sotho.2084.child safety
Polokeho ya bana
Bongata ba bana ba Afrika Borwa ba timelang dikotsing bo phetilwe habedi ho feta dinaheng tse ding- empa ha o tseba sesosa, o ka pholosa ngwanahao
pale ka PATRICIA McCRACKEN
setshwantsho VAL ADAMSON
ba ditshwantshong ke dibontshi
RE BOLAYA bana ba fetang 1 000 ka phoso ka selemo. Sepetlele sa bana sa Red Cross War Memorial se Kapa se alafa bana ba fetang 10 000 ba harohileng matswalo ka selemo mme ke sona feela sepetlele sa mofuta ona toropong eo.
Bana ba rona kamehla ba dutse ba bapalla kotsing mebileng esitana le ka malapeng mme ka moo ba hlekefetsehang ka teng mmeleng, ho a hlaka hore ha ba a bolokeha ho latela ka moo Mokgatlo wa Matjhaba wa tsa Bophelo bo Botle o bolelang ka teng ha ba tshwantshwa le bana ba dinaha tse kang Vietnam, China le Korea.
Dipalopalo tsena, ho rialo Professor Sebastian van As, molaodi wa Child Accident Prevention Foundation of SA (CAPFSA), ngwana wa Afrika Borwa o menyetleng e 10 ya ho tswa kotsi ha ho bapiswa le wa Jeremane yena ya monyetleng o le mong feela. Empa o dumela hore ho teng seo re ka se etsang ho ntlafatsa maemo ana.
Ba timella kae bana ba rona"
Ngwana a le mong ho ba bararo ba timelang mebileng ya rona, ke ba bapallang mebileng e tsebisahalang e le kotsi.
"Malekeisheneng mona ha ho le mabalang a nepahetseng a ho bapala," ho bolela yena Van As. "Nakong e nngwe ha ho tsela ya maoto haufi le mebila le metse ha a e kampelwa ho sireletsa bana bana. Ka hoo, ba qetella ba bapala mebileng moo ditekesi di nyolosang di theosa ka lebelo le tshabehang.
"Empa bana ba dilemong tse ka tlase ho tse robedi, ba kotsing e kgolo hobane ha ba so ka ba hola ka ho feletseng kelellong ho tobana le sephethephethe sa mebileng - ke bolela leha ba ile ba hlokomediswa. Ke ka hona o sa tlamehang ho ba tlohela ba tsamaye ntle le tataiso ya batswadi.
"A ko nahane feela ngwana ya dilemo di hlano a ntse twaila a le mong mmileng. Ha a ka thulwa ke koloi kapa yona terene, ke phoso ya mang" Eo e ebe e se kotsi, empa e ebe e le bohlaswa ba motswadi."
Hape o tla fumana hore ngwana a le mong ya tswang kotsi ho ba 12 o ebe e tlameha hore e be o bolokehile ka koloing - ka hoo, ka lebaka la hore bathong ba bahlano ba ka koloing, ke a le mong feela ya tlamang lebanta la pholoso, maemo a ho tswa kotsi a a nyoloha ho bana ba bane, ho rialo Van As.
"Bo bong bohlaswa ba batswadi, ke ho nna ba sika bana ka koloing," ke yena eo. Ke bolela le haeba e kgannwa ka lebelo la 50km/h, ha ho ka etsahala kotsi, ngwana eo a ka tswa ka fensetere jwalo ka tholwana."
Jwalo ka ha hlooho e le yona e boima mmejaneng oo o bobebe, ke yona e ka thulanang ka potlako ho dashboard kapa hona fensetereng a wele fatshe. Sena se bolela hore bana ke bona ba lemalang haholo hloohong dikotsing tsa dikoloi ho feta batho ba baholo.
Ke sefe se bolayang bana ba rona"
u Metsi: ngwana a le mong ho ba tsheletseng o a timela ka tsohanyetso ke metsi.
"Ngwana e monyane a ka shwa metsotswaneng e 30 a qwetse metsing," ho hlokomedisa Van As.
u Ho tjha: ho tjha ho bolaya ngwana a le mong ho ba tsheletseng, ba tjhang.
"Mollo o kotsi haholoholo malakabe a kang a setofo, ho rialo Van As. "Bongata ba bona bo lemalla malapeng, ba bane ho ba bahlano bona ba ntshwa kotsi ke mekedikedi e tjhesang.
"Ho na le ba bang ba tjheswang ke metlakase, haholoholo moo o hokahantsweng ka tsela e seng molaong."
u Ya ho qetela, ho na le bana ba iphumanang ba le merusung, batswadi ba bona ba dutse ba ntshetsana dithunya kgafetsa. Hona jwale, ngwana ya Kapa o ba kotsing ya merusu makgetlo a 25 ho feta ya Birmingham, England.
