sotho.2278.yourworld_knowall
KE NNETE HORE MABENKELE A etseditswe HO RE SUSUMELETSA HO REKA THEPA YA ONA FEELA?
Lebogang Sehare, Katlehong
Tjhe ha ho jwalo, Lebo - ho ya ka monko wa ona. Mabenkele a maholo a nkgisa bohobe bo pakilweng e le hore o bo kgalle, o tsebe ho tla bo reka, o bone le dintho tse ding, jwalo ka baby powder ya ho nkgisa le ho kgatholla lesea la hao!
Monyako wa lebenkele o bohlokwa, ke ka hona ba behang dikoranta le dipalesa. Mabenkele a diaparo tsa feshene ona a bapatsa ka diaparo tse fesheneng.
Ditlhoko tse kang bohobe le lebese, di bolokwa ka harehare hobane o tla di batla o be o di fumane mme o bone le dietswa tse ding, o kgahlwe o be o reke le tseo o neng o sa ikemisetsa ho di reka. Motjhining wa ho patala teng ho na le dintho tse nyenyane jwalo ka dipompong le mekgabiso e ka nnang ya o kgahla, o qetelle o patetse tjhelete e ngata!
HOBANENG ke edimola ha ke bona motho e mong a edimola?
Sifiso Ncelani, Ekurhuleni
Ha se wena feela! Ditsebi di re ke ba pakeng tsa 40 le 60 lekgolong ba edimolang ka mora ho bona e mong. Empa ha ho tsejwe lebaka. Diphoofolo le tsona di a edimola - mmoho le dinonyana, ditlhapi le dikwena - ke batho feela le diapi tse edimolang ha di bone ya edimolang.
DIPOTSO TSA HAO
Na ho na le dipotso tseo e sa leng o ipotsa tsona? O batla ho tseba hore ntho e itseng e etsahetse jwang, neng le hona kae? Ke mona moo o ka fumanang tse ding tsa dikarabo tseo e sa leng o di batla.
NNETE E MAKATSANG
Thuhlo e kgona ho hlwekisa ditsebe tsa yona ka leleme la yona le bolelele ba 50cm - ke bolelele bo ka lekanang le dirula tse pedi
MOTHEO WA KERESEMESE KENG?
Petrus Ntuli, Khayelitsha
Eo ke potso e bonolo empa e thata Petrus! Lentswe lena Keresemese, le bolela tshebeletso ya kereke ya Kreste.
Letsatsi la Keresemese e lokela ho ba sehopotso sa tswalo ya Kreste. Empa ditsebi tsa nalane di phehisa taba eo, ho ya ka bona ha ho bonnete ba hore Kreste o ne a hlahe ka Tshitwe, e ka nna yaba o ne a hlahe ka Hlakubele, Motsheanong, Loetse kapa Pudungwana! Bibele ya kgale ya MaKreste e ne e kgethe Tshitwe 25 hobane e ne e le nako e amohelehileng ya ho keteka, ke ka hona re nang le meetlo ya Keresemese jwalo ka dijo le dipina tsa yona.
E nahane feela jwalo ka kereke ya kgale, moo Bontate ba Kereke ba neng ba phetha meetlo ka teng kapa ka moo dikereke tsa moetlo tsa Seafrika di ketekang ka teng le kajeno.
TSA DINALEDI
Na o tseba John Stephens le Alicia Augello Cook? E, o a ba tseba empa ka mabitso ao ba tummeng ka ona sebayeng. John Legend lebitso la hae la nnete ke John Stephens la Alicia Keys ke Alicia Augello Cook. Ke mang ya ka nahanelang hore Ne-Yo o ne a qale a bitswa Shaffer Chimere Smith! A qetella a tumme ka la karolo eo a neng a e bapala filiming ya Matrix.[s]
RE BOTSE: Na o na le dipotso tseo o ka di botsang? Ngolla ho: Miss Know-all, Box 473014, Parklands, 2121.
DITSHWANTSHO: GALLO
