sotho.2316.yourceleb_township
O a thella motjekong ho tloha New York ho ya dikela London ho fetela le ditlelapong tsa Yuropa, Spanish island of Ibiza. Empa DJ Tira ha a lebale ho etela lekeishene leo a hlahetseng ho lona mane ka leboya ho KZN
Kajeno Tira o bona se se se le haufi haholo sphaza shop moo a neng a reka teng!
DJ, e boela lapeng
LEKEISHENE LA KA, NALEDI YA KA
SEBAKA SA MOHODI LE MEHLOLO
"Ke rata ho kgutlela Ha-Hlabisa mme ke natefelwa haholo ke ho ithabisa le mathata ao ke hotseng le ona moo," ho bolela DJ Tira. "O ba bona mahlong feela hore ba thabetse ho bona motho eo ba hotseng le yena a se a atlehile, a qothisana lehlokwa le dinaledi tsa lefatshe."
Le mohatsae, Lale Ngcobo, ngwanana wa lekeisheneng la Newlands mona Thekong, o natefelwa ke bophelo bona.
MEHLA E MONATE
Tira o ne a kolobetswe kerekeng ya Lutheran ya sebakeng sa habo. O re o ne a kena le sekolo sa Sontaha moo mme a bina le sehlopheng sa kerekeng. O ne a natefelwa haholo ha e le nako ya hae ya ho letsa tshepe ya kereke, ke se neng se etsahala kgale seo.
Mane Sizabantu Tea Room, Tira ke moo a neng a reka bohobe le mmae mme ha a ne a le lehlohonolo, a ka be a fumane dipompong tse mmalwa tsa mofuta wa Champions - jwalo ka ha di so ka di tjhentjha ho tloha kgale!
TSEBO E A O LOKOLLA
Tira o ne a fumane lengolo la degree ho social sciences, University Of Natal. Empa sekolong seo a qadileng ho sona, sa Isibani Higher Primary School, o ne a tsebisahala ka la Mthokozisi Khati mme thuto a neng a e rata haholo e ne e le Senyesemane.
"Molao wa matitjhere o ne o tiile!" ho rialo Tira. "Haeba o ne o etsa lerata ka phaposing, o ne o fumana thupa."
Ho tloha a sa hola, Tira o ne a e rata feshene. Hloohong o ne a rata setaele sa Doc Khumalo, marikgwe a hae a dula thekeng hantle.
"O ne a ntlhola ka dikgarebe," ho bolela motswallae, Andile Maphumulo, eo jwale e leng titjhere ho se seng sa dikolo tsa bana ba sa itekanelang mmeleng.
"O ne a le moholwanyane ka dikgwedi ho nna, a le motle - e ne e ka naledi ya filimi dikgarebeng."
PELE HO KWAITO
Tira o ne a sa dumellwa ho thetsa radio ya habo e neng e bapala dipoleiti ya mofuta wa bo 1980.
"Empa o ne a rata ho bina, a na le neo," ho hopola mmae Abigail. A sa hola, Tira o ne a rata isicathamiya, empa a boela a tjhentjhela ho wa Pop.
"Kgaitsedi ya ka Ntombi o ne a nthekele dikhasethe," ho rialo MaKhati. "Ya pele e ne e le ya BoyzIIMen, The End Of The Road. O ne a e bapala hoo batho ba neng ba se ba mmitsa BoyzIIMen!"
Kajeno e se e le rakgwebo ya atlehileng, o na le selefounu, e-mail, website le Facebook page.
DIJONG LAPENG!
MaKhati o hopola a shapa Tira.
"Yena le metswalle ya hae, moena hae, Nipho ba ne ba rata ho bapala bolo mantsiboya," ho hopla yena. "Ke ne ke dutse ke ba bolella hore ba kgutle lapeng ka hora ya bohlano - ba ne ba dutse ba fihla ka mora nako! Empa ke ne ke qetelle ke ba shapile."
Empa se neng se mo makatse, ke hore ha ho le ya mong ya neng a lle. Nipho yena o ne a re: "O re shapelang? Re o foseditse ka eng? Ho ba monate ka mora hora ya bohlano." Mmabona o ne a hlokomele hore bolong ba natefelwa haholo ka nako ena. "Ke ne ke ba dumelle hore ba kgutle ka 5:30," ke yena eo.
Ho lokile mme! [s]
Pale: Patricia McCracken
Ditshwantsho: Brett Florens
Re ne re kgaba ka mebala mme ho balwa sekolong, ho hopola Tira, - empa o ne a qetele a na le lengolo la degree le kgwebo ya boemo ba matjhaba.
O ne a ikemiseditse ka katleho - Tira a sa le dilemo di nne feela.
Tira, mmae Abigail le ntatae Themba ba bontshana ka tsa bohlokwa lapeng - le dijo tsa mmae!
Ba sa bapala mehoding - Tira (hare) o raha bolo le metswallae Musa Zungu le Andile Maphumulo (le letona).
DINAKO TSE BOIMA
Se bohloko bophelong ba Tira a sa hola, e ne e be ho tloha lapeng Ha-Hlabisa a ilo dula sekolong Nongoma a le dilemo di 13 feela.
"Ke ne ke lle haholo," ke yena a ntse a bonya. "Mantsiboya ke ne ke ba le bodutu mme ho ne ho nkuke dikgwedi tse tharo ho ya ho tse tsheletseng ho tlwaela."
Ka mora nako e seng kae, e ne e se e le DJ, a sebedisa dikhasete! O ne a qale ho bapala le karate, a hapa dikgau bolong jwalo ka forose.
"Ha re ne re bapala le dikolo tsa Nongoma, ho ne ho ba boima hobane ba ne ba ipolella hore bana ba dulang dikolong, ba a tetema," ke yena eo.
"Ba ne ba sa tsebe hore ke qadile bolo Ha-Hlabisa, ho se le balaola papadi - papadi e qetellwa ka ntwa!