"Re dula setjhabeng se merusu moo motho a qobang ditholwana tse ka bang 2 000 ka kgwedi," ho ntse ho bolela yena Prof Van As.
"Ha ke bone hore re ka re e ebe e le kotsi ha ngwana a ka otlwa ke tholwana eo - ke rialo hobane ho ebe ho se tlhokeho ya morusu oo.
Afrika Borwa, bana ba dutse ba le kotsing ka lebaka la tikoloho eo ba phelang ho yona, eo e leng tikoloho e loketseng batho ba baholo.
"E nngwe ntho ke hobane o tla fumana hore ho dula batho ba maemo a sa lekaneng mmoho, ke bolela ba futsanehileng le barui," ho bolela yena Van As.
"Ho na le mekhukhu e teteaneng haufi le mebila e meholo e lokolohileng. Moo he ho sebediswa ditofo tsa parafine athe hape ba bapalla bolo lebabading."
Empa he ha re a tlameha ho hlolwa ke dintho tsena kaofela," e ntse e le yena Van As. Setjhaba se ka ipopa ngatananngwe ho lwantshana le mathata ana molemong wa bana ba sona. E nngwe tharollo ke ho hlokomela bana ba rona...
Pholosa ngwana dikotsing tsena
Bana ba dilemo di ka hodimo ho tse nne ba atisa ho timela dikotsing ho ena le ho kenwa ke mafu. Empa Professor Van As wa CAPFSA o bolela hore dikotsi tse ngata ke tseo motho a ka di qobang, jwalo ka ha dipersente tse 70 di etsahala malapeng.
Se hlokohalang ke ho ruta bana hore ba tsebe ho itlhokomela ha ba ntse ba hola. Bana ba dilemong tse ka tlase ho tse robedi, ha ba kgone ho itlhokomela kapa hona ho hlokomela ba bang jwalo ka ha kelello ya bona e sa fokola.
Ho se hlokomele ngwanahao ka lebaka la hore o dutse o kgathetse ho a makatsa. Hopola hore mona re bua ka bophelo ba bana ba hao, ka hoo, phaphama - ipopeng ngatananngwe le le bomme le hlokomele bana ba lona.
Ke tsena dikeletso tsa Prof Van As le CAPFSA:
KOTSI 1: Bana ba bangata ba timela ka lebaka la makoloi, e le ditaaso kapa e le bapalami. Kotara ya bana ba Khayelitsha ba amohelwang Sepetleleng sa Sefapano se Sefubedu mane Kapa, ke ba thutsweng ke dikoloi
Ho ka etswang: Ruta bana ba hao ka tsa polokeho mmileng hang ha ba qala ho tseba ho tsamaya. Hopola hore ngwana ya dilemo di ka tlase ho tse robedi, o ntse a hloka tataiso ha a tshela mmila. Netefatsa hore ngwanahao o bapalla sebakeng se kampetsweng, le heke e notlelwe hore a se tswele mmileng.
KOTSI 2: Metsi a dutse a le haufi le rona mme a bolaya ka metsotswana feela - lapeng dinkgong le dibateng; kantle teng ke matamo a ho sesa le dinoka. Ngwana a le mong ho ba tsheletseng o timela ka lebaka la ho kgangwa ke metsi, ho bolela ba ha CAPFSA. Ba kotsing haholo ke ba selemo ho ya ho tse robedi le ba baholo ho moo ba sa tsebeng ho sesa.
Re ka etsa jwang: Tataisa ngwanahao ha a le ka metsing kapa o se mo sihe a le mong ka metsing. Boloka dinkgo tsa metsi di kwahetswe.
Se dumelle bana ho sesa ba le bang kapa hona ho bapalla haufi le metsi.
Bana ba dilemo di 12 ba ka rutwa ho sesa. Haeba le etetse moo ho nang le letamo la ho sesa le sa kampelwang, netefatsa hore ngwana o dutse a le mahlong a hao.
KOTSI 3: Ke bana ba ka bang 500 ba alafelwang ho tjha mane Sepetleleng sa Sefapano se Sefubedu. Ke maemo a phahameng lefatsheng ka bophara jwalo ka ha a le mong ho ba supileng a timela.
Re ka etsa jwang: Tima kerese, setofo, lebone le hitara. Tlosa mollo le mekedikedi e meng e amohelang malakabe haufi le bana. Ngwana a se atamele malakabeng hobane diaparo tsa hae di ka nna tsa a nanabela. Se tsubele ka tlung ya ho robala jwalo ka ha ho le kotsi ha o ka robala o ntse o tsuba. Se omise diaparo ka mollo kapa hitara. Hlokomela ho imetsa dithapo tsa motlakase, o hlokomele le tse tsofetseng.
