sotho.2246.health
Tlohela kwae
Pholosa lesea la hao - kgaotsa ho tsuba boimaneng... Ona ke molaetsa wa baetsi ba dipatlisiso ba Yunivesithing ya Bristol, ba re maseeng a robong a bang le Sudden Infant Death Syndrome - e leng ho shwa ha ngwana a robetse - hangata batswetse ba ona ba ebe ba tsuba boimaneng ba ona.
tsa bophelo bo botle
O a edimola!
Haeba o iphumana o edimola o sa lebella, tseo ke ditaba tse monate. Seo ha se bolele hore o a otsela kapa o kgathetse. Ho ya ka ba dipatlisiso Yunivesithing ya Leeds, hangata o edimola hobane o utlwelana le ya haufi le wena - hobane le wena o a phakisa ho utlwela.
Pata remote!
A ko ipoloke wena le ba lelapa la hao le phetse hantle selemong sena se setjha... Haeba o pata remote mme o tobetse TV ka monwana ha leshome ka letsatsi, hoo ho tla etsa o sebedise di-kilojoules tse 15 330 ka selemo.
BONA SESOTHO - February 2008
A sireletse
Se tlohedisang basadi dipapadi ke diboti tsena tse sa ba tshwareng hantle, ho rialo Dr Joanna Scur wa Yunivesithi ya Portsmouth mane Englane.
O fumane hore matswele a basadi ka tlhaho, a kgona ho leba mahlakoreng a mararo, empa diboti tsona di a dumella ho leba hodimo le tlase feela mme sena se etsa hore basadi ba 60 lekgolong ba utlwe bohloko ha ba qala ba leka ho ikwetlisa. O re ha jwale ho betere ho kgetha boti ena e sa kopanang ka hodima matswele kapa ena e hatellang matswele sefubeng.
NNETE:
Bana ba tsheha makgetlo a ka bang 40 ka letsatsi - batho ba baholo bona a 14.
Dula o phetse hantle le Patricia McCracken
Selemo sa metjeko
Lenaneo la boithabiso la matjhaba, Dance 4 Life, le kopantseng le thupello ho tsa bophelo, motjeko le mmino ho leka ho theha mekgatlo e tlang ho tlisa diphetoho setjhabeng. Ba lenaneo lena ba hlwaya bana ho tloha ho Grade 8 ho ya hodimo lebatoweng la KZN le la Kapa Bophirima.
Ha jwale le tswelapele dinaheng tse 12, ho tloha Netherlands ho ya Nigeria, Ethiopia ho ya Vietnam mme Dance 4 Life e ikemiseditse ho ba dinaheng tse 25 le ditoropong tse 50 ka 2014.
Empa haufinyane, Maafrika Borwa ona a tla ntlafatsa maphelo a ona mmoho le tsebo jwalo ka ha a tla be a qothisana lehlokwa boitokisetsong ba ho tla nkgisetsana mahafi moketeng wa mmino wa mohla la Tshitwe 1, 2008.
Bakeng sa dintlha etela
www.dance4lifesa.org.za;
kapa o letsetse 031-202-0555.
Ke efe e nngwe ntho ntle le dijo o ka e sebedisang ho imatlafatsa selemong sena" Ho robala ho lekana! Ho robala hona ho o etsa o laole takatso ya dijo mmoho le boima ba mmele ka ho ya ka dipatlisiso tsa US Columbia University Medical Center. Ho robala dihora tse supileng kapa ka tlase ho moo, ho phatsamisa ho sebetsa ha di-homorne mme ho phatsamisehe le ho romelwa ha molaetsa bokong o bolelang hore o tlameha ho ja dijo tse kae. [s]
O tla sala
