sotho.2067.legendssep (2)
Roma e ne e buse lefatshe lohle mehleng ya boholoholo empa mogenerale wa Carthage, ka Leboya ho Afrika o ne a batle a tjhentjha seo sohle...
NAHANA feela naha e nyenyane jwalo ka...mohlomong Afrika Borwa e hlasela e kgolo jwalo ka Amerika e bileng e dutseng e thabela ho hloma e hlasela! Ha le wena o nahana hore o ka etsa jwalo, o ne o ka ba motshehetsi ya matla wa Hannibal wa Carthage, mogenerale wa Moafrika ya neng a hlole Mmuso wa Maroma, dintweng tse tharo ka tatellano eo le kajeno lebitso la hae le ntseng le ballwa hara bahale ba Maafrika.
Carthage (kapa "New City") e ne e thehwe ke Mo-Phoenicia e mong dilemong tsa bo 815BC naheng eo kajeno e seng e bitswa Tunisia. Maqalong a dilemo tsa bo 1500 pele tshusumetso ya Carthage e ne e se e nametse le lebopong le ka Leboya ho Afrika ho tloha Morocco ho ya moeding wa Ekgepeta.
Ka nako eo Hannibal a se kokomalang se maratswana, o ne a ala letsoho ho ya fihlella le Spain.
Ba hloleha ho namela ka leboya ho Yuropa, ba kwalwa ke Mmuso wa Maroma o neng o le matla haholo ka nako eo, o bile o ena le sesole se dikgoka. Roma e ne e se e hlotse Carthage mohwantong o mong wa hae mme ho bonahala ekare ntata Hannibal o ne a mo kenye moya wa hore a sebeletse ho lwantsha mmuso wa Maroma bophelo bohle ba hae.
Hannibal, ya neng a hlahe ka 247BC eo lebitso la hae le bolelang hore ke "Beloved Of Baal" (e mong wa medimo e neng e rapelwa Carthage), ho bolelwa ha a ne a arabe: "Ke a ikana hore ha feela bophelo bo sa ntse bo ntumella, ke tla o fedisa mmuso wa Maroma."
O boloka dikano
Ka mora ho ba moetapele wa sesole, Hannibal a dula dilemo tse pedi kaofela Spain a phetha dithuto tsa sesole se neng se qadilwe ke ntatae.
Ka 219BC, a ba maemong a ho phethisa dikano tsa hae. O ne a se a ka hwanta ho ya kenella harehare ho naha ya Italy. Dikgweding tse tsheletseng ka mora hore a tswe Spain, a kopana le mathata a mang - dithaba tsa Alps di rapaletse ka pela hae le ba direng.
Masole a Hannibal ka nako eo a ne a ballwa ho 38 000 a tsamayang ka maoto, 8 000 e kaletse dipere le ditlou tsa ntwa di le 37, mme katleho ya hae ya ho hlwella ka nqane ho dithaba tsa Alps ya eba e kgolo ho di feta kaofela nalaneng ya dintwa tsa mehleng eo.
A tobane le maemo a lehodimo a mabe esitana le ntwa ya baahi ba dinaha tseo a parolang hara tsona, Hannibal ho thwe o ne a lahlehelwe ka banna ba ka fihlellang ho 20 000 ba sa ya feela ntweng moo. E ne e be lekgetlo la pele Maroma a peretliswa ke ba direng mme ba bangata ba ne ba makale haholo, ba ipotsa dipotso.
Neng, Roma...
Pele ho nako e kae Hannibal a be se a laola le sesole sa ka leboya ho Italy. A tshohile a le jwalo, Maroma a ntsha bagenerale ba babedi hore ba sireletse mmuso - Cnaeus Servilius, ka botjhabela ha Gaius Flaminius, a bile ka bophirima.
Hannibal a ripitla ntho yohle a ba a fihlella le ho Flaminius ka sebele, a hata a kena ka hare ho naha ya Roma. Jwalo ka ha Hannibal a ne a lakatsa, Flaminius a tla a mo latela. Ntweng e latelang eo, jwale Maroma a rapitlwa hohang mme le Flaminius a sala kgotla.
Motse moholo wa Roma jwale wa ba matsohong a Hannibal. Empa o ne a se a se na dibetsa le banna ba lekaneng ho nkela toropo eo matsohong a hae. Bakeng sa seo, a kenella bohareng ho elella Italy.
"Ke ne ke sa tla lwantsha Matadiana," o boletse jwalo, "empa ke lwantsha Maroma lebitsong la ona."
