sotho.2170.Tuks
O tseba setso sa habo
Moshemane ya hotseng a le mosesane kajeno ke sephankgahadi
HO TENG nako eo ka yona metswalle ya hae e neng e babatsa ka moo a neng a le mosesane ka teng, empa kajeno Tuks Senganga ke sephankgahadi. "Ke leboha Mafoko A Me e bileng monate ditsebeng tsa Maafrika Borwa a mangata a ratang mmino a fetotseng sebini sena a se beha maemong a hodimo."
"Thahasello e bontshitsweng ke batho ba naheng ena albamong ya ka ya pele, Mafoko A Me (mantswe a ka), e nketse ke ikokobetse haholo," ho rialo Senganga. "Ke thabela diphephetso, empa ke ne ke sa lebella hore e ka rekisa boemo ba kgauta ka dikgwedi tse robedi feela, le albamo ya hip-hop, nogal!"
E nngwe ntho e makaditseng Senganga eo lebitso la hae la nnete e leng Tumelo Kepadisa, ke ho thahasellwa ha mantswe a Setswana le dibakeng tseo puo ena e sa buuweng haholo teng jwalo ka Kapa Botjhabela, Mpumalanga le Limpompo.
Sebini sena sa mmino wa rap, sa mafikeng, se ne se fumane lebitso lena la theneketso sekolong hobane a ne a le mosesane haholo. "Ba ne ba nahana hore ba bohlale," ho hlalosa Tuks. Lebitso lena le bolela sehanyathahadi sa monna, ha nna ke ne ke le moketanyana."
Setumo sa lebitso lena se ne se qobelle Tuks hore a le "amohele." Ha ho ka ba ha fella moo - hobane Tumelo a ne a le molelele, o ne a qetelle a se a bitswa "Tuks."
Le kgetlong lena hape ho qoba ho nna ba mo soma, o ne a phakise a amohela theneketso eo.
Lebatowa la Leboya Bophirima, ke lehae la Presley Chueneyagae, ya neng a bapala filiming ya Tsotsi e neng e hape kgau ya Oscar - mme e nngwe ya dipina tsa Senganga e ne e hlahella ho tse ding tsa dilelekela tsa dikgaolo tsa filimi ena, e leng se bontshang hore sebini sena se ya hole.
O kganna koloi e kgubedu ya moetso wa Mini Cooper eo e leng mpho ya hae a itheketseng yona ka mora ho hapa kgau ya ho ba sebini se pele sa rap dikgaung tsa SAMA. "Ke tlohetse jwale ho ba taaso, le nna ke se ke thella feela ka koloi. Ke se ke kgona ho finyella ha bobebe moo ke menngweng teng," ke sebini sena se ntse se tsheha.
Leha Tuks eo ha jwale a leng maphathephathe ka albamo ya hae ya bobedi, a dula metseng ya ditoropong mane ka leboya ho Joburg, ha a ya lebala setso sa habo. Ha a fumana monyetla feela, o kena tseleng ho etela metswalle le ausiae mane Mafikeng.
O qadile mmino a le dilemo di robong feela nakong eo a neng a ngola pina ya hae ya pele. Ka mora moo, ba ne ba thehe sehlopha sa Bonsai. Ke ne ke rata mmino, ha bana ba bang bona ba ne ba itjhebetse setumo le tjhelete, ka hoo, ke ne ke qetele ke se ke ipinela ke le mong," ke yena eo.
E ne e be mohato o molemo. Tuks o ne a hlahelle dialbamong tsa dibini tse kang Zola, Bravo le Morafe.
"Ha ke sebedise diaparo le dieta tse bitsang," ke yena eo. "Ha ke rate thoto eo ke sa e hlokeng bophelong ba ka kapa hona ho phela bophelo bo bohlaswa." Ke rata motoho, setampo le moroho![s]
BONA SESOTHO - October 2006
pale ka FORCE KHASHANE
Tuks o atlehile
KA HODIMO: O tlohile Mafikeng a leba Jozi - empa ha a ya lebala setso sa habo.
