SOTHO.2189.free
BONA SESOTHO - March 2007
Ya Hao Ya Mahala
DITEKETE TSA MOKETE
Ke jazz feela
Ha o rata mmino wa jazz, mokete o moholo Afrika wa Cape Town International Jazz Festival, e lokela e be e le o mong wa eo o sa rateng ho fetwa ke yona selemong.
Ho tla be ho ena le dikalana tse hlano le dibini tse ka hodimo ho 40 tseo ho balellwang le tsa dinaheng tsa matjhaba. Dibini tse ding tse pele tsa jazz di tla ba teng jwalo ka tlwaelo, re bolela Youssou N'dour, Randy Crawford, George Duke, Archie Shepp, Andreas Vollenweider le dikakapa tsa habo rona Hugh Masekela le Miriam Makeba ha re bala ba mmalwa.
Wa selemong sena o tla ba ka Hlakubele 30 le 31 Cape Town International Convention Centre, ka hoo o lokela ho phahamela marole - BONA e na le ditekete le meputso e meng e bitsang R4 000 eo e fanang ka yona!
Bakeng sa ho ba e mong wa ba lehlohonolo, romela *SMS JAZZ ho 35919.
Letsatsi la ho kwala ke la la 12 Hlakubele, mme bahlodi ba tla tsebiswa ka mohala. Ela hloko: Moputso ona ha o kenyeletse le sefofane, kapa sepalangwang kapa bona bodulo.
10 DIMPHO
Bakeng sa diteki tse kganyang!
Setsebi tlhokomelong ya dieta, Kiwi e na le tharollo ya mathata ohle a ho hlwekisa diteki. Takkie Brite e ntjha ke mokedikedi o ikgethang wa ho hlwekisa diteki, e monyolle tshila, e qete le lephoka, di sale di bile di nkga ha monate le ka mora nako e telele.
Takkie Brite, ho bolokehile ho e sebedisa letlalong la mmala ofe kapa ofe, la canvas, nylon, raba, vinyl, kapa nylon mesh. Itlhome pele o be wa pele ho hapa moputso ona o tla o thusa ho boloka diteki tsa hao di le ntle!
Babadi ba leshome ba BONA motho ka mong o tla fumana sephuthelwana sa Takkie Brite se bitsang R400. Ho ba e mong wa bona, romella lebitso la hao, aterese le nomoro ya hao ya mohala ho: BONA/Takkie Brite Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060 kapa *SMS TAKKIEBRITE ho 35919.
Letsatsi la ho kwala ke la (ntle ho Mpho ya Mokete wa Mmino wa Jazz ): 30 Hlakubele 2007.
*(SMS ka nngwe e bitsa R3.)
60 DIPAKANA
Matlafatsa bana ba hao
Bana ha ba hola ba tlwaela mekgwa e mebe ya ho ja, ba fapane le ho ja tse phepo. Re leboha Turbovite School Tablets hobane bana ba tla fumana phepo yohle ya bohlokwa eo ba e hlokang ho matlafatsa mmele le dikelello hore ba hole hantle mme le masole a mmele ya bona a matlafale. Dipompong tsena tse hlafunwang tse tatso ya monokotshwai di na le divitamin, diminerale, antioxidants, Omega-3 oil le di-amino acids tse ikgethang mme hape di a fumaneha le dikhemesing.
BONA e na le dipakana tse 60 tse bitsang R60 pakana ka nngwe eo di fanang ka tsona. Le wena romela lebitso, aterese le nomoro ya mohala ho: BONA/Turbovite Tablet Giveaway, Private Bag X1030, Lyttelton, 0140 kapa *SMS TURBOVITE ho 35919. [s]
4 DIPHUTHELWANA
Mme ya tshepahalang
E tsebisahala ka ho hlokomela batswetse le masea ka bonojwana ba yona le polokeho, e tshetjwa ke meloko, ke ka hona Elizabeth Anne e batlang ho fa babadi ba bane ba lehlohonolo monyetla wa ho hapa sephuthelwana se ka bitsang R1 000 se nang le dietswa tsohle tsa ho hlokomela lesea tsa ha Elizabeth Anne le tse Kokobetsang Mahloko tse kang le vapour gel, arnica gel cradle cap cream (e fodisang ho hlohlona ha letlalo la hlooho). Hape lesea le tla thabela le ho bapala ka Fisher-Price 2 Ocean Wonders 'Kick and Crawl' Aquarium. Ho ba e mong wa ba lehlohonolo, re romelle lebitso, aterese le mohala ho: BONA/Elizabeth Anne's Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060 kapa *SMS ELIZABETHANNES ho 35919.
Dimpho tse bitsang
R16 000
BONA - August 2005
