sotho.2061.sonny
Dithothokiso
O ikahela lebitso
Ha a sebeletse tjhelete, o na le tumelo ya hore dithothokiso di ka thabiso lefatshe
SONNY Holworthy Motsamai ya dilemo di 27, o hlakisa molemo wa dithothokiso. Moshemane enwa wa Tumahole, lebatoweng la Foreisitata, o se a ikgapetse dikgau tse ngata kwano le matjhabeng mme ngwahola o ne a emetse Afrika Borwa ho International Rendezvous Poetry Festival ya bo 12 mane Harlem, New York.
Hona ngwahola, o ne a emele Afrika Borwa mane Tokyo, Japan, tlhodisanong ya matjhaba ya Bonono le Meetlo.
Ka ho ya ka Sonny, dithothokiso ha se tse fumanehang dibukeng tsa sekolo feela.
"Ho nna ke ntho e mading!" "Ke mathulahohle, o ka hlaba batho malotsana ka yona, wa ruta kapa hona ho thabisa batho ka yona.
"Ke motlotlo ho emela Afrika Borwa," ke yena ka motlotlo.
Sonny, eo jwale a dulang Randburg, o ne a qale ho ngola dithothokiso ka 1998. E se e le ona mosebetsi wa hae wa kamehla. Empa he ha se tjhelete e mo kentseng mosebetsing ona, ke lerato.
Leha a se a hapile dikgau tse ngata, empa o ntse a so atlehe ka ho phethahetseng.
Hona jwale, ka 2005, o ne a hape American Poetry Award, empa a hloleha ho ya e amohela ka lebaka la ho hloka tjhelete ya sefofane.
Sandton Youth Development Forum, e kile ya mo tshehetsa maetong a hae a mangata.
"Ke ne ke kopane le mathata a tshwanang le ngwahola, le teng ke ne ke thuswe ke ona mokgatlo ona hore ke kgone ho ya emela naha ya heso matjhabeng," ke yena eo.
Sonny, eo hape e leng sebini sa R&B le jazz, o ithoka le mona mabenkeleng a dijo, ho di-nightclub le mathathameng a mabenkele mme o fetola maikutlo a batho ka bonono bona. [s]
BONA SESOTHO - October 2007
Sonny Motsamai, seroki o tlisang dithothokiso bathong - o beha Afrika Borwa mmapeng wa matjhaba ka dithoko.
pale le ditshwantsho ka SIDWELL GUDUKA
di mading!
BONA - August 2007
