sotho.2408.coffins
Mabokose a sa bitseng
Phema ditjeho tsa lefu
Ha ho hlokahale tjhelete e ngata hore phupu ya e mong wa ba leloko la heno ebe e hlomphehang
HO ETSETSA e mong wa ba leloko phupu e ikgethang ke ntho ya bohlokwa ho Maafrika Borwa. Ho pata mofu wa hao ka lebokose la theko e tlase le lejwe la sehopotso le theko e jwalo, ke ho theola seriti sa mofu wa hao.
Ho na le ba seng ba sa ipotse le hore bona bafu bao ba ka thabela taba ya hore lelapa la bona le kene dikolotong ka lebaka la lefu la bona.
Dintho tse etswang, di ebe di etsetswa ho bontsha lerato, ba sa natse hore batho ba nahanang.
Haeba o dula toropong, ho teng ntho e nngwe eo o tlamehang ho e nahana. Bomasepala ba bangata ba fellwa ke ditsha tsa mabitla mme ho ntse ho lohothwa melao e tla laola mapato.
Ho na le monahano oo ho phehisanwang ka ona wa hore ho epollwe mabitla ka mora dilemo tse tsheletseng ho ya ho tse leshome mme masapo a teng a tjheswe. Haeba ho tla ba jwalo, ke ofe molemo wa hore o sebedise lebokose le lejwe le majabajaba lebitleng la mofu wa hao ha mmuso ka mora nako e itseng o tla fihla o epolle lebokose o be o senye le lejwe leo"
Ditaba tse monate ke tsa hore jwale o ka etsa lepato le babatsehang ka ditjeho tse fihlellehang!
Ditjeho tse tlase
Lefapha la Temo le Tikoloho la KZN le Working For Water (WfW) di se di hlahile le mabokose a bona ka lenaneo la bona le bitswang Invasive Alien Species.
Mabokose ana a entswe ka difate tse tswang mane bohareng ba KwaZulu-Natal.
Mabokose ana a rekiswa ka theko e ka tlase ho ya a tlwaelehileng - dikereke jwale di tla a reka mme di rupelle batho ho a etsa hore ba tle ba tsebe ho ithekisetsa ona e le e nngwe teko ya thero ya mesebetsi.
"Mona Afrika Borwa batho ba futsanehileng ba qobellwa ho reka mabokose ka theko e hodimo, athe mabokose ana ba ka nna ba a reka ka tjhelete e ka tlase ho e tlwaelehileng ka 20 lekgolong," ho rialo Bheki Dlamini wa lenaneo la Invasive Alien Species.
Mabokose ana a bitsa ho tloha ho R350 ho ya ho R850.
Ho sireletsa bareki
Dlamini o bolela hore leano lena le tlile ka mora ditletlebo tse ngata tsa ditjeho tse hodimo tsa mapato.
"Sena se bile se nametse le dikhampaneng tsena tsa diinshorense, ho se ho etswa le meketjana e itseng eo ka yona ho hlomtjhwang mofu mme sena sohle se tlisa kgatello bathong ba kojwana di mahetleng ba ipone ba phoqehile ha ba sa kgone ho etsa seo."
Ho sireletsa setjhaba makanyaneng ana a sebedisang menyetla ya ba hlokahalletsweng, motho a ke ke a kgone ho ithekela lebokose lena.
Se tla etsahala ke hore mabokose ana a tla fumaneha dikerekeng.
"Dikereke tsena ke tsona tse tla sheba tsamaiso ya thekiso ya mabokose ana ka tshebedisanommoho le marena mme tsohle di tla etswa ka theko e tlase," ho rialo Dlamini.
Dikereke tsena ha di na ho laola thekiso ya mabokose ana feela, empa di tla tlisa menyetla ya mesebetsi setjhabeng le ho fokotsa ditjeho tsa mapato setjhabeng.
Mabatowa a mang
Ha jwale projeke ena e sa tsetsitse mane KZN, empa e ntse e tla namela le mabatoweng a mang.
O mong monahano oo ba o nahanang ke wa ho etsa mofuta o kgweswang o boelang o tjheollwe. Ho bobebe ho nka lebokose lena hobane o a le tjheolla o tsamaye le mapolanka ao, o boele o le kgwese.
WfW e rera ho sebedisana le bomasepala hore ba ahe mabokose a tlang ho thusa bafutsana. Ho na le mabaka a mangata a etsang hore batho ba be kgahlano le mapato a bitsang, leha ho le jwalo, ho boima bo bolela hore bophelo ba motho bo bitsa bokae.
Ha se ka tsela ya lepato le bitsang feela eo ka yona o ka bontshang mofu wa heno ka moo o neng o mo rata ka
teng. [s]
BONA SESOTHO - June 2007
Bahlahise ba mabokose ana.
Ke tsona dikutu tsa difate tse sebedisitsweng mona.
pale ka TANIA SANDBERG
