sotho.2167.spa
Lena lethuela le alafa ka mokgwa wa Sejwalejwale le o tswakile ka wa mehleng ya boholoholo... Pale ka Thandi Zulu
BATHO BA RONA
Ithapolle
ELLIOT Ndlovu o holetse Kamberg Valley, o ne a rata dimela haholo. A ipotsa hore ke ding? Le hore di ka sebedisetswa ho etsang? Leha a ne a sa tsebe ka nako eo empa o ne a ena le mpho ya bongaka ba setho. Mme hape a sa nahane hohang hore ka le leng a ka kopana le presidente wa Afrika Borwa le mofumahadi wa Engelane, ba bue ka tsebo le lerato la hae la dimela!
Pitso ena e ne e qale ho totobale ka nako eo a neng a sebetsa Mooi River mme a fehlellwa a ntse a sebetsa.
Ho a totobala hore dimela di tla dula e le motheo wa kalafo ya hae - mme matsatsing ana o a hlonetjha ka tsebo ya hae ya ho alafa ka dimela. E ne e be e mong wa baeti ba bohlokwa ba tswang Afrika Borwa dipontshong tsa Chelsea Flower tse neng di le London, moo a neng a fumane teng monyetla wa ho kgahla Mofumahadi Elizabeth mme kajeno ke e mong wa baokamedi ba Fordoun Spa.
Ntle le hore e tumme ka madulo a maemong a hodimo le kamohelo e mofuthu, Fordoun e ratelwa le dietswa tsa yona tseo bongata ba tsona di hlahisitsweng ke Ndlovu, a kopanya tse ding tsa dimela tse ka hodimo ho tse 120 tse melang sebakeng seo.
Ho na le kalafo ya ho itlhwekisa, eo ho yona ho sebediswang metswako le meriana eo o mong wa yona o bitswang umhlonyana, ha re etsa mohlala.
Ka mora moo ho latele African potato wrap e futhumetseng, motho a ntano sidilwa ka marula oil.
Umhlonyana, ke nnete e sebedisetswa ho alafa mafu a hemisang motho ha bohloko jwalo ka ho kgohlela, serame, ho pipitlelwa, ho thibana dinko le mokgohlane. African Potato e sebedisetswa ho matlafatsa mmele, dihloba, masapo le mafu a mang a mangata.
Marula oil, yona e nolofatsa letlalo. Tse ding tsa dikalafo tseo Ndlovu a di entseng ke ya Fordoun a e etsang ka Lenotis Leonaris, o alafa kgatello le mafu a mang a tsamaisanang le yona. Ho boetse hape ho na le menko e meng e monate bakeng sa basadi.
"Monko o monate ke sehopotso seo mosadi a o siyang le sona leha a se a nyametse mahlong a hao," ho bolela Ndlovu, mohlahisi wa menko ya Ma'Ndlovu fragrance, tseo a neng a be le tjheseho ya tsona ka lebaka la lerato la hae la monko wa dipalesa tsa Seafrika.
Hape Ndlovu o thabela ho bolella ba bang lepetjo la hae.
"Hopola hore, ketsahalo efe kapa efe bophelong e tsamaisana le e nngwe e tla etsahala ka moso. Mang kapa mang eo o kopanang le yena, le ha le ka kopana ka tshohanyetso, kopano eo e ka nna ya le lebisa karolong e nngwe ya bophelo, e leng se ka nnang sa tjhentjha bophelo bohle ha hao.
Ka hoo tshepa diketsahalo tseo mme o etse bonnete ba hore o tla kgona ho amohela diphephetso ha o batla ho bona diphetoho." [s]
Ho etela Fordoun kapa ho reka dietswa tsa bona, letsetsa 033-266-6217.
BONA SESOTHO September 2008
Lethuela Elliot Ndlovu o se a hlahisitse dietswa tse ikgethang tsa Afrika Borwa tse sa shebehaleng hantle feela empa tse bileng di o kgathollang le moyeng.
