sotho.2392.thapelo
O motle!
Re bua le seithati sa monna, Thapelo Mokoena, re bua ka mosebetsi wa hae, mmino a o ratang esitana le sefate seo a neng a phomole ho sona letsatsi leo a neng a fihle ka lona ho lena la ba utlwang...
BONA SESOTHO - October 2007
pale ka JENNI O'GRADY ditshwantsho ka JOHN HODGKISS
Thapelo ha a sa na nako ya ho ya ditlelapong, o rata ho iqoqela le metswalle ya hae, ba tshehe ho be monate mme ba mamele le mmino.
E monate! Se seng sa dijo tse ratwang ke dibapadi tsa Fear Factor.
THAPELO Mokoena, o ne a fihle e sa le nako, ka hora ya leshome lebenkeleng la ho jela moo re neng re ilo tshwarela puisano ya rona le yena. Ke ntse ke hopola le ketso ya motswalle wa ka Khanya ha ke ne ke mmolella hore ke ilo ba le puisano le yena.
"O lehlohonolo, ke pabala ya monna," o ne a bua a thabile jwalo ka mohlankana ya neng a fumane monyetla wa ho suna Karabo wa Generations.
Thapelo ha se lekgetlo la pele a kena dipaleng o kile a bapala ho Fear Factor le ho tse ding.
Hape o dutse a hahlaula Afrika le MTV ka maikemisetso a ho hlokomedisa setjhaba ka bohloko ba EITSI.
"Ha ke le moo ditoropong tse kgolo, batho ba nthabela haholo, e leng seo ba sa se etseng ha ke le hara bona," ke yena eo a ntse a tsheha.
O tswa lapeng la bana ba 11, bashemane ba robong le dikgaitsedi tsa bona tse pedi mane Ladysmith. Ka lebaka leo o ipitsa moshemane wa Mosotho ya holetseng KwaZulu-Natal.
Sefate
O ne a hlahele tlasa sefate. Mehleng eo diselefounu di ne di le siyo, ka hoo, mme wa Thapelo o ne a tlamehe ho emela malomae ho tla fihla moo mme a mo ise sepetlele ho ya beleha.
Mmila e ne e le o lepoqo jwale koloi ya tlameha ho hata kwekwe ho leba sepetlele - ka ho le leng, Thapelo o ne a se a itseka, a behile mmae merebele a batla ho ipona a le ho lena la ba utlwang. Thapelo o ne a hloke mamello mme koloi ya tlameha ho emisa, mme mmae, a belehela tlasa sefate a belehiswa ke metswalle ya hae Carol le Mmafranci.
"Mme o ne a nqoqele taba ena ke se ke le dilemo di 22. Ke ne ke ye ho ya bona sefate seo," ho rialo Thapelo.
"Ke ne ke qete nakwana tlasa sona mme ka se nka le ditshwantsho.
"Ke ne ke fumane se ntse se le teng leha ho ne ho se ho entswe dintlafatso sebakeng seo.
"O a tseba ho na le dintho tseo batho ba tshepelang ho tsona jwalo ka dintho tsa bona tsa mahlohonolo, le nna sefate seo, ke letshwao la ka la lehlohonolo. Se mpha matla. Ke tla etsa tatoo ya sona mona leotong."
Ho ikemela bophelong
O ne a phakise ho ikemela ka mora materiki. O ne a batle ho ba le ntlo ya hae, koloi mmoho le tjhelete.
"Empa he hobane mme e ne e le titjhere, ha a ka ntumella hore ke iqalle bophelo ntle le hore ho be teng dithuto tseo ke di etsang ka mora materiki," ke yena eo a ntse a tsheha.
"Molao wa hae o ne o hlile o tiile. Re hotse re tseba bohlokwa ba thuto.
"Jwalo ka ha re holetse mahaeng, moo ho neng ho se mananeo a tataiso ya thuto, ke ne ke hole ke tseba seo ke neng ke se bolellwa ke batswadi - hore motho a ka ithutela dintho tse kang bongaka, accountant kapa yona engineering.
Yunivesithing
Thapelo o ne a tswe pele ho business economics sekolong mme mmae eo e leng mosuwehlooho, Nonhlanhla, le ntatae, Mike eo e leng monga Free State Stars, ba ne ba mo kgothaletse ho ingodisetsa dithuto tsa BComm mane Wits.
"Empa ke ne ke tshaba ho ba accountant," ke Thapelo a ntse a tsheha. "Ke ne ke tshabe letsatsi la pele ke le dithutong tseo, empa ka tshaba ho bolella batswadi ba ka."
O hopola se neng se etsahale, lelapa lohle la tatasela, ha tshwarwa dikopano tse potlakang ha a ne a hlahisa ditaba tsena ka mora dikgwedi tse robong a le dithutong tsena.
Abutiae e mong ke engineer, ha e mong e le accountant, ha ba bang bona ba thusa ntata bona bolong - jwale ha bonahala ha Thapelo yena a ba mokgelo ka hore a rate dipale.
"Ke ne ke senye selemo kaofela, empa qetellong mme le ntate ba ntumella hore nke ke leke mosebetsi oo ke neng ke o labalabela."
O ne a nke qeto ya hore a fumane tsebo e feletseng ka indasteri ena a kenang ho yona. O ne a boele dithutong tsa hae hape ka 2004 mme a fumana degree ho tsa difilimi.
O ne a ngodise akgenteng mme ka potlako a fumana sekgeo papatsong ya ha Shoprite.
"Ke ne ke thabe haholo - e ne e ka ke nehilwe karolo e pele filiming!" ke yena a ntse a bonya.
Boinehelo
"Ntle le talente, ho ba sebapadi sa dipale ho hloka boinehelo le ho ipoloka o le maemong," ho bolela Thapelo.
Yena o ipoloka a le maemong ka hore a nne a palame baesekele, a bapale basketball le volleyball a je le ditholwana.
Mmae le nkgonwae ba ne ba mo rute ho pheha - o rata ho pheha mokopu, tamati le moroho.
Empa he ho na le matsatsi ao motho a bang maphathephathe ka ona, a qetelle a phehile ntho e potlakang ka microwave!
Thapelo o rata ho kgabisa ntlo.
"Haeba ke ne ke iketsetsa, nka be ke kgutlisa mehla ya kgale ya bo 1950," ke yena eo.
O rata difilimi mme o rata ho dula a le sehlohlolong sa tse etsahalang sedikadikweng sa difilimi. Mantsiboya o rata ho dula le metswalle ya hae ho qoqwe ho be monate mme ho mamelwe mmino wa Corinne Bailey Rae, jazz esitana le mbaqanga.
O bolela ha a se a kgathetse ke ho ya ditlelapong, o se a hanne dimemo tse leshome kaofela.
"Ha o ya tlelapong, o kopana le batho ba bangata. Banana ba dutseng ba rorisa mosebetsi wa hao, e leng seo ke seng ke sa se thabele."
Ha re mmotsa ka dikamano tsa lerato, o ne a bonye feela.
"Ha ke so nyale...," ke yena eo, "ke ho fela ha seo nka o bolellang sona..." [s]
O tla kgona kapa tjhe" Pizza ena e na le metswakonyana e meng e tla ba makatsa.
E be o se a nyetse"
BONA SESOTHO - October 2007
u
t
Ke lakatse e be ke ne ke phela dilemong tsa bo 1950
BONA SESOTHO - October 2007
Thapelo o shebeletse ha ba bang ba ntse ba "hlokofatswa."
Thapelo o ipolela e le moshemane wa Mosotho ya holetseng KwaZulu-Natal.
