sotho.2081.yourlifeguide_muthi
Na Moriana o ka thusa
YA ipolayANG"
Ebe ho na le seo mathuela le dingaka tsa setho di ka se etsang tharollong ya mathata a Afrika Borwa a palo e kgolo ya batho ba ipolayang"
HO THWE ho Maafrika Borwa a 10, a le mong wa bona a ka nna a ipolaya neng kapa neng. Pelobohloko, ho kula, dikgohlahano ka malapeng, bonokwane, kgatello, ho fellwa ke mosebetsi - ke tse ding tsa tse mmalwa feela tse susumeletsang batho hore ba qetelle ba nahanne ka tshitabaholo ena.
Na moriana o ka thusa" Se sebe ka ho fetisisa, ho belaellwa le boloi mathateng ao ohle.
Ho na le meriana ya sejwalejwale e thusang ho fokotsa kgatello e matla ya maikutlo, eo e leng sesosa se seholo sa ho ipolaya. Hape ho na le ditsebi tsa kelello le tsa profeshenale tse rupelletsweng ho thoba ba bang maikutlo, (ho balellwa le baruti).
Mathuela a kena kae"
"Rona mathuela re na le leano la rona leo re le sebedisang ho thoba batho maikutlo ka nako eo re ba laolang," ho bolela Martha Mongoya, ya dilemo di 15 e le lethuela.
"Ke ka hona re nkang nako e telele re buisana le mokudi. Re kgona ho bona mathata a motho, a mo susumeletsang ho batla ho ipolaya, ka thuso ya ditaola mme re bone hore a ka rarolloha ka meriana kapa tjhe."
Leha ho le jwalo, ntate Lamola, ya dilemo di 25 a alafa ka mokgwa wa setho, o re ka nako e nngwe batho ba susumeletswa ho ipolaya ke boloi. O re baloi ba tseba ho etsa meya e mebe, e ka bitswang "dithokolosi" tseo ba di romang ho ya hlekefetsa batho ho fihlela ba ipolaya. Di matla mme di ka susumetsa motho hore a itahlele ka pele terene e matha.
O eletsa ba tetebetseng maikutlo le ba ikutlwang eka ba a hlanya - ho ya batla kalafo ka pele. O re baloi ba tseba ho fetola dimela tse se nang kotsi hore di be kotsi haholo. Empa ho ya ka boiphihlelo ba hae, dingaka tsa setho le mathuela di ka kgona ho bona mofuta wa moriana mme di o tswake le e meng ho o ntsha mothong eo ya amehang.
O re motho ha a ile lethueleng le nang le boiphihlelo bo ka hodimo ho dilemo tse 15. "O hloka boiphihlelo bo jwalo - hore o laole hantle le ho tswaka meriana ka tshwanelo - haholoholo ha motho a ena le mathata a ho batla ho ipolaya," ho bolela yena.
Dithokolosi di ntshwa ka hore mokudi a komiswe moriana o ikgethang mme a boele a tsebuswe o mong. "Hona ho tla thusa ho phodisa kelello," ho bolela Lamola.
Wellington Solonzi yena o dilemo di 25 e le moeletsi mme o dumela ha mathata a ho batla ho ipolaya a ka fediswa ka hore o bue le mokudi hore a tsebe ho hlalosa mathata a mo ngongorehisang.
O re monna e mong ya neng a batla ho ikakgela ka nokeng, eitse hoba a hlolehe, a leka ho ipolaya ka kgase ka koloing ya hae. Wellington o re eitse ha a bua le yena, a mo bolella hore moratuwa wa hae o ile a mo hlala ka mora hore a be le mathata a tjhelete. "O ne a se a ratana le mosadi e mong jwale mme a re moratuwa wa hae wa mehleng le yena o ne a mo tseka.
"Sena se ne se etse hore ke belaelle moratuwa eo wa hae ka boloi." Athe mohlankana e mong yena o ne a itahlele ka pela terene, empa a pholoha.
"Ka hlokomela moqoqong wa rona hore o ne a utswa dikoloi," ho bolela Wellington. "A lla a re o nahana hore batho bao a neng a ba utswetsa ba mo loile, ba batla a sotlele."
Ke bona ekare ke yena ya neng a ikentse bomadimabe. Ho nahana ka ho ipolaya jwale ha a se a lokela ho tobana le sephetho sa bonokwane ba hae ke ne ke bona e le bokwala bo makatsang. [s]
Ngolla Force ho: Muthi Talk, Box 473014, Parklands, 2121, e-mail: muthi@caxton.co.za
KALAFO YA SETHO
Dithokolosi di matla hoo di ka o susumeletsang motho ho itahlela ka pela terene e tsamaya!
DITLHARE
A RE BENG LE TLHOKOMELO
Palo e kgolo ya batho ba ipolayang Afrika Borwa, ke sesupo se seng sa hore Maafrika ha a sa na botho. Ha ho sa thusanwa ke malapa, le metswalle. Baahisane ke bona batho ba bohlokwa ba ho bona hang ha mathata a hlaha.
