sotho.2236.benni
Ho se tshepahale le meharo
Dikgohlahano bolong ya SA
BENNI o sa ntse a le bohloko ke ka moo a neng a tshwarwe ka teng Mohopeng wa Dinaha tsa Afrika mane Egepeta dilemong tse ka bang pedi tse fetileng - mme taba ya hae ke e nngwe ya mehlala ya ho se tshepahale ha baokamedi ba bolo.
Baokamedi ba SAFA ba ne ba ba tshepisitse lehodimo le lefatshe empa ba se ke ba phethisa, ba ba ja tsuo, ho ya ka moo dibapadi di bolelang ka teng.
Empa baokamedi ba bolo le bona ba re se bolelwang ke dibapadi ha se nnete. Ba re seo bongata ba dibapadi tsa Bafana di se batlang feela ha di ilo bapalla sehlopha sa naha ke ho fumana meputso e meholohadi empa ba tseba hantle hore mokgatlo wa bolo ha o etse phaello hape o tlameha ho aha dibapadi tse ntjha ho feta ho lefa meputso e tshabehang dibapading tsa profeshenale.
Sena se ne le qale kgale matsatsing a bo Neil Tovey, mokapoteine wa mehleng wa Bafana, bao bongata ba bona ba neng ba fumana meputso e menyenyane dihlopheng tsa bona mme ba nka sehlopha sa naha e le mohlodi wa tjhelete le borokgoro ba ho tshelela dihlopheng tsa matjhaba.
Leha e le hore dinaha tse mmalwa di ne di kgona ho ba lefella tjhelete e ngata ho feta eo motho a neng a e fumana sehlopheng sa naha empa ba ne ba thabela ho bapalla naha hore ba hlahelle dipapading tsa mehope e meholo, e jwalo ka wa Lefatshe.
Katleho
Ntle ho tlotla ya ho emela naha, ho bapala sehlopheng sa naha ho neha dibapadi monyetla wa ho bontsha bokgoni ho baokamedi ba dihlopha tsa matjhaba.
Ka mantswe a mang, moputso wa ho bapalla sehlopha sa naha, motho o iketsetsa ona ha o tswe ho SAFA hakaalo. Sena se sebeleditse dibapadi tse ngata tsa Afrika Borwa tseo jwale di seng di bapalla dihlopha tsa matjhaba, mmoho le yena McCarthy, ya neng a bonwe ke ba Ajax Amsterdam dilemong tse 10 tse fetileng a bapala sehlopheng sa ba dilemo di ka tlase ho tse 20 ditlhodisanong tsa bomampodi ba Afrika mane Morocco.
Ka mora katleho ya 1996 Mohopeng wa Dinaha tsa Afrika, dibapadi tse kang André Arendse, Shaun Bartlett, Mark Fish, Doctor Khumalo, Sizwe Motaung, David Nyathi le Eric Tinkler di ne di kgethwe ke dihlopha tsa mose moo ba bangata ba neng ba iketsetse tjhelete e ntle ka bolo. Empa ha hlaha le menyetla ya meharo e tshabelang.
Ho hloleha
Ho bapalla sehlopha sa naha ho etsa hore o hlahelle ho baokamedi ba dihlopha tsa dinaha tsa mose, o fumane le moputso o motle. Jwale dinaledi tsa kajeno di monyebe ho bapalla naha ya habo tsona hobane di sa tlo lefshwa moputso o moholohadi...
... empa nnete e le hore ke hona ho bapalla naha hoo ho ba thusitse ho ba beha moo ba leng hona teng kajeno.
Empa ho lemala dipapading tsena jwalo ka ha mabaleng a mang a Afrika, a le maemong a mabe haholo, ke sona seo ba se tshabang hobane motho o tla ema sehlopheng sa hae mme a lahlehelwe ke moputso o motle.
Hape makgaolakgang a Mohope wa Dinaha tsa Afrika, hangata ho bapalwa maqalong a selemo, ho bolelang hore motho a ke ke a bapalla sehlopha sa hae dibeke tse tsheletseng kaofela, o tla lahlehelwa ke moputso o moholo.
Ke ka hona dibapadi di ithaburanyanang ha di bitswa ke SAFA hobane di re e dieha le ho ba lefa ka mora papadi.
Ho ngala
Mabaka a mabedi a etsang hore McCarthy a ngale ho bapalla sehlopha sa Bafana.
Tshwaro e mpe eo a neng a tshwarwe ka yona Egepeta ka 2006, moo ho neng ho seollwe yena feela ka ho hana ho saena tumellano e neng e tla dumella SAFA ho tswelapele ho ba nyedisa le ho rapitla ditokelo tsa bona.
