sotho.2311.muthi
re bua ka ditlhare
AKO nahane ka monna kapa mosadi ya so kang a rata kapa hona ho ratwa ke motho. Batho ba bang ha ba e kgolwe hohang taba ya hore ho teng batho ba jwalo.
Motho ya jwalo, o bitswa setjhomane, ke hore monna ya tshabang ho fereha, kapa mosadi ya sa rateheng banneng.
Mathata a maholo ka ditjhomane, ke hore di e di tshabe le ho kopa thuso hobane motho a le dihlong hore o tla tshehwa. Ha motho a se a fetile dilemong tse 35 tsa boholo, a sa nyalwa kapa ho nyala, wa monna o bitswa molala, ha mosadi yena a bitswa lefetwa.
Leha ke tshepa hore dingaka tsa setho di ka thusa mathateng a botjhomane, empa ena taba ke mathata a hlokang kalafo ya profeshenale.
"Ke setjhomane," ho ngola mmadi e mong wa Stanger. "Banana kaofela ba a nkgana - ke bolela le bana ba dumelang banna bohle, nna ba hana le ho ntjheba feela.'
"Ke ne ke ferehe le bona hobane ke rata ho bona hore e be ho teng se sa lokang ka nna kapa tjhe. Ho hlakile, mathata a teng. Mathata ha se bobe!
"Ha ke motho wa dikgarebe, empa ke batla motho ya tla nthata.
"Ekaba se teng setlhare sa botjhomane"
Thohako
"Ke batla ho nyala, empa ha ke fumane mosadi eo nka mo nyalang," ho ngotse monna e mong ya dilemo di 32 wa Worcester, ya kgolwang hore o na le bomadimabe.
Ha se banna feela ba bang le mathata a na.
"Ke se ke lekile matsapa ohle a ho intlafatsa, jwalo ka ho ja ka nepo le ho apara ka makgethe, empa banna ha ba ntjhebe le ho ntjheba," ho rialo accountant ya Gauteng e dilemo di 20.
"Dieta tse phahameng tseo ke neng ke di tshepile, di ne di baka lerata feela, bakeng sa ho hohela banna, di ne di ba lelekela hole le nna," ke yena hape.
"Ke bomadimabe bo jwang bona boo ke nang le bona"
"Na ebe isiphandla se ka thusa lefetwa"" ho botsa mosadi e mong ya dilemo di 35, ya sa rataneng nako e telele le monna.
"Moratuwa wa ka o dutse a nyamela feela, ke se ke ka tseba hore o feletse kae," ke yena eo.
"Ho seng jwalo, ke e ke ferehwe ke monna ya nyetseng."
Mmadi enwa ke tla qala ka ho mo eletsa ka hore a ikopanye le baholo ba hae hore a fumane nnete ka hore isiphandla - letlalo le kenngwang letsohong ka mora ho etsa mosebetsi wa badimo - se ka mo thusa haeba e le moetlo wa habo kapa tjhe. Se ke ke sa mo thusa haeba e se moetlo wa habo.
Moetlo
Moetlo ke wa bohlokwa tabeng ena.
Ho se boloke meetlo e ka ba sesosa se seholo sa botjhomane.
Ena e ba tlhokomediso ho tswa ho badimo ho hlokomedisa motho ka ho se boloke meetlo ya habo.
E nngwe taba a ka bang sesosa, ke ho hana pitso ya badimo kapa hona ho se role thapo ka mora ho hlokala ha wa leloko.
Dintho tse kang sisila, di ka nna tsa o bakela bomadimabe dikamanong tsa lerato.
Tabeng e kang ena, o ka thuswa ke moriana o bitswang hlokwana la tsela. O ka phalatsa kapa wa tola ka ona.
Nka o eletsa hore o ke o bonane le lethuela bonyane hararo hore o tle o kgone ho utlwisisa hore mathata ana a ebe a bakwa ke eng, le hore na motho o tobana jwang le ona.
Ya ho qetela
Se ka tshaba. Haeba o ipona e ka le wena o e mong wa ditjhomane, se ka kwalla taba eo ka sefubeng sa hao, phunya lethopa, le tswe boladu.
O ka bo hlola botjhomane hobane motho ohle lefatsheng mona o tlameha ho ratwa. [s]
O ka bo fedisa
botjhomane
BONA SESOTHO - February 2008
ka FORCE KHASHANE
Ngolla ho Force bakeng sa dipotso tsa hao ka meriana, aterese ke: Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle e-mail ho: muthi@caxton.co.za
