sotho.2157.triviafeb2008
Marangrang a ditshwantsho
Maqephe a boithabiso a BONA
KE MANG?
Joaquim Alberto Chissano
Joaquim Chissano o hlahetse motseng wa Malehice, Lebatoweng la Gazaleo ka nako ya puso ya Mapotoketsi mane Mozambique. Ebile morutwana wa motho e motsho wa pele wa ho ya kena sekolong se phahameng ka nako eo mane Liceu Salazar hona Lourenço Marques (eo kajeno e bitswang Maputo).
A etsa dithuto tsa bongaka Portugal, empa dipolotiki tsa mo tlama ho balehela Tanzania. E le motshehetsi wa Frelimo, mokga wa Mozambique o neng o lwanela tokoloho ho Paris dilemong tsa bo 1960.
Ka 1975 ha Mozambique e fumana boipuso e ne e se e le majoro wa mogenerale. Mopresidente e motjha wa Mozambique, Samora Machel, a mo etsa letona la ditaba tsa Kantle.
Ka 1986 ha Machel a eshwa, Chissano yaeba yena mopresidente ho fihlela ka Hlakola 2005.
Moketeng wa tswalo wa dilemo tse 68 tsa hae mane London, mohla la 22 Mphalane 2007, Mongodi wa mehleng wa UN, Kofi Annan, o ne a phatlalatse hore Chissano o nehwa Moputso wa Moetapele wa Afrika ya Atlehileng o tsamaisanang le dimilione tse hlano tsa didolara ka lebaka la puso ya hae e ntle.
BONA SESOTHO - February 2008
Setshwantsho ka seng se na le moelelo wa lebitso leo o lokelang ho se ngola dikgeong.
Eish!
Yi'nan ke khan - kapa mmusi - wa China. O ne a qale ka bo 629 ho atolla meedi ya hae ka ho kgahla baahisane. Pele ho nako e kae a be a ena le tshusumetso e kgolo ka bo 642. A batla ho nyala moradi wa morena e mong wa boahisane, ka bohadi ba dipere tse 3 000 le dipodi tse boyahadi tse 38 000!
A hana morena mme ka mora selemo hape a boela a kgutla a qhoba dipere tse 50 000, dikgomo tse 10 000 le dipodi tse 100 000. Morena eo a nna a hana, a dikela kwana le kwana mme Yi'nan a ikela badimong ka 645, e ntse e le lesowa.
Letlalo la nkwe le metsero, e seng hore ke boya feela.
Diphoofolong kaofela tse neng di le teng ha lefatshe le thehwa ke 10% feela ya tsona e setseng kajeno.
20 DIPOTSO
1) "Au" ke kgutsufatso ya...
A) Australia
B) Austria
C) Gold
2) Bolelele ba leeto bo kalwa ka...
A) Kilomitara
B) Litara
C) Kilograma
3) Ka 2007, sebapadi sa selemo sa International Rugby Board ebile...
A) Jonny Wilkinson
B) Pele
C) Bryan Habana
4) Ke ofe mokgatlo wa matjhaba o neng o thehwe ka Phupjane 26 1945, ho ntshetsapele molao wa matjhaba, polokeho, ntlafatso ya moruo, tswelopele ya batho le ho hlontjhwa ha ditokelo tsa botho?
A) The United Nations Organisation.
B) The League Of Nations
C) The Organisation Of African Unity
5) Moafrika Borwa ya tummeng - eo e leng mohlodi wa Kgau ya Kgotso ya Nobel - ya neng a hlahele Klerksdorp, Transvaal mohla la 7 Mphalane, 1931 ke?
A) Desmond Mpilo Tutu
B) Walter Sisulu
C) Oliver Tambo
6) Motsemoholo wa Jamaica ke ofe?
A) Freetown
B) Newtown
C) Kingston
7) Ke mang "Queen Of Soul" ya hlontjhwang ka pina ya hae, Respect?
