sotho.2113.bar
Nka! Tlefe! Tlefe!
O BATLA ho theola kgatello" Hobaneng o sa intshe o yo kgaola mme o otle motho" Ha, o ka kena mathateng - e seng China.
Ka ditefello tse itseng feela, Rising Sun Anger Release Bar e mane Nanjing e dumella batshehetsi ba yona ho hwelehetsa, ba pshwatle dikgalase...ba otle basebetsi ba teng ha ba rata.
Ha se ho fela! Haeba bohale bona ba bona bo sa fokotsehe le ka mora moo, bara e boetse hape e ba neha tshebeletso ya dikeletso tsa ho kgoba maikutlo tsa profeshenale!
Bareng ena ho hirwa dihanyatha tsa banna tse dilemo di ka hodimo ho tse 20 le tse 30 tse ikemiseditseng ho otlwa ka thata. Ba tena diaparo tsa ho itshireletsa mme nako le nako ba nehwa monyetla wa ho ikwetlisa. O ka boela wa bolela ka moo o batlang hore ba tene ka teng, mohlomong e mong a tene jwalo ka mohiri wa hao ya o tenang, o tle o tsebe ho mo otla hantle. Bara ena e butswe maqalong a selemo sena ke Wu Gong ya dilemo di 29, ya neng a kgahlwe ke dibara tsa mofuta ona mane Japan.
Ho bitsa ho tloha ho R40 le R300 hore batshehetsi ba fumane monyetla ona wa ho ntsha kgatello ya bona, hape ho ya ka moo ba batlang ho entsha ka teng.
Ho na le ba e nyefolang, ba reng leha mohopolo wa ho teteka motho ya tenneng jwalo ka mohiri wa hao ho ka nna ha thabisa batho ba bang empa nnete ke hore ntwa yona ha e so ka e rarolla mathata.
Leha ho le jwalo, ho na le ba e tshehetsang ka hohlehohle. "Setjhaba sa kajeno se phela tlasa kgatello mme ha ho moo batho ba ntshetsang bohale ba bona teng," ho boletse rakgwebo e mong.
Se makatsang ka ho fetisisa ke hore bongata ba batho ba tlang moo bareng ho tla ntsha bohlale ba bona, jwalo ka ha ba tshepisitswe... ke basadi! [s]
BONA SESOTHO - October 2006
Se e leke hohang lapeng!
pale ka ISAAC KWELA
Bara eo ba batlang hore le lwane ho yona mme le bolaye fenetjhare
BONA - August 2005
