sotho.2373.parreira
BONA - August 2005
KE YENA kapa ha se yena? Ha e le yena, o fihla neng? Ha e se yena, o nyatsitseng? SAFA e qadile papadi ya yona eo e e ratang ya ho hira e hirolla bakwetlise ba sehlopha sa naha. Le boraditaba ba kenelletse ho ferekanya setjhaba.
Mafelong a Phupu, ho ne ho thwe mohlodi enwa ya kileng a hapa Mohope wa Lefatshe, o saenne tumellano ka mora dipuisano tse neng di le Rio de Janeir mme o ikemiseditse ho tla kwetlisa Bafana. O ne a lokela ho qala ka la 1 Phato empa ya qala menyenyetsi. Baqolotsi ba re ho na le mathata tumellanong ya bona.
Ya qala Phato ya ba ya fela re shebile lekgalong hore o a hlaha, o a hlaha Parreira. Jwale ho thwe o tla ka Pherekgong 2007. O hopole hore e ka nna ya eba yena molopolli wa Bafana - empa ke sefe se ka nnang sa etsahala - a re shebisiseng Parreira hantle...
CARLOS Alberto Gomes Parreira o hlahetse Rio de Janeiro mohla la 27 Hlakola 1943. Ke e mong wa bakwetlise ba babedi feela ba seng ba kile ba etella pele dihlopha ka makgetlo ho hapa Mohope wa Lefatshe: Kuwait ka 1982, United Arab Emirates ka 1990, Brazil ka 1994 le 2006, le Saudi Arabia ka 1998.
Leha a le hlwahlwa hakaalo bolong empa yena ha eso ka eba sebapadi sa profeshenale. Hape dithutong tsa hae tsa sehlooho yunivesithing, o ne a etsa boithapollo ba mmele mme a qala ho ba mokwetlise mane Ghana ka 1967.
Ka 1970, a hirelwa ho ba mokwetlise ya shebaneng le ho kwena ha mmele ya dibapadi ka nako ya Mohope wa lefatshe wa sehlopha sa Brazil, ka nako eo ho ne ho bapala bo Pelé, Jairzinho, Rivelino le Tostão. Parreira a boela a ba le bona hape mane Mexico ha ba ne ba hlola Italy 4-1 ho makgaolakgang.
Lebitso la hae la ntlafala empa hoo ho sa bolele hore ho ne ho se mathata tseleng ya hae. Ka nako eo a neng a kwetlisa Saudi Arabia, ka 1998, Mohopeng wa Lefatshe mane Fora, o ne a lelekwe ka mora dipapadi tse pedi feela. A kena sehlopheng sa Brazil seo a neng a ena le sona mane Jeremane ka 2006...
Bohle ba ne ba makale ha dithatohatsi tsena di ntshwa ke Fora ho seka-makgaolakgang. "Ke mohlolo oo ho neng ho se ya o lebeletseng," o ne a bolelle boraditaba jwalo. Ho thwe o ne a tshaba le ho tsamaya mebileng ya Rio ho fihlela a ba a itokolla mosebetsing.
LEHA ho le jwale, tlholo ya hae ya 1994 e entse hore a be ka hodimo ho bohle ka dintlha bakeng sa ho ba mokwetlise wa Bafana. "Ke bokgabane bo boholo ho hira mokwetlise ya seng a kile a hapa Mohope wa Lefatshe," Doctor Khumalo o boletse jwalo ho Pretoria News. "Empa re lokela ho mo tshehetsa ka ho feletseng." Le Pitso Mosimane wa SuperSport United o tlatseleditse ka hore le boraditaba ba naheng ena ba lokela ho tshehetsa mokwetlise e motjha.
Mokwetlise wa mehleng wa Ajax Cape Town, Gordon Igesund yena o re Maafrika Borwa ha a lokela ho akgela morwalo ohle mahetleng a Parreira. "Re lokela ho mo tshehetsa hore a re thuse ho aha sehlopha sa rona e seng feela bakeng sa 2010. Re ke ke ra phela ka ho dula re qala botjha selemo le selemo."
Mokwetlise wa Under-23, Steve Kompela yena o re: "Re lokela ho tshehetsa Parreira lebitsong la naha ya habo rona!" Empa Matshelane Mamabolo wa The Star, o botsa hore ebe na Parreira o tla tshehetswa ke SAFA?
