sotho.2101.mokoena
a eja mabele
A balellwa hara bafu
KE motho wa dineo tse ngata, ke moruti, lethuela le moetapele wa setjhaba, empa hape o ntse a tswelapele le mosebetsi wa hae wa ho tjheseletsa ditshepe. Ke motho ya maphathephathe mme ho tsena tsohle, o ke se dumele hore Mobishopo Abram Mokoena, ke tsohane.
"Ntho e nngwe le e nngwe ke a iketsetsa ntle le ho thuswa ke motho," ke yena eo a ntse a kgwesa motjhini wa hae wa ho tjheseletsa.
O ne a kgaohe letsoho kotsing eo le mora wa hae a ne a hlokahalle ho yona. Mokoena, mohatsae Masesi, mora bona le ba bang, ba ne ba tswa hlopheng ha vene ya bone e ne e phethoha.
"Moraka o ne a hlokahale hanghang mme le nna ba ne ba nahana hore ke hlokahetse," ho hlalosa Mokoena. "Ho ne ho fele dihora tse hlano ba ntlohetse ke rapaletse ka thoko ho setopo sa moraka ka kgopolo ya hore le nna ke ne ke ile badimong. Ba bang bona ba ne ba potlakisetswe sepetleng hanghang.
"Ke ne ke phaphame sepetlele ke se ke ponngwe sephaka.
"Ke ne ke robehe moya, ka fihlelwa ke mohopolo wa hore ho fedile ka nna hobane ke ne ke sa tshepe hore mohatsaka le bana ba ne ba sa tla nkamohela ha ke se ke holofetse.
"Kgatello e ne e kokobele mohla mohatsaka a neng a nnetefaletsa hore a ke se ntshihi."
Ao e ne e be mantswe a kgothatso ditsebeng tsa Mokoena. Ka letsoho leo la hae le le leng, o ne a akanye moralo wa kereke ya Holy St Phillip Apostolic Church Of South Africa, eo kajeno a hasang Lentswe la Morena ho yona.
Ntle ho moo, o boetse hape ke hlooho ya mokgatlo wa polokeho setjhabeng (Community Police Forum) e boele e be modulasetulo wa mokgatlo o rarolla mathata diterekeng tse tharo tsa sebaka sa Orange Farm.
"Ha re na makgotla a dinyewe moo re qosang batho teng, seo re se etsang, ke ho leka ho rarolla mathata a malapa." Mokgatlo ona wa bona wa CPF, o se o atlehile ho fokotsa bonokwane sebakeng seo.
"Ha ke qetelle ka ho thusa bonokwaneng le mathateng a malapa feela, ke boetse hape ke thusa le ba se nang mahae le ba kulang."
O kopantse batjha ba dikereke tse fapaneng maanong a pokello ya ditjhelete. "Sena se thusa batjha ho ba le boikarabelo esitana le ho hapa bao ba tsamaelang hole le Ntlo ya Modimo."
Ho etsahalang ka mosebetsi wa hae wa bothuela? O ne a sa rate ho nka pitso ena ho fihlela a ba le toro e tshwanang makgetlo a mararo. "Ke ne ke lore ke kena koetseng mane Nokeng ya Lekwa, ke ilo nka masapo a ditaola ao ke neng ke tla laola ka ona," ke yena eo.
O re ntataemoholo e ne e le lethuela mme ya re ho hlokahaleng ha hae, ba habo, ba lahlela ditaola tsa hae nokeng ya Lekwa.
"Ba ne ba sa batle letho le amanang le bothuela mme ba lahla ditaola tseo ka kgopolo ya hore bothuela e tla ba bo tswile bo fedile lapeng leso," ho bolela Mokoena.
KE KA hona ba bangata habo ba neng ba mo phehisa ha a ba qoqela ka ditoro tsa hae.
"Se ka re kgutlisetsa mathata hle," ke seo a neng a se bolellwe. O ne a hlalosetse ba habo hore mokotla oo wa ditaola tsa ntataemoholo oo e saleng ba o lahlela koetseng dilemong tse fetang tse 24 tse fetileng, o se o hloka ho latwa.
Ntle le moo, ho hana ha hae ho amohela pitso eo, ho ne ho mmakela mathata.
"Ke ne ke se ke qala ho ba le mathata bophelong," ke yena eo. Ho na le nako eo ntataemoholo, a neng a mmolelle hantle sebaka seo a tlamehang ho lata teng ditaola tseo tsa hae.
"O ne a ntaele hore ke se phehisane le seo a neng a se bolela."
Mathata a mang ao ke neng ke na le ona, e ne e le a ho se tsebe ho sesa," ho rialo Mokoena.
Mohla monene, o ne a tsohe ha kgoho di theoha dikalaneng. "Ke ne ke sa rate ho fihla ka mora nako hobane ke ne ke lailwe ka thata torong hore mosebetsi ke o phethe pele tsatsi le tjhaba.
"Ntatemoholo le ba bang moo torong, ba ne ba tshepisitse hore re tla kopana lebopong la noka. Ka lebaka leo, ke ne ke nke tekesi ya pele ya 4.30am.
Leha e ne e le mariha, ha a ka a hlokomela hore a tle le kobo kapa yona ntho ya ho iphuthumetsa ha a tswa ka metsing.
"Se neng se mmakatsa haholo, ke hore ke ne ke sa tshabe le ho tshaba." ke yena eo.
HA A FIHLA, o ne a tlolele ka metsing sebakeng seo a neng a se bontshitswe torong a ntse a apere a feletse.
"Ke ne ke qete nako e ka etsang hora tse pedi ke ntse ke tsoma kwana le kwana ke sa fumane letho, empa qetellong ka o fumana mokotla," ho hlalosa yena. Ha a ne a qala bokomatsana, o ne a sa rate ha mohatsae a ya kerekeng.
"Ke ne ke sa e batle kereke," ke yena a ipuela nnete. "Jwalo ka motho ya neng a ithatela letsina, ha a ne a kgutla kerekeng, o ne a fumana ke kwetse heke ka maphaka a dibiri.
"Ke ne ke tlwaetse ho mo roma tameneng ho ya nthekela jwala a ntse a le diaparong tsa kereke."
Modimo ha O hlolwe ke letho, dintho di ne di fetohe. Yena ntataemoholo, o ne a fihle torong a tshwere sephadi, a fihla a mo badisa buka ya Isaia 44:1, mantsweng a reng: "Empa jwale, mamela Jakobo, mohlanka wa ka, le wena Iseraele eo ke o kgethileng...!"
Ya ba ke ho amohela ha Mokoena Lentswe la Modimo. Dilemong tse mmalwa ka mora moo, o ne a ithehele kereke eo kajeno e nang le makala a mahlano naheng ka bophara.
Kajeno, Mokoena le mohatsae, ka bobedi ke mathuela le baholo ba kereke... [s]
BONA SESOTHO June 2008
Modimo ke Radimakatso, ho lahlehelwa ha hae ke letsoho, ha ho a thibela moruti enwa hore a sebeletse setjhaba sa Morena... Pale ka Force Khashane, ditshwantsho ka Molefi Sebatie
PALE YA NNETE
Abram Mokoena o boele hape e be moetapele wa Holy St Phillip Apostolic Church Of South Africa.
Mobishopo enwa o tjheseletsa heke ya kerekeng le holo ya setjhaba.
Mokoena le mohatsae, Masesi, ba sebakeng seo ba bolokang methokgo ya bona ho sona.
BONA SESOTHO June 2008
