sotho.2205.health
Eja tse phepo
Vitamin C e tshepahala ka ho matlafatsa masole a mmele empa ha re e je hantle ka tshwanelo ho ya ka moo setsebi sa dijo sa SA Sugar Association, Priya Lalla a di bonang ka teng. O re e senyeha ka bonolo nakong eo re lokisang dijo, ha re di inela kapa re pheha meroho le dino. Ke tsena dikeletso tsa ka moo o ka fumanang Vitamin C e ngata dijong tseo o di rekang:
t Eja e nngwe ya ditholwana tsena letsatsi le letsatsi, lamunu, naartje, grapefruit kapa e nngwe feela e bodila.
t Sebedisa lero la sirilamunu e foreshe ho etsa salad dressing.
t Etsa salate ka green pepper.
t Se bedise meroho metsotso e ka hodimo ho e mehlano.
Theola mmele o dule o phela
Ha o nonne tlolo ya molao, o ba kotsing ya ho kenwa ke mafu a kang kankere le la pelo. Dithuto tsa US tsa dilemo tse 10 di se di kenyeleditse le kankere ya marete. Empa ho theola boima ba mmele ka 5kg ho thusa ho fokotsa menyetla ya tlhaselo ya kankere ya marete ka dipersente tse 40. Se lebale merero ya hao ya selemo se setjha e kenyeletsang le ho theola boima ba mmele!
Kgatholoha o be le lesea le letle
Ho hlala moratuwa ya o kgathatsang moyeng boimaneng, ho molemo bakeng sa bokamoso ba ngwana wa hao ho ya ka dipatlisiso tsa Imperial College, London. Moimana ya pelo e bohloko kapa ya hloriswang ke moratuwa, lesea la hae le ba le di-hormone tse nang le kgatello e kgolo e leng se etsang hore kelello ya lona e se hole hantle le dule le tshaba le bile le se na botsitso.
NNETE: Lero le sireleditseng lesea le inngweng le tjhentjhwa dihoreng tse ding le tse ding tse tharo.
tsa bophelo bo botle
BONA SESOTHO - June 2007
Dula o phetse hantle le Patricia McCracken
Serame le feberu"
O ka nahana hore ha ho hobe hakaalo ha o kenwe ke mokgohlane kapa feberu, empa dingaka di re ho bohlokwa ho o emela ka maoto ka pele. Di re maemo a ka nna a mpefale haholoholo ha o ena le lefu la kankere kapa la EITSI. O lokela le ho sireletsa ba bang hobane di tshwaetsana ka bonolo. Ke tlhokomediso ya Flufacts.com...
Matshwao
Serame
Mokgohlane
Feberu
Ha e a tlwaeleha
E tlwaelehile
Ho opelwa
Ha ho matla
Ho matla ka nako e nngwe
Ho hatsela
Ha ho a tlwaeleha
Ho tlwaelehile
Mokgathala
O monyenyane
O matlanyana
Matshwao a kapele
Se hlaha hanyenyane
O hlasela dihoreng tse 3 feela
Ho kgohlela
O a kgohlela
Sefuba se ome
Ho thimola
Ho tlwaelehile
Ha ho a tlwaeleha
Ho thibana dinko
Ho tlwaelehile
Ha ho a tlwaeleha
Mmetso o bohloko
O tlwaelehile
Ha o a tlwaeleha
Bohloko sefubeng
Bo bonyenyane
Bo matla
Hlooho
E tlwaelehile
E tlwaelehile
NNETE: Bana ba na le menyetla e meholo ya ho kenwa ke mokgohlane ho feta batho ba baholo.
Se qeaqee - se tshabe
Ho hlahloba kankere ya marete ho bohlokwa hape ho se ho le bonolo ho ya ka moo Dr Lance Coetzee, modulasetulo wa leano le letjha la Prostate Cancer Foundation Of SA a di bonang ka teng - o re pele ho nako e kae ho tla be ho itshwanela hantle le ho etsa diteko tsa moroto. Ona ke mofuta wa kankere o tlwaelehileng hara Maafrika Borwa le wena o na le menyetla e meholo ha: ntatao kapa moholwanao a ena le yona, o rata dijo tse mafura, o sa je meroho haholo. Ha banna ba ne ba kgothaletse ho hlahloba kankere ena, e ne e ka bonwa e sa qala feela, ho ya ka Dr Coetzee, hape o re menyetla ya kalafo e ne e tla ba meholo.
BONA - August 2005
Symptom
Cold
Flu
Fever
Rare
Usually present
Aches
Slight
Usual, often severe
Chills
Uncommon
Fairly common
Tiredness
Mild
Moderate to severe
Sudden symptoms
Appear gradually
Can appear within 3 hours
Coughing
Hacking cough
Dry cough
Sneezing
Common
Uncommon
Stuffy nose
Common
Uncommon
Sore throat
Common
Uncommon
Chest discomfort
Mild to moderate
Often severe
Headache
Uncommon
Common
FACT: Children are up to three times more likely to catch flu than adults.
