sotho.2357.school
BONA - August 2005
Thusa ngwana a atlehe sekolong
ka PRIMROSE WILLIAMS ditshwantsho ka GREAT STOCK!
Ho ba le thahasello dithutong tsa ngwana tsa hao, ho ka mo thabisa, a phakise ho hlokomela molemo wa thuto
BATHO ba bangata ba neng ba kgothalletse ho thusa bana ba bona dithutong ha ba sa le mephatong e tlase, ba atisa ho tjhetjha hanyenyane ha ba fihla ho e hodimo. Dilemo tsa poraimari ha bana ba le dilemong tse 9-12 ke tsa bohlokwa haholo hobane ngwana ha a ka qala ho tswafa sekolo dilemong tseo, ha ho bobebe hore a boele a se kgothalle.
Leha ka nako eo ngwana a tlameha ho qala ho tseba ho ipalla ka boyena, empa o a e hloka, tataiso, taolo le tshehetso ya hao. Ho nka seabo dithutong tsa hae ke ntho ya bohlokwa mme ho molemo haholo.
Ke sefe seabo sa batswadi"
Di ngata dintho tse ka etswang ke batswadi - ba ka mo balla, ba bale le yena, ba ye le yena laeboraring, ba hlahlobe mosebetsi wa hae wa sekolo, ba mo fokoletse dinako tsa ho shebella TV (ba mo kgothaletse ho qeta nako e ngata a bala ho ena le ho shebella TV).
Kapa hona ho mmotsa hore na ho ne ho le jwang sekolong" "Seo se bontsha hore o thahasella thuto ya hae.
Ke tsena dintho tseo o ka di etsang:
n Eya sekolong sa hae. Eya dikopanong tsa batswadi, meketeng ya dikgau, dipapading, dikonsareteng, o be mo tataise wa hae.
n Botsa titjhere hore ngwanahao o kganna jwang dithutong tsa hae.
n Hlahloba ditlhoko tsa hae mme o bone hore o ka mo thusa kang lapeng ho thusa titjhere ya hae.
n Netefatsa hore ngwana o ya sekolong ka mehla.
n Thahasello ya hao e mo bontsha bohlokwa le molemo wa thuto, le hore a thabele ho bala.
Se etse phoso ya ho inyenyefatsa hore o nahane hore wena o ke ke wa kgona ho thusa ngwanahao. Lelapa le kgathallang thuto le bohlokwa haholo ngwaneng ho sa kgathallehe hore motswadi o rutehile kapa tjhe, kapa o latela meetlo efe.
Bana ba batswadi ba ikgathatsang haholo ka dithuto tsa bona ha ba atise ho thisa sekolong, ha ba tswafe sekolo, ba tswa pele dithutong, le matshwao a bona a ba hodimo mme ba kgothalle ho ntshetsa dithuto tsa bona pele.
Ha batswadi ba thusa bana e sa le nako, bana ba kgola molemo o moholo. Inehele mme boinehelo boo ba hao, bo tla tlisa phapang e kgolo bophelong ba ngwanahao.
Ho etsa mosebetsi wa sekolo lapeng
Ho etsa mosebetsi wa sekolo lapeng ke mathata a maholo malapeng a mangata. Batswadi ba bangata ba a qakeha hore ba ka ba thusa jwang bana ba bona ka mosebetsi wa sekolo ntle le hore ba ba etsetse ona.
Molao o re, se mo etsetse mosebetsi wa hae wa sekolo! Ha se wa hao - ke wa hae. Ha o mo etsetsa ona, o a mo senya, a ke ke a boela a kgona ho itshepa a tsebe le seo a se rutwang.
Haeba o bona ngwanahao a na le mathata, hlahloba hore na e be o hloka nako e ngata ya ho ithuta pele a ka etsa mosebetsi oo kapa ha a o utlwisisa ho tloha qalong. Haeba e le thuto eo le wena o e tsebang, mo etsetse mehlala e moelelo o tshwanang le mosebetsi oo, empa se mo etsetse mosebetsi.
Haeba mathata a ntse a tswelapele, ikopanye le titjhere ya hae le rere ka moo le ka mo thusang ka teng.
Mo kgothaletse ditsela tse lokileng tsa ho ithuta
Bana ba tlameha ho tseba hore nako eo ba e senyang ya dithuto e tla etsa phapang pakeng tsa katleho le ho se atlehe. Bana ba bang ba dumela hore katleho kapa hona ho se atlehe ho laolwa ke ntho tse kang - dititjhere, bohlale kapa lona lehlohonolo. Bona ha ba ipone ba tlameha ho ba le seabo.
Kantle ho bokgoni ba hae, ho etsa diteko ke e nngwe ntho e molemo haholo jwalo ka ha o etsa ha o batla mangolo a ho kganna kapa ona a mosebetsi. Haeba kelello ya motho e sa hlahlojwe hore e sebetsa ho le ho kae, ho ka nahanwa hore motho o kgona ho etsa seo a se tsebang feela.
Thusa ngwanahao hore a bone bokgoni ba hae mme sena se tla tlisa phapang. Lekgetlong le tlang ha a tla le sephetho sa diteko tsa hae, dula fatshe le yena le bontshane hore hobaneng a fumane sephetho seo se setle kapa se sebe. Mo thuse hore a bone hore sephetho se tsamaisana le bokgoni ba hae.
Ha a sebetsa ka thata, le sephetho le sona se tla ba setle. Mo kgothatse pele ho diteko mme o mo rorise dinthong tseo a di entseng hantle. Ha sena se mo thabisa, o tla kgothala, a tswelepele le mosebetsi o motle.
Mesebetsi ya ka mora sekolo
Ha ngata ngwana o kgutla sekolong o le siyo mme o ba le tshepo ya hore o tla bolokeha. Empa hopola hore ka tsona dinako tseo, ke yona nako eo bana ba qalang dintho tse sa lokang jwalo ka ho tsuba, jwala kapa dithethefatsi, morusu, bonokwane kapa yona thobalano. Ka nako ena ba atisa ho etsa sena hobane ho se motho e moholo ya ba hlokometseng. O ka etsa ngwana a se kene mekgweng eo ka ho mo kgothaletsa ho ikamahanya le dibaka tsa setjhaba tse kang kereke, ditlelapo kapa mekgatlo ya kahisano, ya baithuti, dipapadi, tsa bonono esitana le hona ho ithuta puo e nngwe!
BONA SESOTHO - January 2006
Seabo sa batswadi
BONA SESOTHO - January 2006
Ha ngwana a sa sebetse hantle sekolong
Jwalo ka batswadi bohle, le wena o rata ngwanahao a be le mosebetsi o motle sekolong, a be le matshwao a hodimo. Ikopanye le titjhere ya hae hang feela ha o qala o bona mathata.
O ka bona hore ho teng mathata, ha ngwana a hlolwa ke mosebetsi wa hae kapa a kopa thuso hore a kgone ho etsa mosebetsi oo wa hae. Botsa titjhere ya hae ka moo a ka thusahalang ka teng. Titjhere e ka mo thusa kapa ya eletsa ka moo a ka thusahalang ka teng.
Ho molemo ho phahamela mathata a kang ana ka maoto pele o aha serobe phiri e se e jele.
Etsa hore ngwanahao a tsebe hore o a mo tshepa hore a ka atleha. Mo bolelle hore o motlotlo ka yena.
Sheba ngwanahao mme o mo mamele. Leka ho fumana hore ke sefe se sa thabiseng ngwana sekolong. Mohlomong mathata a hae ha a dithutong kapa sekolong, mohlomong o na le mathata le dithaka kapa yona metswalle ya hae. [s]
