sotho.2229.judas
BONA e a fuputsa
JWALE ke dife tsena tseo re seng re di utlwa ka Judas" Na monna eo e saleng ho tloha dilemong tse 2 000 tse fetileng a nkwa e le moeki ya mobe, e fela e le motho ya lokileng" Ntle ho moo, e ne e le e mong wa batshepuwa hara barutwana ba Kreste"
Seo re lokelang ho se utlwisisa hantle ke hore ha ho letho le letjha ka tlaleho ena. Phehisano ena e ntjha, e qadilwe haufinyane ke ba ha National Geographic Society ka ho phatlalatsa "Evangeli ya Judas." Empa ho sa kgathallehe hore tlaleho ena e nepahetse kapa tjhe, nnete ke hore ditsebi tsa lentswe haesale di leka ho lokisa lebitso le senyehileng la Judas ho tloha hang ka mora lefu la Kreste.
Bonneteng ho dumelwa hore "Testamente e Ntjha" e ngotswe mohlomong dilemong tse 200 ka mora lefu la Kreste. Ntho e nngwe eo re lokelang ho e hopola ke hore Testamente e Ntjha ha se ho fela ha buka e nang le ditlhalosetso ka Dithuto tsa Kreste.
Dingodi tsa nalana ya Majuda le ya Maroma le tsona di ngotse ka yena mme tse ding tsa ditaba tsa bona di a fapana le tse Bibeleng. A re qale ka ho sheba phapang.
Judas e ne e le setho sa Zealot, mokga o neng o dumela hore dikgoka ke tsona feela tse ka thusang ho ketola mmuso wa Maroma le ho lokolla bana ba Israele. Mokga ona wa Zealot e ne e le o lwanelang tokoloho. Hara ona ho ne ho ena le masole a lonya a neng a sebedisa haholo diqelepa.
Judas jwalo ka lesole, o ile a rehwa "Judas The Sicarius" (kapa "Dagger Man") mme ke Testamenteng ena e ntjha moo ho nang le lebitso lena "Iscariot."
Mehleng eo ba bangata ba ne ba rata ho tsamaya ba ipitsa hore ke bo Mesiya. Kaofela ba sebedisa menyetla feela mme le Bibeleng ho na le dipale tsa batho ba tshwanang le ba mehleng ena ba ipitsang baevangeli, ba reng ba kgona ho bua le Modimo empa ba batla feela ho ipokelletsa tjhelete...
Ba Zealot ba ne ba batla ho totobatsa leshano leo haholoholo hobane ba ne ba hloile Maroma.Empa Jesu o ne a le mokgelo ho bohle. Mme ho na le bopaki bo bontshang hore Judas ka nnete ebile yena morutuwa wa hae wa pele.
Kreste o kile a dula felleng matsatsi a 40 le masiu a teng - ho na le ba dumelang hore Judas e ne e le yena "Diabolose" ya neng a mo leke ka nako eo. Ka mantswe a mang, Judas, monna ya holetseng hara batho ba ipitsang bomesiya, o ne a bone ho hlokahala hore a leke Kreste ho netefatsa ditaba tsa hae.
Hape yena Judas e boele e be e mong wa batshepuwa ba Kreste hara barutwana ba hae. Na seo ha se atise ho etsahala ho batshepuwa"
Empa na ke nnete hore Judas o ekile Kreste...
Ho ya ka Evangeli ya Judas le dingodi tse ding, Judas o ne a phetha ditaelo, ho ne ho kgethwe yena ho tsebiswe taba ena.Maqepheng ana a 26 a Evangeli ho na le moo Jesu a laelang Judas hore: "Etswa ka hara ba bang mme ke tla o bolella sephiri sa mmuso wa lehodimo. O tla tseba ho phetha seo ke o laelang sona empa o tla utlwiswa bohloko bo boholo ke hona."
Matsatsing a etellang Mokete wa Paseka pele, Jesu o ne a bolelle Judas hore: "O tla ba mokgelo, o tla nehela ka mora motho." Ho ya ka dirutehi tsa Lentswe, Jesu o ne a kgethe Judas hore a Mo thuse ho fihlella pheletso ya leeto la hae lefatsheng. Kreste ha a qeta ho ja le bona Selallo sa Qetelo o ile a re: "E mong wa lona o tla nkeka," o ne a sa profete, o ne a laetse jwalo!
"Ba dumellane le Judas," ho bolela Marvin Meyer, serutehi se seng sa lentswe sa Chapman University, California se fetoletseng Evangeli ena. "Hangata ho dumelwa hore Judas ke Mojuda ya mobe ya neng a nehele ka Jesu."
Ekare dintho di tjhentjhile jwale...