"Ho tla etsahalang ha a ka hloleha ho kena tlhodisanong ya Mohope wa Dinaha tsa Afrika wa 2008? Ho ya ka tumellano, o tla be a lokela ho tswelapele. Empa SAFA e ka nna ya ba tlasa kgatello ya batshehetsi mme ya leleka monna enwa wa Brazil."
Yena Parreira o tla qala neng ho aha sehlopha? Ebe o tla tlameha ho tswelapele le sehlopha se neng se re tlotlolle Mohopeng wa Dinaha tsa Afrika le Botswana ho Cosafa kapa o tla batla dipapadi Liking? Kapa o tla di batla dinaheng tsa mose?
Empa Parreira ke monna ya nang le bokgoni ba ho tjhentjha maemo bolong.
Yena o re: "Dibapadi di ahwa dihlopheng tsa tsona." Brazil ha e maemong a hodimo ka lehlohonolo, e sebetsa ka thata.
O re dibapadi tse kang bo Ronaldinho, di ikwetlisa ka thata leha di ena le neo e babatsehang jwalo. Ke seo Bafana e lokelang ho se etsa - hape ba bapale kgafetsa. Mokwetlise e motjha o tla lebella boitshwaro bo botle e leng se siyo hohang bolong ya Afrika Borwa.
BANYEFODI ba re Parreira o rata ho sireletse mekwallo empa o a hana. "Ke rata ho tsetsisa maemo ka lebaleng." Hape o tlwaetse ho aha sehlopha ho tloha fatshe. Ho kenya Kuwait Mohopeng wa Lefatshe ho yena ho ne ho mo thabise ho feta ho o hapa le Brazil. "Ke ne ke sebetse dilemo tse robedi kaofela, re qala sehlopha seo fatshe. Ke ne thabile haholo."
O re papading ya bolo ha ho tshwane le ho tse ding. "Dihlopha tse nyenyane di dutse di ena le menyetla. Moletsaphala a ka nna a etsa diphoso mona le mane kapa dibapadi ka botsona di tjhentjhe mmapalo, kapa di makatse batho, di ntshe dinaledi fomong, ka nako e nngwe ho sebetse lehlohonolo feela." Jwalo ka ha Gordon Ingesund, Doctor Khumalo, Pitso Mosimane le ba bang ba se ba boletse, SAFA e lokela ho neha Parreira monyetla le tokoloho.
O rata kapa o sa rate, Parreira yena ke mohlodi, o se a kwetlisitse dihlopha tse pele mme tsa hapa Mohope wa Lefatshe le boiphihlelo ba hae bo ka hodimo ho bakwetlise bohle ba naheng ena.[s]
Bokamoso bo matsohong a bona
(ho fihlela ha jwale)
pale ka ISAAC KWELA
Parreira o rera bokamoso ba bolo ya Afrika Borwa.
Qetellong sehlopha sa naha sa Afrika Borwa se tataiswa ke bahlodi ba Mohope wa Lefatshe - empa na ba tla kgona ho inola bolo ya habo rona?
Tsela e lebang ho 2010
BONA SESOTHO - October 2006
u
t
BONA SESOTHO - October 2006
O na le boiphihlelo bo fetang bohle naheng ena
Ke pale...
HO ba le bakwetlise ba 13 dilemong tse 14 ha se pale e ntle hohang eo Afrika Borwa e ka ithorisang ka yona...
u Stanley Tshabalala (Jun-Oct 1992).
u Ephraim Mashaba (Apr 2001; Aug 2002-Nov 2003).
u Augusto Palacios (Dec 1992-Jan 1994).
u Clive Barker (Mar 1994-Dec 1997).
u Jomo Sono (Jan-Feb 1998; Mar-Jul 2002; May 2003).
u Philippe Troussier (Mar-Jul 1998).
u Trott Moloto (Oct 1998-Sep 2000; Apr 2002).
u Carlos Queiroz (Oct 2000-Mar 2002).
u Kenneth Kubheka (Jul 2003).
u Styles Phumo (Jan-March 2004).
u Stuart Baxter (May 2004-Dec 2005).
u Ted Dumitru (Jan-Feb 2006).
u Pitso Mosimane (May 2006, Aug 2006).
