng ya dilori. Mookamedi wa ka e motjha o boleletse basebetsi bohle hore ha ke tshepahale mme hape o tla etsa hore ke sulafallwe ho fihlela ke tsamaya. Ha ke sa buiswa ke motho jwale mme kantoro ya ka e fetotswe sebaka sa ho boloka thepa hape le khomputara ya ka e ntshitswe 'software' ka hoo ha e sebetse - ha ke kgone ho etsa mosebetsi wa ka. Ha ke buisana le yena, o halefa haholo mme a laele hore ke tswe ke fele ka kantorong ya hae. Ha ho moo nka isang ditletlebo teng empa nnete ke hore mosebetsi wa ka ke o etsa ka bokgabane. Ke etse jwang"
KELETSO YA SCORPION:
Mookamedi wa hao e motjha o sentse bophelo ba hao ba mosebetsing. O o ahetse maemo a mabe hona hoo o ka nnang wa iphumana o lelekwa mosebetsing.
Ho lelekwa ha mofuta ona ho tlasa molawana wa karolo 186(1)(e) wa Labour Relations Act mme o dumella mosebetsi ho itokolla mosebetsing a tsebisitse baokamedi ba hae kapa tjhe hobane e le bona ba sulafaditseng bophelo ba hae mosebetsing.
Mookamedi wa hao o entse hore maemo ao o phelang tlasa ona mosebetsing ebe a sa mamelleheng hohang mme moemedi wa ha CCMA a ka nna a kenella hore a shebisise taba ena mme ke bona ekare o tla ba ka lehlakoreng la hao. Ho tla etswa diteko pele taba ena e tshohlwa ka lekgotleng la dinyewe. Ho tla shebisiswa dintlha tsena tse tharo tsa bohlokwa:
u Ebe maemo a ne a le tlasa taolo ya mookamedi eo wa hao"
u Ha ho se seng se molemo se ka etswang ntle le hore o be o lelekilwe mosebetsing"
u Ebe seo se ka susumeletsa mosebetsi ha diela mosebetsing wa hae"
Re nahana hore o bonane le batshwari ba tsa tsamaiso khampaneng ena. Athe haeba a le siyo, o ka kopa ho bonana le e mong wa baokamedi ba ka sehlohong ba khampane ena mme o hlahise tletlebo ya hao. Ha a hana ho bonana le wena kapa le ka mora ho bua le yena o sa bone phapang ya ho rarolla mathata ana mme ho fihla moo o seng o ke ke wa mamella boitshwaro boo ba mookamedi wa hao, o tla tlameha ho itokolla mosebetsing.
Empa o ngole hore o tlohela mosebetsing ka lebaka lefe. Re boetse re o eletsa ho ikopanya le mmuelli wa hao hore a o thuse ho ngola lengolo lena la ho itokolla mosebetsing. [s]
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
DI NKILWE KE DIBONTSHI