Ebe jwale Bakreste ba bang bona ba di bona jwang" Ho sa kgathallehe hore Judas e ne e le motshepuwa e moholo wa Kreste kapa tjhe, hona ha ho tjhentjhe tumelo ya Bakreste. Seo ba se dumelang ke hore ha e le Kreste, ke Mora wa Modimo ya neng a re rute ho phela ka kgotso mme a shwella dibe tsa rona. Haeba evangeli ena ya Judas e tla matlafatsa seo re se tsebang ka Kreste, e re bolelle se seng se ikgethang e tla amoheleha.
Tlaleho ena e ntjha ha e tjhentjhe tumelo ya rona empa e re phephetsa ho tia tumelong. [s]
BONA SESOTHO - June 2006
Tse ntjha ka Judas
pale ka ISAAC KWELA
Selallo sa Qetelo
Ke moralo wa Da Vinci o seng o tummeng o bileng o ratwang haholo (o ka hodimo) o a bontshang barutuwa ka mora hore Jesu a ba bolelle hore e mong wa bona o tla mo eka. Ka ho le letshehadi la Kreste ke: Thomas, moholwane wa, James le Philip, ba tshohile ba bile ba maketse; le Mattheu le Jude, ba shebile Simone, mohlomong ba lebelletse hore a ba qapollele sena seo Kreste a se bolelang. Ka thoko lehlakoreng le leng la tafole, ke Bartholomew, moena wa James le Andrew, ya phahamisitseng matsoho ke letswalo. Ba bang hape... ya ditedu ke Peter. Judas, eo sefahleho sa hae se leng lerotho, ha o mo shebisisa, o tla hlokomela hore o tshwere mokotla wa silivera. Jwale wa boraro yena ke mang, ya dutseng haufi le Kreste. Bang ba re ke Johanne - bang ba re ha se monna, ke mosadi, ke Maria Magdalena, eo mohlomong e neng e le mohatsa Kreste...
Ke e mong wa banna ba hloilweng ka
ho fetisisa nalaneng ya lefatshe - na ka
nnete Judas Iscariot o ne a eke Kreste"
BONA SESOTHO - June 2006
u
Ho bokelletswa ha Bibele
Bibele ke "Lentswe la Modimo" empa ho na le motho ya re kgethetseng seo re ka se balang, a siya tse ding ka thoko. Ho na le dibuka tse ka hodimo ho tse 50 tse siilweng ka thoko, Mattheu, Mareka, Luka le Johanne ha se ho fela ha Dievangeli. Tse ding tsa tsona ke Envangeli ya Thomas, Philip, Peter, Maria Magdalene le yena Judas.
Dirutehi tsa Lentswe tsa dikereke tse molao di tla o bolella hore Evangeli tsena di seollotswe hobane di ne di se na dintlha hantle tse feletseng.
Baruti ba bang bona ba ne ba di seolle hobane di ne di ena le dintlha tse hanyetsanang le tsa baetapele ba tsa Lentswe ba mehleng eo.
Jwalo ka Bart Ehrman, profesara wa tsa Lentswe wa University of North Carolina: "Ha ho be le phapang pakeng tsa dihlopha tsa Bakreste," ho boletse yena. "Ho ahlolwa ka hore ba hlotseng ba tsamaisana le melao ha ba bang ba le kgahlano le yona."
Evangeli ya Judas, ha re etsa mohlala ho bolelwa hore e ne e tsejwe ho tloha dilemong tsa bo 180 ka mora lefu ka Kreste - Mobishopo Irenaeus wa Lyonas a e hanyetsa a re ha e tsamaisane le molao.
t
Tse ntjha ka Judas
Leeto le le lelele
Dingolwa tsena di ne di fumanwe ka lehaheng mane Ekgepeta ka 1978. Ha rekisetsanwa ka tsona nakwana pele di rekwa ke e mong wa New York, a di kwalla hantle ka lebokoseng la hae la poso.
Evangeli ya Judas ya rekwa ke morekise e mong wa Swiss ka 2000. Eitse ha a hlokomela ka moo e leng bohlokwa ka teng mme a bona le hore mengolo ya teng e ya e ntse e fiifala, a e isa ka pele ho baokamedi ba Maecenas Foundation For Ancient Art mane Basel, ho la Switzerland.
"Pampiri ya yona e ne e se e ka taboha leha o e thetsa feela," ho boletse setsebi se seng se neng se bitswe ho tla e hlophisa hantle botjha.
Ho re nkile dilemo tse tharo ho e hlophisa hantle hape, re e fetolela re bile re netefatsa hore e fela e le jwao ka ha e ne e le jwalo motheong wa yona.
