sotho.2413.job
ya ho atleha mosebetsing
1EBA HLWAHLWA
Eba hlwahlwa haholo ho feta ka moo ho lebelletsweng ka teng mosebetsing wa hao. "Rata mosebetsi," ho bolela mokwetlise wa mesebetsi, Marty Nemko. "Ha o sebetsa ka bokgabane, o tla ba motlotlo ka wena esitana le ka mosebetsi wa hao."
Hape: dula o shebisisa menyetla e metle e ka o thusang ho ntlafatsa mosebetsi wa hao - mme o netefatse hore o fumana tlotla e o loketseng.
2 ITLAME
"Itlame ho etsa mesebetsi e meng e lehlakoreng - haholoholo eo ho seng motho ya batlang ho e etsa - ke mokgwa o motle wa ho bontsha boinehelo le tjheseho ya ho batla ho ithuta dintho tse ntjha mosebetsing," ho bolela Roman van Niekerk wa khampane e batlelang batho mesebetsi ya ha Kelly.
3 MAMELA
"Bohle re nahana hore re na le bokgoni bo botle ba ho mamela," ho bolela Nemko. "Empa ha o sheba bohle bao o ba tsebang, ke dipersente tse kae tsa bona tseo o ka reng di kgona ho utlwisisa se buuwang" Athe ba bang ha ba ikgathatse hohang ka bokgoni ba ho mamedisisa ha ho buuwa le bona.
"Ho mamela ha ho bonolo jwaloka ha ba bangata ba nahana. O hloka ho mamedisisa ka hohlehohle seo motho a se buang, o shebe le ka moo a leng ka teng ha a bua ka taba eo.
4 KGOBA MATSHWAFO
Ho kgoba matshwafo ha o tobane le mosebetsi leha o se o le tlasa kgatello o se ke wa tatasela, ho tla o thusa hore o atlehe mme ho totobale hore o kgona ho sebetsa ka katleho le tlasa kgatello.
5 BOLOKA NAKO
Mokgwa o mong o thusang motho ho atleha mosebetsing, ke ho itlwaetsa ho tshwara nako. "Mohiri wa hao o tla hlokomela hore o hlonepha nako ya mosebetsi hape o na le tjheseho ya ho batla ho etsa sohle seo o ka se kgonang ho netefatsa hore mosebetsi o tsamaya hantle," ho bolela Van Niekerk.
"Fihla pele ho nako ya mosebetsi mme o tsamaye ka mora nako ya ho tjhaisa leha e le ka metsotso e 15 feela. Eja dijo tse lekaneng hantle tsa hoseng ho phema ho nna o nyolosa o theosa o batla moo o ka fumanang diseneke tsa ho kwala lephako ha di tlwaela makgulo.
"Ka nako ya tinare, tsebisa mohiri ha o tsamaya mme o kgutle pele ho nako eo le dumellaneng ka yona."
HA RE PHETHELA...
"Mokgwa o mong o ka o thusang ho bona hore o fela o etsa mosebetsi wa hao ka tshwanelo, ke ho boela o shebisisa CV mme o ipotse hore ke sefe seo o ka se eketsang ho yona ka mora dikgwedi tseo tse 12," eo ke keletso ya Liz Ryan, molaodi wa mehleng wa tsa mesebetsi le mothehi wa WorldWIT, mokgatlo wa dipuisano wa basadi ba profeshenale ba buisanang ka dikhomputara.
"Ha ho se letho leo o ka le eketsang ho CV ya hao eo o bonang hore e ka o tswela molemo ho seo o seng o se entse selemo kaofela, ho a totobala hore o hamela letanteng le dutlang." [s]
BONA SESOTHO June 2008
MEHATO
MOSEBETSI WA HAO
Ditsebi di re ha o ka tjhentjha boitshwaro mosebetsing hona kajeno, o ntlafatse bokgoni ba ho mamela le hore o be mosa ho ba bang, hona ho ka o thusa hore o be le menyetla ya ho nyollelwa maemong a hodimo mosebetsing...
Pale THANDI ZULU
