sotho.2335.yourman_coaching
SETHIBA thibane
Kgotso Mphuthing le malomae Kenneth Gasa, ya kwetlisang moshemane enwa ya dilemo di 10 ka mora lefu la ntatae
TSA MOTHEO
1MATSOHO. Menwana e metona e tlameha ho atamellana kapa e hle e thetsane. O tlameha hape o kopanye le menwana ena e meng. Ka lebaka lena, ha ho na ba bobebe hore bolo e pshemohe matsohong a sethibathibane, haholoholo ha e le leshoto.
2 MMELE. Ha sethibathibane se se se hoballetse pele, le matsoho a lebile pele kapa se a phahamisitse, ha matsoho ana a qala a kopana le bolo, a tlemaha ho tla sefubeng. Ka ho etsa jwalo, o qoba ho lematswa ke dibapadi tse ding le hore bolo e se pshemohe. Ha bolo e se e le mona sefubeng, e ke ke ya pshemoha, ke bolela leha sethibathibane se ka wa fatshe.
3 MOTJHETJHAFATSHE. Sethithibane se tlameha ho kgumama ka lengole le le leng - e be la leqele ha bolo e tla ka ho le letona mme ka le letona ha bolo e tla ka ho le letshehadi. O tla tshwara bolo mme a e peteletse sefubeng.
4 MASHOTO A FOFELANG TLASE. Morahao o tlameha ho inamela fatshe hanyane mme a nke bolo ka matsoho a mabedi. Ha a ya tlameha ho emela bolo ho tla ho yena. [s]
HLOKOMELA: Haeba morahao a le dilemo di ka tlase ho tse 12, sebedisa bolo ya "boholo ba 4," eo ke keletso ya setsebi sa bothibathibane, Fana Tshabangu. Ha le ka sebedisa ya "bobolo ba 5" e ka roba ngwana menwana ha e le leshoto. Ena ya "boholo ba 4" e bobebe mme ho ba bobebe ho e tshwara, ho e raha kapa ho e thula ka hlooho. Ba dilemo di ka hodimo ho tse 11, ba ka sebedisa ya "boholo ba 5.
BOKWETLISI BA BOLO
Pale: Force Khashane
Ditshwantsho: Peter Whitfield
Ho e tshwara o e tlohela! Tsela o emisang ka yona menwana e bohlokwa haholo, mme ke sena seo o sa tlamehang ho se etsa! Ho tshwara bolo o e tlohela, ke ntho e sa batleheng hohang bothibathibaneng. Sethibathibane se tlameha ho tshwara bolo jwang kapa jwang.
Mokwetlisi wa bolo le sethibathibane sa mehleng sa Orlando Pirates, Fana "Skhehla" Tshabangu, o ruta Kgotso Mphuthing ya dilemo di 10 maele a bothibathibane
KELETSO
