sotho.2274.yourman_coaching
DIKELETSO
Sebedisa maoto
BOBEDI
Kgweding ena mokwetlisi - eo e leng sebapadi sa mehleng sa Pirates le Chiefs - Fana "Skhehla" Tshabangu, o bontsha bontate ka moo ba ka rutang bara ba bona ho raha bolo ka maoto bobedi
Oscar Ndzunga le morahae ya dilemo di 10, Nkanyezi.
BOHLE re hlola re utlwa ka dibapadi tseo ho thweng di na le neo ya leoto le le leng - ke ha sebapadi se tseba ho raha bolo hantle ka leoto le le leng feela, ha le leng e le la ho tsamaya feela. Ha ho lebaka le etsang hore sebapadi se tsebang ho raha bolo hantle, se e harake ka maoto bobedi, se hlolwe ke ho apara jeresi ya Bafana ka le leng.
Boikwetliso bo latelang bo hlophiseditswe bashemane ba dilemo di tsheletseng ho ya ho tse leshome hobane ke nako e ntle ya ho ba ruta ho raha ka maoto bobedi, ho ya ka setsebi sa rona, Fana Tshabangu.
Thupello ka nngwe ha e a lokela ho nka nako e ka hodimo ho metsotso e 10 ho ya ho e 15.
TSA MOTHEO
1 JWANNG
Dudisa mora jwanng a kobe mangole, a otlollele matsoho ka bobedi pele ho nanabela bolo jwalo ka ha ho bontshitswe setshwantshong.
2 PHAHAMISA LEOTO
Netefatsa hore o phahamisa leoto e ke o raha bolo a ntse a dutse ho fihlela leoto le thetsa bolo. Ka sena o otlolla mesifa ya leoto, ha a ya tlameha ho raha bolo.
3 PHETAPHETA KA POTLAKO
E re a etse se tshwanang ka leoto le letona. Ha o bona a tlwaela, a nyolle sekgahla, a qale ka leqele ho ya ho le letona ho fihlela a phakisa haholo. Leoto le fokolang le tla phakisa ho kgathala.
4 TOBANA LE LEOTO LE FOKOLANG
Haeba leoto le letona e le lona le fokolang, e re a kwetlise lona haholo, le lona le tla setlela jwalo ka le leng. [s]
Pale: Force Khashane
Ditshwantsho: Peter Whitfield
Dintho tse pedi tsa bohlokwa:
Kwetlisa leoto le fokolonang, empa o ntse o sa lebala lena le matla!
Bashemane ba banyane ba a phakisa ho tenwa ke mokgwa ona wa boikwetliso, ho ka ba molemo sena o se sebedise mokgweng wa ho iphuthumatsa.
KWETLISO YA BOLO