Ka mokgwa wa Fabian
Quintus Fabius Maximus ya eba yena mogenerale ya latelang ho sireletsa naha.
A loha maano a ho lwana a sa lebe ka mapatlelong a bulehileng ha ka nako eo a leka ho kenya masole a hae harehare ka hara a Hannibal. A hulela masole a hae hore a hlwelle tlhorong ya thaba e le hore qetellong ba tle ba ba lwantshe ba ba hlaha ka hodimo.
A kgathatseha ha a bona masole a hae a wa ka bongata - ka nako eo Hannibal a qala ho hlasela Campania, e nngwe ya mabatowa a maholo a Italy, ka tshepo ya hore Fabius o tla kena lepatlelong le bulehileng ba tsebe ho nkgisetsana mahafi. Empa a pala.
Sa bohlokwa ya ba hore jwale Hannibal a hulela ka leboya ho Italy ho balehela mariha - empa Fabius o ne a netefaditse hore o kwetse makgalo ohle. Ka mora ho kgetha lekgalo la ho kena, Hannibal a tlamella dithotjhe tse kgantshitseng manakeng a dikgomo. Banna ba kganna mohlape wa dikgomo ho hlwella hodima thaba hara la monka ntjana lefifi mme Maroma a lebetseng motse a nahana hore a bone Ma-Carthagin. Ba theoha thaba hang ka mora hore sesole sa Hannibal se fete. Fabius, a nyefolwa ke Maroma a re ke lekwala mme a theolwa maemo a boetapele.
Tlholo e kgolo
Mohwantong wa bona wa dilemong tsa bo 216 BC, Hannibal a bona toropo ya Cannae, mohlodi wa moruo wa Roma. Ba kgahlanyetswa ke sesole se ka fihlellang ho 100 000. Eitse ha Ntwa ya Cannae e fela, ha be ho setse banna ba ka bang 70 000 kgotla. Tlholo e tshabehang paleng ya Seroma, e bileng le tshollo ya madi e tshabehang hara tsohle tse kileng tsa eba teng.
Maroma jwale a qala ho hlokomela hore leano le leng feela la ho hlola Hannibal, ke lona lane la Fabius. Ba dula ba beile sesole sa Hannibal leihlo mme ba se lwantsha ha feela monyetla o tla ba tswela molemo o hlaha, ba kgetha ho mo ngongorehisa ho ena le ho dula ba mo qakehisitse.
Ba hlasela le bona
Ka nako eo masole a mang a Carthage le a Hannibal a ne a se a qala ho theha dikamano tsa kgotso. Maroma ka lehlakoreng le leng a ntse a hlophisa masole a mang a ka hodimo hole ka palo ho a ba direng hore a tsebe ho hlola mme a tshehetswa le ke dinaha tse ding.
Qetellong a ya a hlokomela hore ba ke ke ba hlola banna bana ka ntwa. "Ho ya mafelong a ntwa ho ne ho se ho bonahala mohlape wa diphoofolo o ka hodimo ho masole ka palo, o latela Hannibal ya neng a se a lemetse," ho boletse sengodi se seng, Leonard Cottrell.
"Ha a hetla feela, ho sisinyehe ntho yohle ka mora hae. Ka nako e nngwe a tsamaye a ipata a sa batle ho bonwa hore o a lla, a opelwa. "A tsamaye a le mong, ha a utlwa diqi a fetohe ha bohloko." Ka 203BC, ka mora dilemo tse ka bang 15 a etelletse pele ntwa kgahlano le setjhaba sa Italy, Hannibal a bitswa mane Carthage ho tla etella pele sesole ho sireletsa naha ya habo kgahlano le Maroma a neng a kenella ho yona ka dikgoka tsena tse haesale tlasa taolo ya Scipio Africanus.
Hannibal a ngala naheng ya habo. A sebeletsa mebuso e fapaneng ya dinaha tsa Middle East - mme a nehwa tlotla ya ho ba mogenerale wa pele wa ho lwana "ntwa ka meriana". Ha ba ne ba lwana lewatle, banna ba hae ba ne ba akgela meqomohadi ya dinoha tse nang le tjhefo e kotsikotsi ka lehlakoreng leo ba direng ba tlang ho hlaha ka ho lona!
Qetellong mohale enwa ya neng a phele botshong, ho a swabisa hore o ne a ipolaye ka nako eo a neng a se a fokollwa ke bophelo. [s]
BONA SESOTHO - September 2006
pale ka WALTON GOLIGHTLY
Hannibal
Ke maphela botshong
BONA SESOTHO - September 2006
