sotho.2317.yourworld_tvguide
NAKO YA TV!
O IPABOTSE!
Re buile le Jennifer Lopez ka The Wedding Planner (Motsheanong 8, 10.30pm, SABC3), pale ya metlae ya marato moo a tlotseng o mong wa melao ya motho ya hlophisang manyalo: o re o se leke o ratane le monyadi.
Ke eng e entseng hore o be ho The Wedding Planner"
Ke ne ke batla ho bapala pale ena ya metlae ya marato, ho thata ho fumana dipale tse monate tsa mofuta ona. Ena ke e nngwe ya tseo ke di ratang.
O atisa ho etsa dintho tse sa tlalang dikgaolong tse ding difiliming tse ngata, ha ho boima"
Ke a e rata ntho eo. Teng ke shebahala jwalo ka mosadi, empa ke a leka ho etsa ke shebahale ka tsela eo, ke be ntho eo e sa tlalang.
Re utlwa ho thwe tse ding tsa dikarolo tse qabolang filiming ena ha di yo pampiring. Na ho jwalo"
E,tse ding e ebe e le maikutlo a ka, jwalo ka moo ke kgetshemelang kotopong le karolong ya di-lipstick.
Ke e fe karolo e bileng le phephetso ho wena"
Karolo ya mmino wa tango, hobane ho ne ho se mmino karolong eo re tjekang ho yona. Re ne re tjeka re qoqa ho se mmino, ba kenya mmino qetellong. Ho ne ho le thata.
Re bolelle - Jennifer Lopez o phomola ka ho etsang ha a le lapeng"
Ke rata ho futhumale. Ha ho se ho tjhesa haholo, ke bulela fan, ke shebelle di-DVD. Ke iphomolela ka mokgwa oo, ke se be le taba hore ho etsahala eng kantle.
(E qotsitswe: tv.com; US; Variety)
My Boss' Daughter (May 15, 7.30pm, SABC3)
Ashton Kutcher o rata ho intsha le moradi wa mohiri wa hae, empa ekaba ka ho etsa jwalo o tla be a theola seriti sa motse wa motshwari eo wa hae"
Gone In 60 Seconds (May 8, 8pm, e-tv)
Ke pale ya dikoloi tse lebelo esitana le mashodu a dikoloi mme sebapadi se pele mona ke Nicolas Cage.
TSEO O KA DI BOHANG
HOME ALONE 4
(May 2, 8pm, e-tv)
Moshemane e monyane o iphumana a setse a le mong lapeng mme jwale o tlameha ho ithuta ho itlhokomela - a lwantshane le dinokwane - ena ke filimi a monate e loketseng lelapa kaofela.
SE FETWE KE FILIMI TSENA
TSE TJHESANG TSE PELE
Re lekola tse ding tsa tseo dinaledi tsa rona tsa pale tsa marato di ikemiseditseng ka tsona kgweding ena
Sharon haesale a ferekane a sa itsebe, empa qetellong o kgonne ho iphumana jwale. Sephetho sa diteko tsa madi se tla makatsa Senzo haholo. Mantaha ho ya Labohlano, 8pm, SABC1
Ekaba Sbu o se a rarolotse taba ya hae ya dikgarebe tseo tse tharo" Ekaba yena le Gail ba a ratana jwalo ka ha Smokey a nahana" Ekaba Gail o tla reng ha a utlwa tse etswang ke Sbu bosiu" Mantaha ho ya Labohlano, 6.30pm, e-tv
Keke o ile a haroha letswalo ha a utlwa hore Abigail o ne a batla ho kgutlela RT ka ho feletseng. Mangi o bolella ntatae hore o tla bolella mapolesa nnete ha a ka botswa ka tjotjo eo ntatae a e fuparisitseng moahlodi. Mantaha ho ya Labohlano, 7.30pm, e-tv
Donna le Brooke ba tshepa hore Katie a ka fumana Stephanie, empa Storm o ba bolella hore o amohetse se etsahetseng. Ka mora nako, Brooke, Donna le Storm ba ile ba fihla motseng o motle wa Forrester moo Ridge a fihlileng a halefa ka lebaka la maikutlo a Storm. Ha jwale, Phoebe ha a tsebe letho ka dikamano tsa lerato pakeng tsa mmae le moratuwa wa hae wa mehleng. Mantaha ho ya Labohlano, 6pm, SABC1
Meme o etsetsa Thandaza mommori hore a tshwarwe. Dikamano pakeng tsa Thandaza le Pheko di sisingwa ke boraditaba mme jwale o beha mosebetsi wa hae kotsing ka ho dumela hore ba na le dikamano, Mantaha ho ya Labohlano, 9pm, SABC2
Maggie o leka ho thusa Nandipha, empa o bolellwa hore thuso ya hae ha e hlokahale. Ekaba Calvin o tla etsa jwang jwalo ka ha ditaba tsa tshepiso ya lenyalo di tlala hohle" Mantaha ho ya Labohlano, 6.30pm, SABC3
DIPALE TSA MARATO
TSE PELE
Boha moshemane ya bohlale ya lwanang le Mandark - le ausiae, Dee Dee.
Moshemane ya dilemo di 11 le tshupanako e makatsang e mo nehang matla a tshosang.
Ke mathulahohle, ke ngwanana wa sekolo mme bosiu ke sebini se tummeng sa pop - mme moo a fihlileng ha a hloke ho tsebiswa!
Sonic le motswallae Miles ba leka ho thiba Dr Ivo Robotnik ya tummeng ka boloi le meleko ho laola polanete.
Diphoofotswana tsena di lwanela tokoloho ho latela ntwa ya bana ba tsona - le masawana.
Letoto la pale e bontshang ka batjha ba lwanelang ho pholosa toropo ya habo bona dinokwaneng.
Ke pale ya dipopaye tse neng di kene bosoleng hobane ba batla ho lwantsha Shadow Master.
MANANEO A BANA
