Kopo phemiti ya kalafo ya bongaka
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Kopo ya phemiti ya tumellano
Kopo ya phemiti ya moifo maritime
Phemiti ya lenaneo la phapanyetsano ya setsomoruop
Kopo ya phemiti ya bao ba batlang tshireletso
Phemiti ya kalafo ya bongaka
Kopo ya phemiti ya mosebetsi
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Ho kena kapa ho etela Afrika Borwa
Bodulo ba nakwana
Phemiti ya kalafo ya bongaka
Kopo phemiti ya kalafo ya bongaka
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Phemiti ya kalafo ya bongaka e fuwa motho ya tswang ka ntle ho naha ya batlang ho fumana kalafo ya bongaka mona Afrika Borwa. Phemiti e jwalo ya kalafo ya bongaka e sebetsa bakeng sa boholo ba dikgwedi tse tsheletseng ka nako. Etsa kopo ya phemiti ya phapanyetsano embasing kapa misheneng o haufi le wena wa Afrika Borwa.
Hodimo
Mehato e latelwang
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-1738.
Romela phasepto e lokelang hosebetsa nakong ya matsatsi a seng ka tlase ho a 30 ka mora ho fellwa ke nako ya leeto le neng le lohothwa.
Romela bopaki ba tjhelete bakeng sa ho lefella ditlhoko tsohle tsa letsatsi le letsatsi tsa batho bohle hore di tsamaye le motho ya tshwereng phemiti ya bongaka (ha e le teng) mme bona bo be ka mokgwa wa ditatemente, ditlankana tsa moputso kapa ditjheke tsa boeti.
Romela lengolo le tswang ngakeng kapa institjhusheneng ya bongaka, le hlahisang mabaka kapa tlhokeho ya kalafo, nako e lebelletsweng ya kalafo le dintlha tsa merero ya kalafo mona Afrika Borwa.
Fana ka dintlha tsa motho kapa institjhushene e tla ba le boikarabelo ba ditjeo tsa bongaka le ditefello tsa sepetlele tsa motho ya tshwereng phemiti, ha e le teng. Romela bopaki ba ditjhelete kapa tshireletso ya bongaka haebe sekimi sa hao sa bongaka kapa ramosebetsi wa hao a ke ke a ba le boikarabelo ba molato o bileng teng.
Fanaka e nngwe kapa tse ding tsa ditokomane tse latelang bakeng sa hore di tsamaye le kopo ya hao ya phemiti:
o afidaviti BI-1712A haebe ho na le dikamano tse ding tsa bohatsa tse fapaneng le tsa lenyalo, le bopaki ba hore le dula mmoho o konteraka ya notarial, nqeng eo le dulang le le babedi le mohatsa hao o bopaki ba kopano kapa lenyalo la setso, moo ho hlokehang o lenglo la ho hlala, moo ho tshwanetseng o bopaki ba taelo ya lekgotla le ho nehan tokelo ya bohlokomedi, moo ho tshwanetseng o setifikeiti sa ho hlokahala, bakeng sa mohatsa ya hlokahetseng, moo ho tshwanetseng o tumello e ngotsweng fatshe ho tswa batswading ka bobedi, kapa motswading eo e leng mohlokomedi a le mong, moo ho tshwanetseng, le bopaki ba ho ba mohlokomedi o le mong o bopaki ba adopshene ya semolao, moo ho tshwanetseng o taelo ya molao ya karohano, moo ho tshwanetseng o police clearance certificate haebe wena, mokopi, o dilemo tse 21 le ka hodimo ho moo, bakeng sa dinaha tsohle moo o ileng wa dula ho tsona nako ya selemo se le seng kapa ka hodimo ho moo o setifikeiti sa moento, ha ho hlokeha.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Dikopo di ka nka boholo ba matsatsi a 30.
Hodimo
Ditjeo
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Diforomo di fuwa ka tsela ya PDF. Ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
BI-1738(Kopo ya phemiti ya bodulo ba nakwana)
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
