Kopo ya setifikeiti sa lenyalo
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Kopo ya setifikeiti sa lenyalo
Ho nyala ka tlasa molao wa setso
Kopo ya ho ngodisa lenyalo la setso
Ho bonana le mmuelli wa lelapa
Kopo ya kelo hloko ya kopano ya setso
Ho nyala tlasa lenyalo la setso
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa batho
Dikamano le tshekamelo ya bong
Ho nyala
Kopo ya setifikeiti sa lenyalo
Kopo ya setifikeiti sa lenyalo (lenyalo la semolao)
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Setifikeiti sa lenyalo se sebetsa jwalo ka bopaki ba hore o nyetse kapa o nyetse. Lenyalo le lokelwa ho tsamaiswa ho na le batho ba babedi ba nyalanang, dipaki tse pedi tse tshwereng ditokomane tsa tsona tsa boitsebiso le moofisiri wa manyalo.
Tiisetsa ngodiso ya lenyalo la hao websaeteng ena.
Hodimo
Mehato e latelwang
Batho ba nyalang ba lokela ho tshwara ditokomane tsa bona tsa boitsebiso mme ba tlatse foromo ya BI-31 (Phatlalatso ya morero wa ho nyala).
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-130 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Etsa kopo embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o dula mose.
Lenyalo le ka tjhaelwa monwana semmuso ke moofisiri ya kgethuweng wa manyalo ho tswa sehlopheng se ikgethang sa bodumedi kapa mokgatlo kapa moemedi wa Lefapha la Ditaba tsa Lehae.
Lenyalo le lokelwa ho tshwarelwa kerekeng, moahong o sebedisetswang ditaba tsa bodumedi feela, ofisi ya setjhaba kapa ntlo ya poraefete. Haebe motho ya se a tlilo nyala a ka lemala haholo kapa a kula, lenyalo leo le ka tshwarelwa sepetlele.
Batho ba dinaheng tsa ka ntle ba nyalang mona Afrika Borwa ba lokela ho ba le diphasepoto tse sebetsang mme ba tlatse foromo ya kopo ya BI-31.
Batho ba babedi ba nyalang, dipaki tse pedi le moofisiri wa manyalo ba lokela ho saena Rejista ya Manyalo ka potlako ka mora lenyalo.
Lenyalo la batho ba eso fihle dilemong tse dumelletsweng (minors):
Batho ba eso fihle dilemong tse dumelletsweng (minors) ke batho ba ka tlase ho dilemo tse 21 ba eso ka ba nyala. Ka ho ya ka molao, batho ba kileng ba nyala kapa ba nyalwa pejana mme lenyalo la bona la qhalwa ke ho hlokahala ha e mong kapa ho hlalana, bona ha ba sa nkuwa e le batho ba dilemo tse eso dumellwe.
Batho ba dilemo tse eso ka di dumellwa ba lokela:
Ho romela tumello e ngotsweng fatshe ya batswadi ka bobedi le/kapa bahlokomedi ba semolao mmoho le foromo e tlatsitsweng ya kopo e leng ya BI-32. O ka etsa kopo ya tumello ho tswa ho Mokhomishenara wa Paballo ya Bana ha motswadi kapa batswadi ba sa fumanehe kapa o sa tsebe ho dumella lenyalo.
O ka etsa kopo ya tumello Lekgotleng le Phahameng tikolohong eo o dulang ho yona haebe batswadi ba hao le/kapa Mokhomishenara a hana ho dumella lenyalo.
Batho ba hladileng mme ba batla ho nyala hape ba lokela ho ba le taelo ya semmuso ya tlhalo. Ba romele afidaviti ha ho na le lebaka le utlwahalang la ho se kgone ho hlahisa taelo ya semmuso ya tlhalo kapa ba hlalane ba le dinaheng tse ka ntle mme ba sa kgone ho e fumana. Afidaviti e lokela ho bolela hore mokopi o hladile semmuso, lebitso la lekgotla le mohla tlhalo.
Batho ba hlokahalletsweng ke bahatsa ba bona mme ba batla ho nyala hape ba lokela ho hlahisa setifiketi sa lefu sa mohatsa. Ba romele afidaviti ha setifikeiti se le siyo. Afidaviti e lokela ho tiisetsa lebitso le mohatsa ya hlokahetseng le mohla oo a hlokahetseng ka ona.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Setifikeiti se kgutsufaditsweng: Ho fanwa ka sona ka potlako.
Setifikeiti se sa kgutsufatswang: Dikopo di ka nka dibeke tse 6 ho isa ho tse 8.
Hodimo
Ditjeo
Setifikeiti sa lenyalo se kgutsufaditsweng: R11
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Dilinki tse nang le dikamano
Lefapha la Ditaba tsa Lehae
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
