sotho.2354.career
Mesebetsi e metle
Ho na le diphephetso tse kgolo mosebetsing ona ho feta ho neha bakganni ditekete!
ENA ke nnete eo re ke keng ra e balehela - kajeno ho ba lepolesa mebileng ya Afrika Borwa ke mosebetsi o hlokang boinehelo bo makatsang. Empa mosebetsi ona o na le melemo e meholo ho ba leng motlotlo ka ho tlisa ditshebeletso tsa bohlokwa setjhabeng.
Lepolesa la ha Masepala le etsa mesebetsi e mengata e kenyeletsang le ho kopanya lesea le bokollang ha bohloko le batswadi ba lona, ho lelekisa dinokwane tse utswang mekotla, ho isa nthong tse kgolo jwalo ka ho namola boraditekesi ha ba lwana!
"Tlasa mmuso wa demokrasi, mapolesa a se a amoheleha hantle. Bang ba rata le diaparo tsa rona. Ke profeshene e hlomphehang," o boletse jwalo motlatsi wa mookamedi wa Sepolesa sa Masepala sa Thekong, Titus Malaza.
Ntle ho ho lwantshana le bonokwane ba letsatsi le letsatsi, ba etsa mosebetsi wa bohlokwa oo mapolesa a SAPS a ke keng a kgona ho o fihlella ho ona jwalo ka ho laola sephethephethe le ho hatella hore melao ya mebileng e hlonetjhwe.
Ba thusana le SAPS ho fetisetsa ditlolamolao ho bona hore di qoswe ho etswa le diphuputso tse ding.
Konstabole Nokuthula Mthethwa o kene Sepoleseng sa Masepala ka 1997, a qala e le molaolase-phethephethe. O a dumela hore o ne a sa o rate hakaalo - empa lerato la ona le ne ke hole ho fihlella jwale...
"Ke ne ke rata sehlopha seo ke neng ke sebetsa le sona mme pele ho nako e kae ka hlokomela hore ona ke mosebetsi wa ka," ho bolela yena.
Konstabole Mthethwa o ntshetsapele dithuto tsa hae UNISA tsa National Policing Diploma.
"Ke natefelwa ke ho tsamaya mebileng ho netefatsa hore melao e a hlonetjhwa. Batho ba bang ba nahana hore mapolesa a tletse moo feela hore a ba hlekefetse empa nnete ke hore re ikemiseditse ho thusa setjhaba," ho bolela yena.
Sajene Wiseman Mchunu o ne a qale ho sebeletsa Sepolesa sa Masepala ka 1998. Yena o ne a kgahlilwe ke ho kwena ha mmele ya mapolesa.
"Ka mora dithuto tsa Public Relations Management mane Technikon ka bona dikgeo tsa mosebetsi lekaleng lena. Ka bona e le mosebetsi o nang le phephetso e kgolo, ka iteka lehlohonolo," o boletse jwalo ka pososelo.
Sajene Mchunu o okametse makonstabole mme mosebetsi wa hae o kenyeletsa le ho laola mosebetsi wa bona esitana le ho ba rupella. Empa hoo ha ho bolele hore o phetha letsatsi lohle kantorong, le yena o ntse a lokela ho tswa a lo netefatsa hore molao o a hlonetjhwa mme ka nako e nngwe o ke a kopane le batho ba hlooho di thata, jwalo ka bakganni ba ditekesi ha ba kwetse mebila.
"E, mosebetsi ona o kotsi ho feta e meng e mengata empa re na le tshireletso e matla, jwalo ka dibaki tse sa keneng kulo, re tshwara dithunya hape re a phallelwa ha re le mathateng." Sajene Mchunu o etsa dithuto tsa degree ya molao - e leng mosebetsi o moholo haholo oo mothong ya sebetsang ka ho feletseng. "Ho nyolosa o theosa le mmila ho a kgathatsa. Ke fihla hae ke sa batle letho empa ke sa ntse ke lokela ho ya ithuta!" ho bolela yena.
"Empa ho ba setho sa Sepolesa sa Masepala ho monate - o tshwana le e mong wa ba leloko. Batho ba bangata ba thabela boteng ba rona mebileng athe bana bona ba rata le diaparo tsa rona!"
Mebila ya Afrika Borwa e aparetswe ke bonokwane bo tshabehang le dikotsi tsa mebileng di haketse mme mapolesa a kopana le masisapelo a tshabehang.
"Ha ke qala, ke ne ke sa bo hlothe ha ke ile ka bona kotsi e kenyeletsang le bana," ho bolela Kontabole Mthethwa, eo le yena e leng motswadi. "Empa ka mora nako, ka tlwaela." Sajene Mchunu o re o theola kgatello ka ho ikwetlisa hona moo mosebetsing.
Ke mang ya ka etsang kopo
Ya dilemo di ka tlase ho 30;
A se be le rekoto ya bonokwane;
A be le lengolo la materiki;
A pase diteko tsa boikwetliso;
Lengolo la ho kganna le bula menyetla.
A be le lerato la ho thusa setjhaba; a be sebete mme a ikemisetse ho hatella molao; a se laolwe ke maikutlo, hape a se halefiswe ke lefeela.[s]
BONA SESOTHO - January 2007
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho ka BRETT FLORENS
Eba Lepolesa la Masepala
BONA SESOTHO - January 2007
Moputso ona
Ha re etsa mohlala, motho o qalwa ka tjhelete e yang ho R5 000 le R6 000 ka kgwedi, e nyolohe ho ya ho R12 000 le ho feta ho baokamedi.
Thupelo
Thupelo ke ya dikgwedi tse tsheletseng ho ba qetang ho hirwa Sepoleseng sa Masepala. Ho etswa diteko pele ba ka tswelapele le mosebetsi.
Diploma ya sepolesa le degree di a fumaneha UNISA, Lyceum College. le Tshwane University of Technology. Kantoro ya Sepolesa sa Masepala se haufi e ka o thusa ka dikeletso tsa dikgeo tsa mosebetsi. Hape o shebe le dipapatso tsa dikoranta.
KA THOKO HO LE LETSHEHADI: Mthethwa le Mchunu, ba mosebetsing.
LE LETSHEHADI: Sajene Mchunu o mosebetsing. Hape o etsa dithuto tsa molao.
KA TLASE: "Ke rata ho ya potoloha mebileng," ho bolela Konstabole Mthethwa.
