sotho.2338.hawk
Raditebele o fetoha moruti
O bitseditswe ho tla sebeletsa Morena
Mpodi wa ditebele Masibulele Makepula o re bolella ka moo bophelo ba hae bo fetohileng ka teng...
HA A NE a le sedikadikweng sa ditebele ba ne ba mmitsa "the Hawk." O ne a sa bontshe mohau le o monyane sereng sa hae. Empa he ke yona tsela ya papadi ena ya ditebele. Empa kajeno dintho di fetohile, Masibulele Makepula o se a na le mohau ona o makatsang.
O re o ne a utlwe pitso ya ho ba moruti ho tloha bongwaneng ba hae. O re o ne a iphapanyetse yona a tshaba hore metswalle ya hae e ne e tla reng mme ke ha a tsepamisa maikutlo a hae ditebeleng.
Pitso eo e ne e le matla mme ya tswelapele." Empa he le nna ke ne ke itshwanela le bashemane bohle ba lekeisheneng ke nahana hore taba ya Lentswe la Modimo ke tshenyo ya nako," ke yena a ntse a bonya.
"O tlameha ho qeta letsheare lohle o le kerekeng empa metswalle ya hao yona e le menateng. Ka hoo, le nna ka kena mokgoping.
"Abuti o ne a nkgothaletsa ho ya kerekeng, ke hana, empa morao tjena ke a le utlwa lerato la Modimo le a ntjhesa."
Ka 2002, ho ela mmino le ho tjeka kerekeng ha fela ho yena. Modimo o ne a romele Moruti NJ Sithole ho tloha Thekong a ya Joburg a isetsa Masibulele Makepula dithapelo.
"Moruti o ne hahlaule ho tloha hole kwana ho tla ntsebisa hore Modimo o a ntlhoka," ho rialo Masibulele. Ke moo ke qadileng teng ho kena haholo ho tsa kereke."
Ke ne ke labalabela ho phatlalatsa Lentswe la Modimo, empa ke tshaba hore metswalle ya ka e tla reng.
Moruti o ne a mmolelle hore a sebeletse Morena. Masibulele eo lebitso la hae le bolelang hore "Ha re leboheng," o ne a qale hoo hore a thobe badumedi ba bang maikutlo moo kerekeng.
Kgale a kena ditekong tsa tumelo. Ka 2003 matsatsinyana pele ho ntwa ya hae ya matjhaba mane USA, o ne a hlokahallwe ke malomae.
O ne a lahlehelwe ke sekola sa WBC kgahlano le Jorge Arce wa Mexico. E ne e re ha a fihla kwano a fumana abutiae le yena a hlokahetse a hlabilwe ka thipa.
"Ke ne ke ferekane," ho rialo Masibulele.
Empa he tumelo ya hae e ne e sa sisinyehe. Kajeno o etsa dithuto tsa tumelo mme o eletsa le boraditebele ba bang.
Makepula o na le dikola tse tharo maemong a arohaneng - WBU junior flyweight, IBO flyweight le WBC junior bantamweight.
O rata ho fumana tse ding tse tharo haeba Morena a dumela. [s]
BONA SESOTHO - January 2007
pale ka ERNEST MOTEBEJANE
KA HODIMO: Mpodi enwa kgale a koloba a se na jase mme kajeno e se e le mofo wa Morena - kajeno o se a phatlalatsa Lentswe la Morena ho ba bang boraditebele.
BONA - August 2005
