sotho.2149.walter
Re qoqa le Walter Mokoena
Ke lehlohonolo!
O NE a jele koto ka hempe e tshweu, kgama ya silika le jeresi e molala o 'V,' eo he ke Walter Mokoena. E mong wa baeti moo hoteleng, o ne a atamele naledi ena ya tsa dipapadi ho SABC, a mo tshwara ka letsoho. "Sefahleho sa hao ke se tlwaetse," ke moeti eo.
Bona ke bophelo boo Walter a seng a bo tlwaetse. Empa se tenang Walter le ho feta bophelong bona ba bonaledi, ke basadi bana ba mo akang le hona ho mo dumedisa ba na le maikemisetso a sele.
O kile a hasa dipapadi tse pedi tsa diolimpiki, Mohope wa Lefatshe wa Rugby ka 2003 mmoho le wa bolo wa ka 2006 mane Jeremane. O bolela hore e tla re ho fihla 2010, o tla be a se a hasitse dipapadi tse finyellang ho 400 ho TV.
Dilemong tse 29 feela tsa hae tsa bophelo, Walter o bolela ha a kgotsofetse ka seo a seng a se fihletse bophelong mme o bolela ha ba bang ba ka nka bophelo bohle ba bona ho fihlela sena. Leha ho le jwalo, o ntse a na le ditoro ka bokamoso ba hae.
Taba ya hae e bobebe: "O tlameha ho tlohela ntho ho sa le hotle."
2010 ke toro ya ka
Ka mora matsatsi a 30 a le mane Athens, dipapading tsa diolimpiki, o ne a romelwe Rio de Janeiro bakeng sa puisano ya matsatsi a robedi le eo e seng e le mokwetlisi wa Bafana Bafana, Carlos Alberto Parrerira.
Walter o bolela hore 2010 ha se toro ka mosebetsi wa hae feela, empa le ka bophelo ba hae. "Dilemo tse leshome tseo ke ipaletseng tsona ke le mosebetsing ona, di feela hantle selemo ka mora 2010," ke yena eo.
Ka mora moo, o ntse a lohotha ho tsipamisa kelello ya hae khampaneng ya hae ya taolo ya tsa dipapading.
Hara ba tswileng matsohong a khampane ena, re ka bala Happy Jele, eo e leng sebapadi sa morao, Mandla Masango ya seng a le ho Kaizer Chiefs eo ba mo reneketsang ka la Kaka mmoho le Dennis Mokoena, eo e leng moena Walter ya ho Maritzburg United eo hape a kileng a bapalla le sehlopha sa naha sa ba ka tlase ho dilemo tse 20.
Bashemane bana boraro ba bona ba tswa sehlopha sa Walter Stars, se dilemo di tsheletseng feela se thehilwe se bapalang ho liking ya Vodacom. Sehlopha sena o ne a se thehe mmoho le mosuwe wa hae wa mehleng Bongani Mabilisa.
"Ke maphathephathe mme ha ke fumane nako e anetseng ya ho shebana le sehlopha sena mme ke ka hona ke nahanang ho se rekisa."
Bophelo ba dipapadi
Dintho ha di a tloha di le bonolo letsibolong lena la bana ba bane ba German eo e leng mosuwehlooho le Betty Mokoena ba Bushbuckridge, Limpopo, ba neng ba fallele Middelburg ho la Mpumalanga.
"Ha re barui," ho rialo Walter. "Ka mora materiki, ka 1996, ke ne ke lebe Kapa ho ya iteka lehlohonolo bolong."
Sebapadi sena sa morao seo e boelang e be sethibathibane, se ne a iteke lehlohonolo ho Cape Town Spurs. Ka nako eo, Spurs e ne e na le dibapadi tse kang David Modise le Ian Gorowa, eo jwale e leng mokwetlise wa Moroka Swallows.
"Ke ne ke rate ho etsa mokgelo, bongata bo leba Joburg, empa nna ka kgetha Kapa," ke Walter a ntse a bonya.
Leha e sa ba sebapadi sa bolo, empa o re: "mosebetsi wa ka o ntse o atametse moo."
Se neng se etsahale ke hore bakeng sa ho ba sebapadi sa bolo, o bile sebohodi sa yona. O ne a qale ho Kaya FM pele a fetela televesheneng!
"Ke motlotlo ka katleho ya ka, tsohle ke mahlohonolo a Modimo, ke ne ke sa tseba hore O nthata hakana.
Seo nka le bolellang sona feela ke hore, latelang ditoro tsa lona," ao ke mantswe a Walter Mokoena thakeng tsa hae. " Bohle re na le neo ya rona, seo o tlamehang ho se hlokomela, ke ho se nyahamiswe ke batho."
O se mamele menyenyetsi ya batho! "Ha o ntse o etsa jwalo, o tla iponela," ke Walter a ntse a bonya.
Ke maikemisetso a entseng hore moshemane enwa wa Mpumalanga a iphumane a se a thulana ka mahetla le dinaledi tsa bolo tse kang Jomo Sono, Kalusha Bwalya, Bob Arum, Jose Sulaiman...ha re bala ba mmalwa.[s]
BONA SESOTHO - November 2007
O se a le malala-a-laotswe ho tobana le tse ding diphephetso - o rialo hobane, "jwalo ka Zinedine Zidane, o tlameha ho tlohela ho sa le monate" - empa ha jwale e ntse e le sebohodi se pele sa tsa dipapadi Afrika Borwa
Ke motho ya ikokobeditseng - leha ho le jwalo, Walter o re o emetse letsatsi leo basadi ba tla itlisa ka bo bona ho yena ka lona.
pale le ditshwantsho ka MAKATILE MEDIA
