sotho.2254.Cassius
Ha ho mang ya ileng a makala ha Cassius Baloyi a ne a inkela dikola tse ngata tsa bompodi...
O KE KE wa kgolwa hore sebaka seo se setsing sa toropo ya Joburg ke hona moo mpodi enwa wa dikola tse nne ditebeleng a ikwetlisetsang teng. Pele o fihla moo o tlameha ho parola diterateng tsena tse lerata tse tletseng batho ba rekisang esitana le mekopakopa...
Empa o ke ke wa kgolwa ha o se o fihlile teng. Sebaka sena se hukung ya mmila wa Mooi le wa Bree moo setsing sa Joburg, ke sa mokaubere wa ditebele, Nick Durandt, ya seng a ntshitse mekaubere e mengata ditebeleng e kang Philip Ndou le Silence Mabuza.
Ka moo ka hare o tla fumana boraditebele ba le maphathephathe. Durandt o ne a ntumedise ha monate mme a mpolella hore mpodi enwa o tla fihla ka mora nako e sa fediseng pelo.
Ka mora metsotso e mmalwa ka bona monna ya neng a apere tracksuit e tshweu a kena monyako. Mmele wa hae o ne o sa kgahlise. Ha ke kgolwe e le yena... Empa ke yena.
Ke Cassius Baloyi - o ne a sa bonahale a ka otla le ntsintsi ena e pala, ke sa bue teng he ka ho hapa dikola tse nne kaofela!
O HLAHETSE Malamulele haufi le Giyane mane Limpopo, Baloyi ya dilemo di 33 o ne a kwetliswa ke ntatae Joseph ya neng a phahamisa ditshepe.
"Ha ke ne ke le dilemo di robedi o ne a rekele nna le motswallaka di-gloves tsa ditebele," ke Baloyi eo. "Re ne re tlwaetse ho nna re bapadisana mme ntate yena e le mokwetlisi.
"O ne a sa tsebe letho ka ditebele mme o ne a reke dibuka tsa ditebele bakeng sa ho re tataisa."
Ke sebini sa Seshangaan, Thomas Shinyori ya neng a phetlele Baloyi le motswallae tsela ka ho ba kopa hore ba tlo bula sebaye ka ntwa ya bona pele yena a kena ka mmino.
"Ho tloha mohlang oo, le bana ba baahisane le bona ba tla mme sebaka sa ntate jwale sa tlala ra ba ra kgona ho lwana ditonamenteng tsa ditlabotjha."
Empa ntata Baloyi o ne a netefatse hore morahae o qala ka ntho ya bohlokwa. "Ditebele di ne di sa tlameha ho phatsamisa dithuto tsa ka," ho hlalosa mpodi enwa.
"Ke ne ke qala ka ho ya sekolong, ke ikwetlisa mantsiboya ka hora ya bohlano!"
LEHA a qadile ka thata tjena, empa Baloyi ke yena Moafrika Borwa wa pele ho hapa metale ya kgauta mane diolimpiking tsa Jeremane ka 1992.
Seo se ne se tlameha hore se ne se mo tiise lengole hore o tla kgona ho bapala le ho tse latelang tse neng di tla tshwarelwa mane Barcelona - empa ka bomadimabe bahlophisi ba diolimpiki ba kwano Afrika Borwa ba ne ba mmolelle hore lenane leo ba neng ba le hloka ba ne ba se ba le fihletse.
Ntle le moo, Baloyi o ne a tswelepele le ho sireletsa sekola seo sa hae sa junior champion makgetlo a mangata.
"Ka 1993, ke ne ke ipolelle hore e tla ba selemo sa ka sa ho qetela ke le ditebeleng tsa ditlabotjha, empa ke ne ke makale hore ke kgethwe jwalo ka raditebele ya pele," ke Baloyi eo.
"Ka mora moo ka kopana le Nick Durandt. O ne a mpolelle hore ha ke ne ke rata ho kena ho diprofeshenale nka nna ka ikamahanya le yena.
"Ra nehana dinomoro tsa mohala mme ka leba lapeng ho se letho le le kaalo leo ke neng ke le lebeletse. Ke ne ke letsetse Nick ka mora dibeke tse pedi mme yena a mpolella hore o tla nlata moo Pietersburg!
"Ke ne ke fihle jwalo mona Joburg!"
Ntwa ya pele ya profeshenale ya Baloyi e ne e le mane Eldorado Park ka 1994, moo a neng a otle mokaubere o Isaac Skosana ntweng e neng e baletswe makgetlo a mane moo teng a neng a robe monna eo letsoho.
Ka mora moo, Baloyi o ne a sireletse sekola sa hae sa boimabebe lesiba makgetlo a 13 kaofela.
"Ka mora moo ka phephetsa sekola sa lefatshe sa Boimabebe Lesiba - ka hlola ntwa eo mane Miami," ho rialo Baloyi.
"Ke ne ke se sireletse makgetlo a supileng kaofela."
Ka mora moo ka na ka hapa sekola sa boimabebe lesiba ho WBO mme ka se sireletsa makgetlo a mane.
Monongwaha ka Motsheanong, o ile a ba mpodi wa IBF junior-featherweight.
Baloyi ke selwani se matla.
"Ke reheletswe ka Cassius Clay, eo e ileng ya ba Mohammad Ali," ho rialo Baloyi, "mme ka rera ho hata mehlaleng ya hae!"
Leha a le maphathephathe ke mosebetsi wa hae, empa Baloyi o ntse a ipha nako ya ho ba le mohatsae Nomacingo le moradiae Khashonela.
Ha a ya lebala setso sa habo jwalo ka ha a dutse a leba Malamulele jwalo ka mora ntwa e nngwe le e nngwe. [s]
O bobebe jwalo ka seru- rubele...
BONA SESOTHO - August 2006
Re qoqile le mpodi
Mpodi enwa o re bontsha dikola tsa hae - sa World Boxing Champion le sa International Boxing Federation.
pale ka TEDDY GOMBA