A) Tina Turner
B) Aretha Franklin
C) Whitney Houston
8) Ke efe filimi ya SA e neng e qale ho SABC 3 ka Phupjane 1998?
A) Generations
B) Egoli
C) Isidingo
9) "O tla mphumana Afrika Borwa. Lebitso la ka la saense ke Panthera, boima ba ka ke 270kg, mme ke katse ya bobedi ho tse kgolo ka mora lengau. Ke mang?"
A) Ke tau
B) Nkwe
C) Setsetse
10) Alan Patono o tumme ka buka ya...
A) Waiting For The Barbarians
B) Story Of An African Farm
C) Cry, The Beloved Country
11) Accra ke motsemoholo wa...
A) Nigeria
B) Ethiopia
C) Ghana
12) Ho etsahala khemikhale efe ha o tswaka hydrogen atoms le oxygen atom?
A) Petrole
B) Metsi
C) Sekete
13) Phato 6, 1945, e tsejwa e le letsatsi la...
A) Ho fela ha ntwa ya Bobedi ya Lefatshe
B) Bhomo ya pele ya atom e ne e lahlelwe Hiroshima
C) Jeremane e ne e inehele
14) Mohope wa lefatshe wa Rugby o latelang o ka 2011 - ho kae?
A) New Zealand
B) Australia
C) Afrika Borwa
15) Ke sefe sehlopha sa PSL se neng se thehwe mohla la 7 Pherekgong 1970, Soweto?
A) Moroka Swallows
B) Kaizer Chiefs
C) Mamelodi Sundowns
16) Ke sefe sehlopha sa Patrice Motsepe?
A) Moroka Swallows
B) Kaizer Chiefs
C) Mamelodi Sundowns
17) Hendrina, Amersfoort le Greylingstad ke ditoropo tse fumanehang lebatoweng lefe?
A) North West
B) Mpumalanga
C) Gauteng
18) Ke mang ya hapileng Kgau ya Oscar ya Sebapadi se Pele sa Mosadi ka 2003?
A) Charlize Theron
B) Halle Berry
C) Meryl Streep
19) Edson Arantes do Nascimento o tsebisahala ka la ...
A) Kaka
B) Pele
C) Júnior Juninho
20) Khomas ke lebatowa la...
A) Botswana
B) Lesotho
C) Namibia
Leka tsebo ya hao!
BONA SESOTHO - February 2008
Karabo:
1. C; 2. A; 3. C; 4. A; 5. A; 6. C; 7. B; 8. C; 9. A; 10. C; 11. C; 12. B; 13. B; 14. A; 15. B; 16. C; 17. B; 18. A; 19. B; 20. C.
Batla lentswe
DISCOVERY
Yona le Endeavour le Atlantis, Space Shuttle Discovery ke e nngwe ya dikhetjhe tse tharo tsa NASA tse sebetsang. E ne e fofe ka 1984, ya tla le Hubble Space Telescope. Ka Mphalane 29, 1998, Discovery ya tjhutjhumetsa le mokaubere wa dinaledi John Glenn. Glenn yaeba motho wa pele ya moholo wa ho ya sepakapakeng a le dilemo di 77.
E qetetse ho fofa ka Mphalane ngwahola. Ho fihlela jwale, Discovery e se e fofile makgetlo a 33, ya dula matsatsi a 241 sepakapakeng, mme ya potoloha lefatshe makgetlo a 3 808 ya hahlaule ka hodimo ho dikilomitara tse 150-million.
BONA SESOTHO - February 2008
Maqephe a boithabiso a BONA
Ke mofuta o mong wa monokotshwai. (Bonneteng, ditholwana tse bodilanyana kaofela di kena sehlopheng sa menokotshwai hobane bongata ba tsona di na le dipete tse ngata hape di bonolo.)
Di ne di etswe ka ho kopanya peo ya pomelo le ya tangerine.
lDi ngata moo ho futhumetseng - difate tsa tsona di bolelele ba 10m.
