sotho.2401.yourlifeguide_breast
Tseba ka opereshene
ya matswele
O rata ho e etsa kapa o a kgahlwa feela, ke tsena tseo o tlamehang ho di tseba ka opereshene ya ho hodisa matswele Mzansi
OPERESHENE e nka nako e ka bang metsotso e 90. E etswa ka hore o sehwe tlasa ditlhoko mme ho kengwe (mokotlanyana o nang le silicone kapa gel) ho etsa hore a be malelelenyana.
Ke sona seo batho ba se hlokang. O ka nna wa a phahamisa kapa o a fokotse, empa hangata ba rata ho a hodisa.
Ka mora opereshene, ditlhoko di tla ba shohlo, empa sena se tla fela ka mora dikgwedi tse tsheletseng, ho bolela plastic surgeon ya Joburg, Dr Braun ho Website ya hae, www.drbraun.co.za.
O bolela hore dikgweding tse pedi ho ya ho tse tharo, o a lebala hore ho teng se kentsweng matsweleng - matswele a boele "setlwaeding."
O ka kgutlela mosebetsing ka mora matsatsi a mmalwa. Leha ho nepahetse ho tena boti, wena kapa moratuwa wa hao, le tlameha ho qoba ho thetsa matswele nako e ka etsang dibeke tse nne kaofela.
Opereshene ena e bitsa pakeng tsa R30 000 le R35 000.
Empa pele o boloka tjhelete ya ho e etsa, tseba ka mathata le kotsi ya yona.
Leha ditlaleho di bolela ha ho hodisa matswele ho sa bake kankere ya letswele, empa o ka nna wa tobana le a mang mathata.
Re ka etsa mohlala ka hore bathong ba 40 ho ba lekgolo ba hodisang matswele ba boela ba etse opereshene e nngwe ho lokisa diphoso tse etsahetseng operesheneng ya pele.
Food And Drug Administration (FDA) eo e leng yona e hlokomelang ditho tsa maiketsetso mane USA, e fumane hore ditho tsena haholoholo ona matswele, a tswa moya le pele ho fela dilemo tse tharo.
A senyeha ka bonolo. Ho wa feela, ho ka a phatlola mme a qale mathata. Ha a se a ena le nako, a ba kotsing ya ho phatloha kapa hona ho dutla.
Bonneteng, FDA e fumana hore matswele ana a maiketsetso a baka mathata selemo le selemo.
Naheng ena, ho a lokisa ha a senyehile, ho ntse ho bitsa lenane le lekanang le ho a qala fatshe.
E nngwe taba ke hore ha
ho na tiisetso ya hore o tla kgona ho nyantsha ka mora opereshene. [s]
Pale: Ntokozo Maseko
BOPHELO BA HAO
Ha di dutse nako e telele mmeleng, di ba kotsing ya ho phatloha kapa ho dula
HLOKOMELA!
Mona Afrika Borwa, ha se dingaka tsohle tse ka etsang opereshene ya plastic surgery. Ngaka e tlameha ho etsa tse ding dithuto tsa dilemo tse hlano bakeng sa diopereshene tsa mofuta ona. O tlameha ho netefatsa hore ngaka ya hao e na le boiphihlelo ba mosebetsi oo. Sheba le hore e ingodisitse mokgatlong o molaong. Dingaka tse 98 lekgolong tsa diopereshene tsena mona Afrika Borwa di ingodisitse mokgatlong wa Association Of Plastic And Reconstructive Surgeons Of Southern Africa.
INAHANE HANTLE!
Pele o nahana ka matswele a maholo le bophelo bo botere, nahana ka mathata ana jwalo ka ha plastic surgeon ya Kapa Dr. Paul Skoll a bolela ho website ya www.plasticsurgeon.co.za:
Diopereshene tsohle di kotsi: Mathata a kang lefu la pelo, ho shwa lehlakore ke a mang a mathata a ka latelang - ka hoo, o tlameha ho phela hantle o shahle pele ho mosebetsi ona. Ho website ya hae, Dr Skoll ha a etse opereishene mothong ya nonneng tlolo kapa ya sa kang a emisa ho tsuba bonyane dibeke tse nne pele ho opereshene.
Matswele a maiketsetso ha se a moshwelella: Ho ka etsahala hore se kentsweng matsweleng ho be le tlhokeho ya hore se tjhentjhwe kapa se tloswe ka mora nako.
Diopereshene tsena di siya maqeba: Leha bongata ba ona e pateha, a fela, a mang ha a fele, a a hlaka, haholoholo ha o le lebala le letsho.
Tshwaetso: Ka nako e nngwe matswele ana a maiketsetso a kenwa ke tshwaetso. Ha ho etsahetse, a tlameha ho tloswa dikgwedi tse tharo ho ya ho tse tsheletseng.
Ho lemala methapo: Methapo e ka lemala opereisheneng mme ditlhoko di dule di le shohlo.
Ho hlahloba kankere ya letswele: Ha o kentse matswele a maiketsetso, ha ho bonolo hore kankere ya matswele e bonahale ha o ena le yona. Dr Skoll o eletsa bakudi ba dilemo di 40 hore ba etse ditlhahlobo tsa mammogram (X-ray e tla bontsha ditlhala tse nyane matsweleng pele ba ka etswa opereishene).
Ho sisinyeha: Matswele ana a maiketsetso a ka sutha sebakeng sa ona mme ho tlamehe ho etswe e nngwe, e leng ditjeho tse ding hape.
