sotho.2134.thin
BONTLE, ya dilemo di 17 o ne a qale a leka ho fokotsa boima ba mmele ho itokisetsa mokete wa motjeko wa materiki. O ne a enwa kofi le lehe le bedisitsweng feela bakeng sa dijo tsa hoseng, motsheare a eja apole mantsiboya e be lettuce le kase. Boima ba mmele ba theoha mme a tswelapele le mokgwa ona ho fihlela a akgeha ka le leng.
Ka mora hore Akhona (18) a utlwe hore motswallae o ne a phela ka dijo tseo hobane a batla ho ba mosesanyane, le yena a leka a hae matsapa - nako le nako ha a qeta ho ja, a hlatse. Qetellong ha iketsahalla.
Bontle o ne a se a kenwe ke lefu le bitswang 'anorexia nervosa' ha Akhona yena a ne a kenwe ke le bitswang 'bulimia nervosa'.
Babolayi ba babedi
Ao ke mafu a tlwaelehileng haholo a etsang hore batho ba se ke ba ja ka tshwanelo. 'Anorexia' e atisa ho hlasela batjha ba dilemo di ka tlasa ho tse 20 le basadi ba sa leng banyane mme sesosa sa yona se seholo ke ho tshaba monono.
Ha motho a ena le lefu lena, ha a je hohang leha a se a otile hobane yena a sa ipone. Ngwanana ya nang le lefu lena, ha a itjheba seiponeng kapa setshwantshong, o bona a ena le mafutshana a batlang ho fokotswa mmeleng oo o bohle ba bonang o otileng tlolo ya molao.
Lena la 'bulimia' lona le fapane ho la 'anorexia' hobane motho ha a tswafe ho ja. O ja haholo empa a di hlatse kaofela ka mora moo kapa a nwe dipidisi tse tshollisang. Le lona le rata ho hlasela batjha le basadi ba sa leng banyenyane dilemong.
Tjhebeho
Tjhebeho ke ntho ya bohlokwa haholo ho batjha. Bananyana ho tloha ba sa le banyenyane, ba hodiswa ba se ntse ba rutwa ka moo ho leng bohlokwa ka teng ho shebahala hantle mme ba bangata ba bona ba hole ba nahana hore ha ba ka nona hanyenyane feela, mmele ya bona e ke ke e hlole e fokotseha.
Ba dula ba kgathatsehile ba batla ho fokotsa boima ba mmele hobane ba nahana hore phetoho e etsahalang mmeleng ya bona ya ho hola, e ke ke ya hloka e tjhentjha ntle le hore ba nke bohato bo thata. Sesupo sa pele sa mathata ana se kenyeletsa le ho se itshepe ha motho; ho se kgotsofalle seemo sa hae; ho bona mmele ka mokgwa o mong (a ikutlwe ekare o nonne) hape a dule a etsa matsapa a ho ba le mmele o motle; haholo ha e le setho sa lelapa le nang le mathata a ho thefuleha moyeng; ho ena le mathata a maholo ka lapeng; motho a etswa lapeng le nang le pale ya tlhoriso ya thobalano kapa kgatello dipapading.
Ho ota haholo ho kotsi
Ho itima dijo ho kotsi haholo mme ho ka nna ha bolaya motho.
Bananyana ha ba otile ho feta tekanyo, mmele ya bona e ka nna ya hloka mafura a e thusang ho boloka ditho tse ding tsa mmele di phetse hantle.
Motho ya otileng tlolo ya molao, pelo, sebete le diphio tsa hae di ka nna tsa senyeha. Ditho tsohle tsa mmele wa hae di sebetsa butle le kgatello ya madi a hae e theohe, pelo e otle butle, a dule a hatsetse.
Bananyana bana ba qetella ba sa ye nakong ka tshwanelo, ba tshwarwe ke hlooho, le kelello e se sebetse hantle, ba ruruhe manonyello le masapo ka nako e nngwe a peperane.
'Anorexia' ena e tsa moriri o fothohe, manala a robehe, bohwete bo mele mmele kaofela. Maemong ana a ka nna a qella a shwele.
Athe 'bulimia' etsa motho a dule a longwa ke mala, a pipitletswe, a tshwarwe ke mmetso, a nyekelwe ke pelo mme diphio di utlwiswe bohloko ke ho hlatsa. Le meno a ka nna a qala ho bola ka lebaka la acid e tletseng ka maleng e tlang ka hanong nako le nako ha motho a hlatsa.
Le 'bulimia' le yona e etsa motho a se ye nakong ka tshwanelo, e leng se kotsi se etsang motho a qetelle a feletswe le ke di-mineral le potassium mmeleng e leng se etsang hore a be le mathata a lefu la pelo kapa a shwe.
Itokolle
Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke ho amohela hore o na le mathata. Ka mora moo a batle thuso.
Thuso e a fumaneha, ka hoo ha ho hlokahale hore o be lekgoba la mathata ana.
Rata mmele wa hao Batjha ba tlameha ho tseba hore ha ho motho ya nang le mmele o motle ka ho feletseng. Bonneteng, ke ba mmalwa haholo haeba ba le teng. Ha motho e se mmabotle, o lokela ho amohela nnete ena eo a ke keng a e tjhentjha mme a ithate a le jwalo ka ha a le jwalo.
Hopola hore mmele wa hao ke ona o tla o thusa ho fihlela sohle seo o se labalabelang bophelong. O rate, o o hlomphe mme o o fepe ka tshwanelo.
Etsa lethathama la dintho tseo o kgonang ho di etsa ka mmele wa hao.
Ela hloko ka seo mmele wa hao o kgonang ho se etsa letsatsi ka leng. Hopola hore ke ona sesebediswa sa bohlokwa hore o tsebe ho tobana le bophelo ha se ntho feela ya ho kgabisa.
Etsa lethathama la batho bao o ba ratang: ka lebaka la katleho ya bona.
O batla ho fokotsa boima ba mmele
Ho fokotsa boima ba mmele ha batjha ho ka nna ha tswa taolong mme ha fetoha lefu le tshabehang
e bokeleditswe ke PRIMROSE WILLIAMS
setshwantsho ka CLIVE THOMPSON
BONA SESOTHO - October 2005
Tsa batjha
t
t
BONA SESOTHO - October 2005
Thabela dibopeho tsa hao o se natse dikodi
Seo batswadi ba ka se etsang
Wena jwalo ka motswadi, ela hloko ha ngwana a se a tjhentjhile mokgwa oo a jang ka ona nako e telele. Ha se hangata batho bana ba dumelang hore ho na le phoso mme kgatello ya ba lelapa ke yona e ka thusang hore ngwana a fumane kalafo.
Hopola hore ho nka karolo ya bohlokwa tharollong ya mathata ana ho ka pholosa bophelo ba ngwana eo. Ha o nahana hore o na le mathata ka dijo, ho bohlokwa hore o mo batlele thuso hanghang. Ha mathata ana a fumanetswe kalafo a sa ntse a qala, a rarollwa ka katleho.
Ke tsena tse ding tsa dintho tseo o ka bonang ka tsona ha mathata a le teng:
A sa lape mme hape a sa tatele nako ya dijo.
A eja dijo tse ngata empa a sa none.
A dutse a enwa meriana kapa dipidisi tsa ho hlephisa mala.
A ikwetlisa tlolo ya molao kapa a kgathatsehile haholo ka monono.
A dutse a eya ntlwaneng jwalo ka mora dijo - a ka nna a bulela metsi pompong hore ho se utlwahale hore o a hlatsa.
A dutse a batla ho dula a le mong.[s]
