SOTHO.2207.muthisep
ka FORCE KHASHANE
34 BONA SESOTHO - September 2006
HOBA mosesane ke ntho e lakatswang ke batho ba bangata leha batho ba basesane ho bolelwa ha ba sa phela hantle. Empa he ho theoha mmeleng ka nako e kgutshwane ho hlile ho a ngongorehisa.
Ha se hobane seo e le letshwao la ho kula, empa seo se etsa batho ba nne ba sebe ka wena. Empa he leha o sa kule, batho ba tla nne ba sebe ka wena.
Ana ke mathata a tobaneng le mmadi wa KZN. O dilemo di 24 mme ha a ya theoha mmeleng feela, empa le letlalo la hae le se le qala ho ba "mahwashe" nqa tse ding.
"Ke se ke lekile ditlolo tsohle, empa le letho," o bile a bolela hore le manonyelletso a hae a ne a se a qala ho satalla.
Ba bang ba nang le bohloko bona ba se ba fedile, e se e le masapo, o se o kgona le ho bala dikgopo tsa bona ha motho a hlobotse.
Lefu lena ka Setswana le bitswa "setshwabu" ha Mazulu ona a le bitsa "ocabangweni."
Matshwao
Matshwo a fapafapane ho ya ka batho.
A ko mamele mmadi enwa wa Mount Fletcher ya neng a bua ka mahloko a neng a a utlwa ka mpeng.
"Mahloko ana a a tota ha ke eja, ka hoo, ke a theoha mmeleng," ho bolela yena. "Jwale ke utlwa le moraka ya dilemo di leshome le yena a se a qala ho tletleba ka mahloko ao!"
"Seo ke ratang hore o nketsetse sona, ke ho ntlhalosetsa lefu lena le ntshwereng," ho ngotse e mong mosetsana wa Khayelitsha.
"Ke se ke dutse ke tshohile kamehla. Mmele le manonyelletso di dula di kgathetse.
"Ka nako e nngwe ke iphumana ke se ke dutse ke thothomela ha ke le hara batho ke sa tsebe hore seo se bakwa ke eng.
"Ka nako e nngwe letlalo le a hlohlona le mmele o be bohloko kaofela."
Monna e mong ya dilemo di 29 o ne a ntlhalosetse sohle ka mmele wa hae a batla hore ke utlwisisa ka moo o leng bohloko ka teng. Mathata a hae a ne a qale ka 1998 mme taba ya hae e ne e nkame haholo.
O ne a bolela ka bohloko bo boholo boo a neng a bo utlwa ka sefubeng.
Ka nako e nngwe bo be lehlakoreng le letshehadi haufi le pelo mme boo bona bo qeta nakwana e teletsana.
Ka mora moo, o boletse ha a utlwa ntho e tsamayang butle ka mokokotlong lehlakoreng le letshehadi.
"Ha ke inama e a emisa, ha ke otloloha feela, e boele e qalelle. Ke se ke mathile dingaka tse ngata, empa ha ho nko ho tswa lemina."
Kalafo
Se tshohe. Setshwabu ha se lefu le kotsi, leha ho le jwalo, le neheletsana jwalo ka lefutso lelokong.
Ke ntho e iketsahallang leha e le neng feela mme ha ho hlake hore na se bakwa ke eng.
Setshwabu ha se ntho eo motho a ka o loyang ka yona!
Hape ntho ena ha se moya o mobe jwalo ka ha ba bangata ba bolela hore ho na le ntho e ba tsamayang ka mpeng kapa sefubeng.
Ha se batho ba baholo feela ba hlaselwang ke lefu lena, le ntse le fumaneha maseeng le baneng mme e hlahella ka dikgeo.
Baneng le bonahala ka matshwao a hore ngwana a nne a ingwaye ka dinkong le ditsebeng a fafatsehe le dipounama - a nne a di nyeke kgafetsa ho leka ho di boloka di le mongobo.
Sa bohlokwa ke hore, setshwabu se a phekoleha.
Ntle le meriana kapa tsona ditlama tseo o di nwang, o tlameha hore o hle o le phahamele ka maoto.
O hloka nkgerenkgwa e seng e kile ya phekola lefu lena pele ho ka o phekola.
Hara tseo a tla o etsetsa tsona, o tla o phatsa sefubeng. [s]
Re bua ka ditlhare
Setshwabu
se a phekoleha!
Ha o na le potso ka ditlhare, ngolla Force atereseng ena:
Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle email atereseng e reng:
forcek@caxton.co.za
