sotho.2087.muthi
re bua ka ditlhare
SEBOKENG se sa tswa tshwarelwa mane Yunivesithing ya Afrika Borwa, ho buuwe ka sehlooho se hlokolosi, se tlisang tsitsipano le tshabo, sa ho nehela ka ditho tsa mmele setjhabeng sa habo rona. Ho ile ha angwa dihlooho tse ngatanyana moo mme hara tsona ho kenyeletsa le tlhokeho ya ho nehela ka ditho tsa mmele mmoho le maikutlo a tumelo tse kang ya Ma-Islamic, Majuta le ya BoKreste tabeng ena.
Le nna ke ne ke le e mong wa dibui mme ke rata ho o kumela seo ke se boletseng moo.
Ha motho a bua ka taba ya ho nehela ka ditho tsa mmele setjhabeng sa Rantsho, o tlameha ho shebisisa dintlha tse ngatanyana tse kenyeletsang setso, tumelo kapa meetlo ho sa natsehe maemo a motho eo a thuto, tumelo kapa hore o dula mahaeng kapa ditoropong.
Ho nehela ka ditho tsa mmele ha se ntho eo batho ba batsho ba Afrika Borwa ba e natsang. Ha ba kgolwe e le tsela ya ho lelefatsa bophelo ba motho. Ntle ho moo, ho na le ba ratang ho patwa le ditho tsa bona tse feletseng.
Hopola hore motho ya seng a le siyo re mo hlompha haholo.
Ka Senyesemane o ka bolela hore motho o shwele, e seng ka Sesotho.
Re kgollwa hore ke phoofolo e shwang, motho yena o a hlokahala.
Re rialo hobane re kgollwa hore motho o e be a ithobaletse. Mabitla ke sebaka sa bohlokwa moo re tlamehang ho ya buisana le badimo teng, e leng bona ba re hlahlellang tsela bophelong. Ekaba sena se bolelang ha re tla tabeng ya ho fana ka ditho tsa mmele-
Kgwao eo re bang le yona mapabi le taba ena ya ho fana ka ditho, ke ya hore ha motho a se a fihla badimong le ditho tse sa fellang, ebe o tla amoheleha ho badimo kapa tjhe.
Seo se tla siela ba phelang mathata a kgalefo ya badimo. Potso e kgolo tabeng ena ke hore, ho etsahalang ha motho a kula mme a qetelle a kgaotswe setho se itseng sa mmele - le yena a ke ke a amohelehe badimong-
Motho eo o tla amoheleha badimong. Leha ho le jwalo, motho wa mofuta ona, o kena sehlopheng sa batho ba hlokahetseng dikotsing, dikoduweng esitana le ba nkilweng ke kgalefo ya badimo kapa leha e le motho ofe feela ya hlokahetseng diqhwebeshanong. Batho ba mofuta ona, hara dineo tseo ba nang le tsona, re ka bala ya boiphetetso.
Bathong bana re ka bala le batho ba sa kang ba etsetswa phupu e hlomphehang hobane ditopo tsa bona di sa ka tsa fumanwa ke ba habo bona.
Ho tsena tseo re seng re di boletse, ha ho se hanyetsanang le taba ya hore bana ba Rantsho ba pholose ba bang ka ho ba nehela ditho tsa mmele!
Ho ka nna ha etswa meetlo e kang ho phahla badimo oo ka ona ba tsebiswang hore mofu o tsamaile a se a se na setho se itseng. Mosebetsi wa mofuta oo, o ka etswa le ke motho ya ratang ho nehela ka setho sa mmele.
Ona moetlo o ka nna wa thusa le ya nehelwang setho seo hore a phakise a fole!
Ka hoo, haeba ho na le tlhokeho ya ho kgothaletsa thahasello ya phano ya ditho tsa mmele setjhabeng sa Rantsho, ho tlameha ho be teng tshebedisanommoho pakeng tsa dingaka tsa sekgowa le tsa setso, tseo e leng tsona tse tla etsetsa ba lakatsang ho fana ka ditho moetlo.
Ba seng ba kile ba nehela ka ditho ho ba leloko la habo bona, jwalo ka baneng, ho baena, dikgaitsedi kapa bona batswadi, le bona ba ka kgothatsa setjhaba ho neheleng ka ditho.
Sa bohlokwa ho feta, ho tlameha ho ba le tiisetso e etswang hore ha motho a se a dumetse ho fana ka ditho tsa hae ka mora lefu, setopo sa hae se ke ke sa retlwa se be se senyehe tshobotsi.[s]
Ho bolokehile ho
fana ka ditho
98 BONA SESOTHO - November 2007
ka FORCE KHASHANE
Ngolla ho Force bakeng sa dipotso tsa hao ka meriana, aterese ke: Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle e-mail ho: muthi@caxton.co.za