Tsa pele tse neng di mele Yuropa di ne di le bodila. Tse tswekere tsa fihla Yuropa dilemong tsa bo 1500 di etla le Mapotoketsi a tswang India mme tsa ratwa haholo.
Makgapetla a tsona balemi ba bolaya dikokonyana dimeleng ka ona.
Marmalade, kapa jeme di etswa ka dilamunu tsa Seville. Dikarolo kaofela tsa dilamunu di sebedisetswa ho etsa marmalade.
Di ngata Brazil, ke ditone tse 17,8 million; United States di 8,4; Mexico, 4,1; India, 3,1; China, 2,4; Spain, 2,3.
Tsa Valencia ho etswa dino ka tsona. Ho ne ho amohelwe baeti ka seno sa tsona ka 1982 Mohopeng wa Lefatshe wa FIFA mane Spain. Di ne di nkwa e le tsa lehlohonolo, mme bohle ba tenne mebala ya sehlopha sa Spain.
tsohle ka...
DILAMUNU
Karolo e kantle e bitswa LEKGAPETLA. Ha a kereitilwe a bitswa ORANGE ZEST a sebedisetswa ho etsa tatso dijong.
Karolo e tshweu ya makgapetla e bitswa PERICARP kapa ALBEDO. E na le Vitamin C e ngata jwalo ka lamunu ka sebele.
LEKGAPETLA
Fumana lentswe ka ho bala o lebisa pele, morao, hodimo, tlase, o be o tshekalle. Ditlhaku di be moleng o otlolohileng hape di se tlolwe. Etsa lesakana ho leo o seng o le fumane mme o le tshwaye ho a lehlakoreng.[s]
DITHOOTSE
Ka nnete! Ditadi
di a tsheha!
Ho ne ho hlokomelwe hore ditadi di tsamaya di honyela meya mme di ntsha modumo ha di bapala - kapa di tsikinyetswa!
E, ditadi di a tsheha - ka letsheho leo ho seng bonolo ho batho ho le utlwa.
Le tsona jwalo ka batho, di tsheha ha di thabile!
Phapang ke boholo
O RENG KA MMALA?
MMALA wa lamunu o rehelletswe ka tholwana eo. Mmala ona o ne o rekotwe semmuso la pele ka Senyesemane ke Morena Henry VIII ka 1512, lekgotleng la dinyewe. Pele ho moo, mmala ona o ne o bitswa ka hore o "bosehla bo bofubedu" ka Senyesemane sa Kgale
Jo! KE tadi!
Ditadi di mokgelo hara ditweba ka boholo ba tsona - hangata mmele ya tsona e bolelele bo ka hodimo ho 12cm. Mehleng ya Kgale ya Seroma, ho ne ho sa ikgathatswe ka phapang pakeng tsa tsona, ho thwe ke ditadi ke Mus Maximus mme ditweba ke Mus Minimus.
E, ditadi ke diphoofotswana tse qabolang ...
u Tse tsebisahalang haholo hara tsona ke tse ntsho tse bitswang (Rattus rattus) le tse sootho (R. norvegicus).
uTse sootho tse tswang China, batho ba bang ba a di rua.
uMatsetse a neng a tle le lefu la Black Plague a ne a qale ho tse ntsho mane Yuropa dilemong tse bohareng mme dimilione tsa tsona tsa tlameha ho bolawa.
uDi rata boithabiso, di masene mme di ka rupellwa hore di sebedise sebaka se itseng ho ithusa, di tle ha di bitswa hape di etsiswe le dintho tse itseng.
u Ba merabe e mengata ba a di ja ditadi jwalo kaha United Nations Food And Agriculture Organisation e nahanela hore halofo ya nama ya ditadi e tswang moo e rekiswa Ghana, moo hape di ruuwang di bileng di tsongwang.