McCarthy o na le tumellano e ntle le Nike mme hape ha a batle ho e senya ka ho itshunyatshunya ditabeng tsa Bafana e tshehetswang ke Adidas. Hape ke taba ya makgaolakgang a Mohope wa Dinaha tsa Afrika o tla bapallwa Ghana ka Pherekgong.
Mohlabadintlha enwa ya dilemo di 29 ha a batle ho ntshwa sehlopheng sa hae sa Engelane ka nako eo. Jwale, ditlhodisano tsena di qala mohla la 20 Pherekgong - 10 Hlakola, e leng nako e hlokolosi haholo selemong sa bolo naheng ya Yuropa. Nako eo ditlhodisano tsena di bapalwang ka yona haesale ho phehisanwa ka yona le batshwari ba dihlopha tsa mose le dibapadi.
Selemong sena, dikgohlahano di qadileng ka pele haholo ha El Hadji Diouf, sebapadi sa Senegal se ho Bolton Wanderers, se ne se nyatsa nako eo ho bapalwang ka yona mme le mookamedi wa Chelsea, Jose Mourinho o ne a tletleba ka hore ha a batle ho arohana le Didier Drogba, Michel Essien le Salomon Kalou dipapadi tsa liki ya Manyesemane.
Mohlouwa
McCarthy qetellong o fihlelletse seo e leng kgale a se labalabela, ho bapala sehlopheng sa Engelane, sa Blackburn a tloha FC Porto. Ho na le pelaelo ya hore a ka nna a hana hape ho tla bapalla sehlopha sa naha.
Ha a ka etsa jwalo, o tla be a ena le mabaka a utlwahalang empa o tla tswelapele ho ba mohlouwa mme a nyatsuwe jwalo ka tlwaelo ka hore o bua mokgatlo wa bolo hampe.
Kantle ho mathata a ho batla ho itokolla sehlopheng sa naha, dintho di mo tsamaela hantle, o se a kentse dintlha tse 23, tseo tse 18 tsa tsona e leng tsa liki.
McCarthy o ne a bolele ha a sa tlo hlola a bapalla sehlopha sa naha ho fihlela ho lokiswa dintho tse itseng tse sa mo kgotsofatseng moo.
Ho fihlela ho lokiswa dintho tseo a llang ka tsona, hohang ha a ikemisetsa ho atamela leha nyenyane sehlopheng sa naha.
Ho itshireletswa ka yena
Ha a batle ho bua ka ditaba tsena phatlalatsa, o kgetha bao a ka buisana le bona ka tsona, bao a ba tshepang feela. Ha a sa tshepa boraditaba ba Afrika Borwa, bao jwale ba seng ba itshireletsa ka yena ha sehlopha sa naha se sa bapale hantle.
O re ha se hangata baqolotsi bana ba ikgathatsang ka ho batla ho utlwa maikutlo a hae, athe dibapadi tse ding tse kang Sibusiso Zuma, eo le yena a kileng a ngala sehlopheng sa naha ka lebaka la ona mabaka a kang ao, ha a ka nyefolwa hakaalo ke boraditabna.
"Ke kgathetse ke ho dula ke nyefolwa. Ke bapala ha monate jwale, ke se na kgatello," ho bolela yena.
Agente ya hae Rob Moore o re katleho ya sehlopha sa naha e etswa ekare ke boikarabello ba McCarthy.
"O etswa ekare ke motjhini wa ho hlaba dintlha le mopholosi wa sehlopha empa nnete e le hore le yena katleho ya hae e itshetlehile hodima dibapadi tseo tse ding tse 10," ho hlalosa Moore. [s]
BONA SESOTHO - September 2007
Ho hloka botshepehi ha dibapadi le balaodi ba bolo ho sa ntse ho tswelapele ho senya menyetla ya katleho ya Bafana Bafana. Re shebisisa se seng sa dibapadi tse sa tsweng melomong ya batho - Benni McCarthy
pale ka MARK GLEESON
ditshwantsho ka GALLO IMAGES
McCarthy selemong se fetileng o qetelletse a fihletse toro ya hae ya kgale, ya ho bapalla sehlopha sa Engelane, ka ho kena ho Blackburn. Ho belaellwa hore o ikemiseditse ho tsamaela thoko le sehlopha sa naha le ho feta pele jwale.
KA HO LE LETSHEHADI: Tshwaro ya SAFA - le ya boraditaba ba SA - e halefisa dibapadi tse ding e le ka nnete.
BONA SESOTHO - September 2007
u
t
'Ke kgathetse ke ho dula ke nyefolwa mme jwale ke bapala ka bolokolohi ha ke sa bapalle ho sireletsa naha '
KA HODIMO: Selemong sena sa bolo Benni o kentse dintlha tse 23, tse 18 tsa tsona dipapading tsa liki mme o se a bile a thusitse le Blackburn ho fihlella menyetla e metle ya ho nka Mohope ona wa UEFA.