KOTSI 4: Bana ba dilemong di ka tlase ho tse hlano ba kotsing ya ho tjha lapeng ka metsotswana. Ba bane ho ba bahlano ba tjheswa ke mekedikedi, ka hoo, hlokomela ketjhini ya hao. Dipolaka tsa motlakase le tsona di kotsi hobane bana ba ka kenya menwana ho tsona.
Re ka etsa jwang: Beha ditofo moo bana ba ke keng ba kgona ho di nanabela. Hape behella dikopi tsa tee bohareng ba tafole - hape o hlokomele a se hule lesela la tafole. Ho seng jwalo, sebedisa diphate tsena tsa tafoleng.
Netefatsa hore ha ba kgone ho nanabela ketlele ya motlakase. Hlokomela aene, haeba o bitswa ke mohala ka potlako, e tlose, o e behe sebakeng se bolokehileng pele. Ntsha disebediswa tsa motlakase motlakaseng ha di sa sebediswe, o kwahele dipolaka. Qala ka ho utlwa mofuthu wa metsi pele o kenya ngwana ho ona ha o mo hlapisa, hape o se tlohele pompo ya metsi a tjhesang e butswe ho se motho ya e lebetseng.
KOTSI 5: Bana ba selemo ho ya ho tse nne, ba atisa ho ja tjhefo hobane ba rata ho tshwara tshwara dintho tse haufi le bona. Ba ka hodimo ho 500 ba amohelwang sepetlele sa bana ba ebe ba jele tjhefo tsena tse sebedisetswang ho hlwekisa ka tlung kapa tsa ho bolaya ditweba.
Re ka etsa jwang: Tharollo ke ho notlela dikhabathe moo tjhefo tse kang parafine le tse ding tsa ho hlwekisa di bolokilweng teng. O sa etseng jwalo, di boloke rakeng hodimo moo ba ke keng ba di fihlela.
Tshela parafine maphakeng a bolokehileng. Le ha ho bitsa, o ebe o pholosa ngwanahao. Se leke o tshele parafine dibotlolong tsa dino moo le motho e moholo a ka e nwang ka phoso.
KOTSI 6: Masea a ka tlase ho selemo, a atisa ho qhwelwa le ho bipetsana. Sepetlele sena se amohela bana ba ka bang 800 ba mathateng ana ka selemo. Ba fetang lekgolo ba a timela.
Re ka etsa jwang: Se tlohele lesea hore le itjese. Se ba nehe ditami tsa nang le kgwele e telele. Masea a a rata ho kenya dintho ka hanong, ka hoo, tlosa dintho tse nyane tse kang tjhelete, dikonopo haufi le bona hobane di ka ba kgama. Tlosa dipolasitiki le dikgwele haufi le bona. Se nehe bana ba dilemo di ka tlase ho tse hlano matokomane hobane ha a hlafunehe ka bonolo. Ba rute hore ba se mathe ba ntse ba eja.
KOTSI 7: Sepetlele sena sa bana se alafa bana ba ka bang 2 000 ba lemaditsweng ke ho wa betheng, ditepising kapa ba bapala. Ho bobebe baneng ba banyane ho lemala hloohong - haholoholo ba ka tlase ho selemo.
Mabala a mangata a kotsi hobane a mababading. Ho ka ba molemo ha ho ka kengwa rekere, ho rialo Prof Van As, empa jwanng le lehlabathe di betere haholo.
Re ka etsa jwang: Se sihe lesea le dikgwedi di ka tlase ho tse tharo le inotsi betheng. Netefatsa hore bethe e na le dintho tsa ho sireletsa mahlakoreng. Se dumelle bana ba dilemo di ka tlase ho tse hlano ho robala ba le bang betheng e phahameng. Hlokomela ho thella fatshe. Hlokomela dintlha tsa dihuku tsena tsa ditafole, diforanta tse phahameng le difenstere.
KOTSI 8: Ho sehwa ke kotsi e etsahallang baneng bohle.
Re ka etsa jwang: Ntle le dibotlolo tse pshatlehileng, re tlameha ho hlokomela dintho tse bohale jwalo ka dithipa le dikere haufi le bana.
Ruta bana ho se mathe le dintho tse bohale - tse kang dipene di le ka hanong kapa tsona dikere. Boloka mahare sebakeng se phahameng. Lahla dintho tsa ho bapala tse robehileng. [s]
BONA SESOTHO - March 2007
Pholosa bana ba kotsing
BONA SESOTHO - March 2007
Ngwana a ka timela metsotswaneng e 30 a qwetse metsing.
u
t
Se dumelle lesea ho itjesa
14 BONA SESOTHO - March 2007
Bana ba a rata ho bapalla dipolakeng tsa motlakase.
Se sihe disebediswa tsa motlakase ho se ya di lebetseng
BONA SESOTHO - March 2007 15