u Ka Seindia, di amana le Lord Ganesh, modimo wa Mahindu mme ho dutse ho ena le seemahale sa tadi ditempeleng tsa bona. Toropong ya Deshnoke, ditadi tsa Karni Mata Temple ho dumelwa ha di phela ka hara Sadhus (monna ya halalelang wa Mohindu). Moruti wa teng pele a etsa tshelebetso, o qala ka ho fepa ditadi. Ho ja dijo tse thetsitsweng ke tsona, ho nkwa e le tlhohonolofatso. [s]
Thatolla
BONA SESOTHO - February 2008
Hlahlamanya mantswe ana ka nepo.
t
Maqephe a boithabiso a BONA
TSHEPE e entswe ka dietswa tsa mefuta e mmedi kapa ho feta ya masenke. Tshepe e entswe ka dintho tse kang manganese, tungsten kapa carbon, ke ka hona e leng thata.
Ditshepe tsa pele di ne di etswe Afrika Botjhabela dilemong tsa bo 1400BC. Bohareng ba dilemo tsa bo 19000 ya qala ho bitsa haholo.
Kajeno tshepe ke e nngwe ya dintho tse bitsang haholo lefatsheng mme e sebediswa haholo ha ho ahwa, ho etswa dikoloi, dietswa tsa ho sebetsa le tse ding tsa motlakase.
China ke yona e hlahisang ditshepe tse ngata haholo tse ka etsang korata ya tse hlahiswang ke lefatshe kaofela, ho latele Japan, Russia le USA.
NA O NE O TSEBA?
Ho buuwa ka bohlokwa ba ho ntjhafatswa ha dintho tsa kgale empa kgwebong ya ditshepe ha se ntho e ntjha eo. Haesale ditshepe tsa kgale di silwa botjha ho tloha dilemong tse 150 tse fetileng hobane ho ditjeho di tlase ho feta ho etsa tshepa e ntjha.
Motlakase a sebediswang o fokotseha ka 75% ka selemo e leng e lekaneng ho fepela malapa a dimilione tse 18 motlakase ka selemo.
Ho ntjhafatsa tone e le nngwe ya ditshele ho boloka 1 100kg ya iron ore le 630kg ya mashala.
BONA SESOTHO - February 2008
Tshepe e a makatsa!
Hobaneng banna ba ena le ditlhoko?
Nonyana e behela jwang?
Dibekeng tse tsheletseng ho ya ho tse robedi tsa pele boimaneng, lesea le ebe le ena le menyetla e mebedi ya ho ba ngwanana kapa moshemane.
Ha di-hormones di sa be le tshusumetso ka popeleng ngwana eo o hlaha e le ngwanana ho bolelang hore sebopeho sa boshemane se a nyamela ho yena.
Athe ha di-hormoes di bile le tshusumetso teng e ba moshemane a lahle sohle sa bongwanana. Empa ditlhoko di bopeha karolong ya pele ya ho bopeha ha lesea boimaneng.
Erekaha di bohlokwa basading, tsa bona di a hole e be matswele.Ha di na kotsi hohang banneng mme ho bonolo hore mmele o di boloke ho ena le hore o di lahle ha a kena bohlankaneng.
Ntle ho moo, banna ba boetse hape ba na le methapo ya lebese le dikaqanyana tsa matswele. [s]
Dinonyana di a fofa ha di ilo tsoma dijo leha di balehela dira tsa tsona tse ka nnang tsa di lematsa. Tsa dithole ha di kgone ho fofa di tshwere mahe hobane a boima.
Ha e batla ho behela, e etsa hoo kapele haholo pele e fofa hape. Mmele o etsa karolo e bonolo ya lehe pele le thetehela ka tjhupung e tla etsa kgaketla. Kgaketla e phetheha hang ha nonyana e lahla lehe fatshe ka hara sehlaha sa yona. Le ntshwa jwalo ka ha ekare ke tswa ka tjhupung.
Sheba hore ke mentswe a makae a mane - le a mahlano a Senyesemane ao o ka a bopang ka ditlhaku tsena. E hare (e kgubedu) e lokela ho sebediswa lentsweng ka leng. Hape o bope le le leng ka ona kaofela. Tlhaku ka nnngwe o e sebedise hang feela.
Etsa lentswe
